-
Basebetsi Tšimong ea MeraraMolula-Qhooa—1989 | August 15
-
-
Qetellong, letsatsi la mosebetsi la tšoantšetso o fela ka lefu la Jesu, ’me ho tla nako ea ho lefa basebetsi. Ho lateloa motheo o sa tloaelehang oa ho lefa ba morao pele, joalokaha ho hlalosoa: “Hoba e be mantsiboea, mong a tšimo ea merara a re ho mohlahlobi oa ntlo ea hae: Bitsa balemi [“basebetsi,” NW], u ba nee moputso oa bona; u qale ka ba morao, u qetelle ka ba pele. Ba memiloeng e batlile ho ba hora ea leshome le motso o mong, ha ba e-tla, e mong le e mong a fumana denare. Ba pele, ha ba e-tla, ba hlōma ba tla neoa ho fetisang; empa le bona ba neoa e mong le e mong denare. Ha ba e nkile, ba khanana ho mong a ntlo, ba re: Bao ba morao ba sebelitse hora e le ’ngoe feela, ’me u ba lekantse le rōna, ba jereng boima ba letsatsi le ho chesa ha lona! A araba, a re ho e mong oa bona: Molekan’a ka, ha ke u je; ana ha ua lumellana le ’na ka denare e le ’ngoe feela na? Nka ntho ea hao, u ikele; ke rata ho nea enoa oa morao joalo ka ha ke u neile. Kapa ha hoa ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mōna kahobane ke le molemo na?” Ha a qetella Jesu o pheta ntlha eo a e buileng pelenyana, o re: “Ka mokhoa o joalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.”
Ho amoheloa ha denare ho etsahetse, e seng ka lefu la Jesu, empa ka Pentakonta 33 C.E., ha Kreste, “mohlahlobi oa ntlo,” a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba hae. Barutuoa bana ba Jesu ba ne ba tšoana le “ba morao,” kapa basebetsi ba hora ea bo11. Denare e ne e sa emele mpho ea moea o halalelang ka booona. Denare e ne e le ntho e ’ngoe bakeng sa hore barutuoa ba e sebelise mona lefatšeng. E ne e le ntho e ’ngoe e neng e bolela bophelo ba bona, bophelo ba bona bo sa feleng. E ne e le tokelo ea ho ba Moiseraele oa moea, ba tlotselitsoe ho bolela ka ’Muso oa Molimo.
Kapele ba hiriloeng pele ba ile ba hlokomela hore barutuoa ba Jesu ba lefiloe, ’me ba ba bona ha ba sebelisa denare ea tšoantšetso. Empa ba ne ba batla ho fetang moea o halalelang hammoho le litokelo tsa ’ona tsa ’Muso. Ho korotla ha bona le lipelaelo ho ile ha nka sebōpeho sa ho hlorisa barutuoa ba Kreste, basebetsi “ba morao” tšimong ea merara.
-
-
Basebetsi Tšimong ea MeraraMolula-Qhooa—1989 | August 15
-
-
Na phethahatso eo ea lekholong la pele la lilemo ke eona feela phethahatso ea papiso ea Jesu? Che, baruti ba Bokreste-’mōtoana lekholong lena la bo20 la lilemo, ka lebaka la boemo ba bona le boikarabello ba bona, e bile “ba pele” ba ho hireloa mosebetsi tšimong ea Molimo ea merara ea tšoantšetso. Ba ile ba nka baboleli ba inehetseng ba kopanelang le Watch Tower Bible and Tract Society e le “ba morao” ba ho fumana kabelo leha e le efe ea bohlokoa tšebeletsong ea Molimo. Empa, ha e le hantle, ke bona bana bao baruti ba ba nyelisitseng ba ileng ba fumana denare—tlotla ea ho sebeletsa e le baemeli ba tlotsitsoeng ba ’Muso oa Molimo oa leholimo. Mattheu 19:30–20:1-16.
-