-
Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?Molula-Qhooa—1999 | January 15
-
-
KE HOBANE’NG ha Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sitoa ho amohela Jesu e le Mesia? Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo ea tlaleha: “Ka mor’a hore [Jesu] a kene ka tempeleng, baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba sechaba ba tla ho eena ha a ntse a ruta ’me ba re: ‘Ke ka matla afe a ho laela u etsang lintho tsee? ’Me ke mang ea ileng a u fa matla aa a ho laela?’” (Matheu 21:23) Ho ea ka pono ea bona, Ea Matla ’Ohle o ne a file sechaba sa Bajuda Torah (Molao) ’me e ne e neha banna ba itseng matla a ho laela a fanoeng ke Molimo. Na Jesu o ne a e-na le matla a joalo?
Jesu o ile a bontša tlhompho e feletseng ho Torah le ho bao e ba fang matla a sebele a ho laela. (Matheu 5:17-20; Luka 5:14; 17:14) Empa khafetsa o ne a nyatsa ba neng ba tlōla litaelo tsa Molimo. (Matheu 15:3-9; 23:2-28) Banna ba kang bao ba ne ba latela lineano tse ileng tsa tsebahala e le molao oa molomo. Jesu o ile a hana matla a oona a ho laela. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba ile ba hana hore ke eena Mesia. Ba ne ba lumela hore motho ea tšehetsang lineano tsa ba nang le matla a ho laela har’a bona ke eena feela ea neng a ka tšehetsoa ke Molimo.
-
-
Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?Molula-Qhooa—1999 | January 15
-
-
“Ke Mang ea Ileng a U fa Matla aa a ho Laela?”
Ka ho hlakileng, Molao oa Moshe o ile oa siea matla a sehlooho a ho laela a bolumeli matsohong a baprista, ba tsoang lelokong la Arone. (Levitike 10:8-11; Deuteronoma 24:8; 2 Likronike 26:16-20; Malakia 2:7) Leha ho le joalo, ho theosa le makholo a lilemo baprista ba bang ba ile ba fetoha ba sa tšepahaleng le ba senyehileng. (1 Samuele 2:12-17, 22-29; Jeremia 5:31; Malakia 2:8, 9) Mehleng ea ho busa ha Bagerike, baprista ba bangata ba ile ba sekisetsa litabeng tsa bolumeli. Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Bafarisi—bao e neng e le sehlopha se secha Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda se neng se sa tšepe boprista—ba ile ba qala ho theha lineano tseo ka tsona motho feela ea tloaelehileng a neng a ka inka a halalela joaloka moprista. Lineano tsena li ile tsa khahla ba bangata, empa e ne e le ho eketsa Molao ho neng ho sa amohelehe.—Deuteronoma 4:2; 12:32 (13:1 liphetolelong tsa Sejuda).
Bafarisi e ile ea e-ba bona litsebi tse ncha tsa Molao, ba etsa mosebetsi oo ba neng ba utloa eka baprista ha ba o etse. Kaha Molao oa Moshe o ne o sa lumelle matla a bona a ho laela, ba ile ba qapa mekhoa e mecha ea ho hlalosa Mangolo ka tsela e poteletseng le ka mekhoa e meng eo ho bonahalang e ne e lumellana le maikutlo a bona.a E le bahlokomeli le babuelli ba ka sehloohong ba lineano tsena, ba ile ba rala motheo o mocha oa matla a ho laela Iseraele. Lekholong la pele la lilemo C.E., Bafarisi e ne e le bona ba li hulang pele Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.
Ha ba ntse ba bokella lineano tsa molomo tse neng li le teng ’me ba batla moelelo o itseng oa Mangolo e le hore ba thehe lineano tsa bona tse eketsehileng, Bafarisi ba ile ba bona ho hlokahala hore ba eketse matla a ho laela mosebetsing oa bona. Ho ile ha hlaha khopolo e ncha mabapi le tšimoloho ea lineano tsena. Bo-rabi ba ile ba qala ho ruta: “Moshe o ile a fumana Torah Sinai ’me a e fetisetsa ho Joshua, Joshua a e fetisetsa ho baholo, ’me baholo ba e fetisetsa ho baprofeta. ’Me baprofeta ba ile ba e fetisetsa ho banna ba seboka se seholo.”—Avot 1:1, Mishnah.
Ha bo-rabi ba ne ba re, “Moshe o ile a fumana Torah,” ba ne ba sa bue ka melao e neng e ngotsoe feela empa ba ne ba bua le ka lineano tsohle tsa bona tsa molomo. Ba ne ba bolela hore lineano tsena—tse qapiloeng le ho hōlisoa ke batho—Molimo o ne a li file Moshe, Sinai. ’Me ba ile ba ruta hore Molimo o ne a sa lumella batho hore ba hlalose se sieo (ho Torah), empa o ne a hlalositse ka molomo lintho tse siiloeng ke Molao o ngotsoeng. Ho ea ka bona, Moshe o ile a fetisetsa molao ona oa molomo melokong e latelang, eseng ho baprista, empa ho baeta-pele ba bang. Bafarisi ka bobona ba ile ba ipolela e le majalefa a tlhaho a letoto lena “le sa kang la khaoha” la neheletsano ea matla a ho laela.
-