Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • 1-3. Jesu o ile a etsa’ng ha a fumana hore batho ba ne ba silafalitse tempele?

      JESU o ne a hlompha tempele e neng e le Jerusalema haholo kaha o ne a tseba hore na e ne e emela eng. Haesale tempele e le setsi sa bolumeli ba ’nete mona lefatšeng. Empa bolumeli boo, e leng bolumeli ba Molimo ea halalelang, Jehova, bo lokela ho hloeka. Ak’u nahane kamoo Jesu a ileng a ikutloa kateng ha a ne a tla tempeleng ka Nisane 10, ka selemo sa 33 ’me a fumana e silafalitsoe. Ho ne ho etsahala’ng?—Bala Matheu 21:12, 13.

      2 Barekisi ba meharo le batho ba hirisang chelete ba ne ba hanyapetsa batho ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo, Lebaleng la Balichaba.a Jesu o ile a “phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete.” (Bapisa Nehemia 13:7-9.) O ile a nyatsa banna bao ka hore ba fetotse ntlo ea Ntate oa hae “lehaha la masholu.” Ka ho etsa joalo Jesu o ile a bontša hore o hlompha tempele le seo e neng e se emela. O ne a batla hore borapeli ba Ntate oa hae bo lule bo hloekile!

  • Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • a Bajuda ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho sebelisa chelete e sebelisoang moo ho lefella lekhetho la tempele la selemo le selemo ’me batho ba hirisang chelete ba ne ba lefisa batho ha ba ba chenchela chelete e sebelisoang moo. Ho phaella moo, ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho reka liphoofolo tsa mahlabelo. E ka ’na eaba Jesu o ile a bitsa bahoebi bao “masholu,” hobane ba ne ba hanyapetsa batho ha ba ba lefisa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela