Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June
    • LERATO LE BOIKOKOBETSO LI RE THUSA HO HLOLA LEEME

      8. Jesu o ile a ruta Bakreste molao-motheo ofe o khothalletsang bonngoe? Hlalosa.

      8 Jesu o ile a ruta balateli ba hae molao-motheo oa bohlokoa o khothalletsang bonngoe. O ile a re: “Lōna bohle le bara ba motho.”(Bala Matheu 23:8, 9.) Re “bara ba motho” hobane kaofela re bana ba Adama. (Lik. 17:26) Re boetse re bara ba motho hobane Jesu o ile a hlakisa hore kaofela re nka Jehova e le Ntate oa rona ea leholimong. (Mat. 12:50) Ho ekelletsa moo, re karolo ea lelapa le leholo la Molimo le momahantsoeng ke lerato le tumelo. Mangolong ao Baapostola ba a ngotseng, ba ne ba bitsa Bakreste-’moho le bona ‘bara le barali babo rōna.’—Bar. 1:13; 1 Pet. 2:17; 1 Joh. 3:13.a

  • Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June
    • a Lentsoe “barab’abo rōna” le ka akarelletsa le baralib’abo rona ka phuthehong. Ha Pauluse a ngolla “barab’abo rōna” ba Roma, ho hlakile hore o ne a akarelletsa le baralib’abo rona hobane o ile a bitsa ba bang ka mabitso. (Bar. 16:3, 6, 12) Ka lilemo tse ngata, ha Molula-Qhooa o bua ka Bakreste, o ’nile oa re ke ‘bara le barali babo rona.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela