Bokreste ba Pele le Naha
LIHORA tse ’maloa pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile ho tsoa lefatšeng, ka lebaka lena lefatše lea le hloea.” (Johanne 15:19) Leha ho le joalo, na see se bolela hore Bakreste ba ne ba tla itšoara ka tsela e tletseng bora ho ba nang le matla a ho laela ba lefatše lee?
Hase ba Lefatše Empa ha ba na Bora
Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1) Ka ho tšoanang, moapostola Petrose o ile a ngola: “Ka lebaka la Khosi ipeheng tlas’a pōpo e ’ngoe le e ’ngoe e motho: ebang ke morena joalokaha e le ea phahameng kapa babusisi joalokaha e le ba rometsoeng ke eena ho fana ka kotlo ho baetsi ba bobe empa ho rorisa baetsi ba se molemo.” (1 Petrose 2:13, 14) Ka ho hlakileng, ho ipeha tlas’a Naha le baemeli ba eona ba behiloeng ka tšoanelo, e ne e le molao-motheo o amohelehang har’a Bakreste ba pele. Ba ile ba ikemisetsa ho ba baahi ba bolokang molao le ho phela ka khotso le batho bohle.—Baroma 12:18.
Tlas’a sehlooho “Kereke le Naha,” The Encyclopedia of Religion ea bolela: “Makholong a qalang a mararo a lilemo AD, kereke ea Bokreste e ne e arohane haholo le balaoli ba tsamaiso ea Roma . . . Leha ho le joalo, baeta-pele ba Bakreste . . . ba ile ba ruta ho mamela molao oa Roma le ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho moemphera, ba le ka hare ho meeli e behiloeng ke tumelo ea Bokreste.”
Ho Hlompha, e Seng ho Rapela
Bakreste ba ne ba se na bora ho moemphera oa Roma. Ba ne ba hlompha matla a hae a ho laela le ho mo neha tlhompho e neng e lokela boemo ba hae. Nakong ea puso ea Moemphera Nero, moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste ba neng ba phela likarolong tse fapaneng tsa ’Muso oa Roma: “Hlomphang batho ba mefuta eohle, . . . le be le tlhompho bakeng sa morena.” (1 Petrose 2:17) Lefatšeng le neng le bua Segerike, lentsoe “morena” le ne le sebelisoa e seng feela bakeng sa marena a moo, empa le bakeng sa moemphera oa Roma. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba neng ba phela motse-moholo oa ’Muso oa Roma: “Fang bohle tse ba lokelang, . . . ea batlang tlhompho, tlhompho e joalo.” (Baroma 13:7) Moemphera oa Roma o ne a batla tlhompho ka hohle-hohle. Ha nako e ntse e feta, o ile a ba a batla ho rapeloa. Leha ho le joalo, mona teng ke moo Bakreste ba pele ba ileng ba seha moeli.
Nyeoeng ea hae ka pel’a ’musisi oa mabotho oa Roma lekholong la bobeli la lilemo C.E., ho ea ka tlaleho Polycarp o ile a bolela: “Ke Mokreste. . . . Re rutoa hore re fane ka tlhompho eohle e loketseng . . . ho mebuso le ho ba nang le matla a ho laela ba khethiloeng ke Molimo.” Leha ho le joalo, Polycarp o ile a khetha ho shoa ho e-na le ho rapela moemphera. Ea neng a sireletsa tumelo lekholong la bobeli la lilemo, Theofilase oa Antioke o ile a ngola: “Nka mpa ka hlompha moemphera, che, ka sebele e seng ho mo rapela, empa ho mo rapella. Empa Molimo, Molimo ea phelang le oa ’nete, ke tla mo rapela.”
Lithapelo tse loketseng mabapi le moemphera li ne li sa amane ka tsela leha e le efe le borapeli ba moemphera kapa bochaba. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa morero oa tsona: “Ka hona kea eletsa, pele ho tsohle, hore lithapeli, lithapelo, lithapello, ho fanoa ha liteboho, li etsoe malebana le mefuta eohle ea batho, malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo ho feletseng.”—1 Timothea 2:1, 2.
“Mekhelo Sechabeng”
Boitšoaro bona bo hlonephang ka lehlakoreng la Bakreste ba pele ha boa ka ba ba tlisetsa botsoalle le lefatše leo ba neng ba phela ho lona. Rahistori oa Mofora, A. Hamman o re Bakreste ba pele e ne e le “mekhelo sechabeng.” Haele hantle e ne e le mekhelo lichabeng tse peli, sa Bajuda le sa Baroma, ba thulana le lehloeo le ho se utloisisoe ho hoholo lichabeng tseo ka bobeli.
Ka mohlala, ha a ne a qosoa ka bohata ke baeta-pele ba Bajuda, moapostola Pauluse o ile a bua tjena ha a itšireletsa ka pel’a ’musisi oa Roma: “Ha kea etsa sebe leha e le sefe khahlanong le Molao oa Bajuda leha e le khahlanong le tempele kapa khahlanong le Sesare. . . . Ke ipiletsa ho Sesare!” (Liketso 25:8, 11) A ela hloko hore Bajuda ba ne ba rera ho mo bolaea, Pauluse o ile a ipiletsa ho Nero, ka hona a bontša ho amohela matla a ho laela a moemphera oa Roma. Ka mor’a moo, ha a le nyeoeng ea hae ea pele Roma, ho bonahala Pauluse a ile a fumanoa a se na molato. Empa hamorao o ile a boela a kenngoa teronkong, ’me ho latela neano, o ile a ahloleloa lefu ho ea ka litaelo tsa Nero.
Mabapi le boemo bo thata ba Bakreste ba pele sechabeng sa Roma, setsebi litabeng tsa kahisano ebile e le setsebi sa thuto ea bolumeli, Ernst Troeltsch o ile a ngola: “Maemo ’ohle a boikarabelo le mesebetsi e neng e e-na le tšebelisano le borapeli ba litšoantšo, kapa le borapeli ba Moemphera, kapa tse neng li amana le tšollo ea mali kapa kahlolo ea lefu, kapa tse neng li ka kopanyelletsa Bakreste boitšoarong bo bobe ba bohetene, li ne li thibetsoe.” Na boemo boo bo ile ba felisa kamano e hlomphehang ea khotso le e lumellanang pakeng tsa Bakreste le Naha?
Ho Lefa Sesare “se mo Loketseng”
Jesu o ile a fana ka motheo o neng o tla laola boitšoaro ba Bokreste malebana le Naha ea Roma, kapa ha e le hantle, ’muso leha e le ofe, ha a ne a bolela: “Le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) Ho balateli ba Jesu temoso ena e ne e fapane ka ho feletseng le boikutlo ba Bajuda ba bangata ba neng ba e-na le moea oa bochaba, ba neng ba nyatsa puso ea Roma ’me ba loantša molao oa ho lefa lekhetho ho bolaoli ba basele.
Hamorao, Pauluse o ile a bolella Bakreste ba phelang Roma: “Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna. Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha [ba ’muso “ba phahameng ba nang le matla a ho laela”] ke bahlanka ba Molimo sechabeng bao ka mehla ba sebeletsang morero oona ona. Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, lekhetho; ea batlang sethaba-thaba, sethaba-thaba.” (Baroma 13:5-7) Le hoja Bakreste e ne e se karolo ea lefatše, ba ne ba tlameha ho tšepahala, e be baahi ba lefang lekhetho, ba lefe Naha bakeng sa litšebeletso tseo e li etsang.—Johanne 17:16.
Empa na mantsoe a Jesu a lekanyelitsoe ho lefeng lekhetho? Kaha Jesu ha aa ka a hlakisa hantle tseo e leng tsa Sesare le tseo e leng tsa Molimo, ho na le litaba tse lipakeng tse tlamehang ho etsetsoa qeto ho latela moelelo oa taba kapa ho ea ka kutloisiso ea rōna ea Bibele eohle. Ka mantsoe a mang, ho etsa qeto ea hore na Mokreste o lokela ho lefa eng ho Sesare ka linako tse ling ho tla ama letsoalo la Mokreste, kaha o na le tsebo ea melao-motheo ea Bibele.
Ho Leka-lekanya ka Hloko Pakeng Tsa Mahlakore a Mabeli a Hlōlisanang
Ho bonahala batho ba bangata ba lebala hore ka mor’a ho bolela hore Sesare o lokeloa ho lefshoa tsa hae, Jesu o ile a phaella: “Empa [le lefe] lintho tsa Molimo ho Molimo.” Moapostola Petrose o ile a bontša lintho tse tlang pele ho Bakreste. Kapele-pele ka mor’a ho lemosa ka ho ikokobeletsa “morena,” kapa moemphera, le “babusisi” ba hae, Petrose o ile a ngola: “E-bang joaloka batho ba lokolohileng, ’me leha ho le joalo le e-na le tokoloho ea lōna, eseng joaloka lesira la bobe, empa joaloka makhoba a Molimo. Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna, le tšabe Molimo, le be le tlhompho bakeng sa morena.” (1 Petrose 2:16, 17) Moapostola o ile a bontša hore Bakreste ke makhoba a Molimo, e seng a ’musi oa motho. Le hoja ba tlameha ho bontša tlhompho le tlhokomelo e loketseng ho baemeli ba Naha, ba lokela ho etsa joalo ka tšabo ea Molimo, eo melao ea hae e phahameng ka ho fetisisa.
Lilemong tse fetileng Petrose o ne a ile a hlakisa ka ho feletseng bohlokoa ba molao oa Molimo ka holimo ho oa batho. Sanhedrine ea Sejuda e ne e le lekhotla la tsamaiso leo ho lona Baroma ba neng ba fana ka bolaoli ba sechaba le ba bolumeli. Ha e laela balateli ba Jesu hore ba emise ho ruta ka lebitso la Kreste, Petrose le baapostola ba bang ba ile ba araba ka tlhompho empa ka ho tiileng: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ka ho hlakileng, Bakreste ba pele ba ne ba lokela ho boloka ka hloko ho leka-lekana pakeng tsa ho mamela Molimo le ho ipeha ho loketseng tlas’a batho ba nang le matla a ho laela. Khale lekholong la boraro la lilemo C.E., Tertullian o ile a li beha tjena: “Haeba tsohle e le tsa Sesare, Molimo o tla salloa ke eng?”
Ho Sekisetsa ho Naha
Ha nako e ntse e feta, boemo boo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le bona kamanong le Naha bo ile ba fokotseha butle-butle. Bokoenehi boo Jesu le baapostola ba neng ba ile ba bo bolela esale pele bo ile ba hōla lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E. (Matheu 13:37, 38; Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3-12; 2 Petrose 2:1-3) Bokreste ba bokoenehi bo ile ba sekisetsa lefatšeng la Roma, ba sebelisa mekete ea teng ea bohetene le filosofi ea teng, ’me ba amohela e seng feela tšebeletso ea ’muso empa hape le tšebeletso ea sesole.
Moprofesa Troeltsch o ile a ngola: “Ho tloha lekholong la boraro la lilemo ho ea pele, boemo bo ile ba ’na ba thatafala le ho feta kaha Bakreste ba ile ba ata haholo maemong a phahameng a Sechaba le mesebetsing e tummeng, lebothong la ntoa le libakeng tsa bahlanka ba ’muso. Litemaneng tse ’maloa [tseo e seng tsa Bibele] tsa mangolo a Bakreste ho na le boipelaetso ba ho halefa khahlanong le ho ba le karolo linthong tsena; ka lehlakoreng le leng, re boetse re fumana liteko tsa ho sekisetsa—likhang tse etselitsoeng ho khutsisa matsoalo a sa phutholohang . . . Ho tloha nakong ea Constantine mathata ana a ile a fela; khohlano lipakeng tsa Bakreste le bahetene e ile ea khaotsa, ’me mesebetsi eohle e teng Naheng e ile ea bulehela bohle.”
Ho elella qetellong ea lekholo la bone la lilemo C.E., mofuta ona o tsoakiloeng, o sekisetsang oa Bokreste o ile oa fetoha bolumeli ba Naha ’Musong oa Roma.
Ho pholletsa le histori ea bona, Bokreste-’mōtoana—bo emetsoeng ke Likereke tsa K’hatholike, Orthodox le Boprostanta—bo tsoetse pele ho sekisetsa bakeng sa Naha, ba kenella ka botebo lipolotiking tsa eona le ho e tšehetseng lintoeng tsa eona. Litho tse ngata tsa kereke tse hlokang boikaketsi tse ’nileng tsa nyarosoa ke sena, ha ho pelaelo hore li tla thabela ho tseba hore ho na le Bakreste kajeno ba tšoarelletseng boemong ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo kamanong ea bona le Naha. Lihlooho tse peli tse latelang li tla tšohla taba ena ka ho pharaletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Sesare Nero, eo Petrose a ileng a ngola ka eena: “Le be le tlhompho bakeng sa morena”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Polycarp o ile a khetha ho shoa ho e-na le ho rapela moemphera
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bakreste ba pele e ne e le baahi ba nang le khotso, ba tšepahalang le ba lefang lekhetho