Pono ea Bibele
Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Litlotla tsa Bolumeli?
KAJENO ho buuoa haholo ka khaello ea baruti ho Bokreste-’mōtoana, empa ha ho khaello ea litlotla tsa bolumeli har’a bona. Litlotla tse ling li bonolo; tse ling ke tse fetelletseng. Mehlala e seng mekae ke ena:
Moruti: “Reverend.”
Mobishopo oa Chache: “Right Reverend, Morena Mobishopo.”
Mobishopo oa Roma e K’hatholike (Italy): “His Excellency, Most Illustrious le Most Reverend Monsignor.”
Mok’hadinale: “Mobabatsehi.”
Mopapa: “Ntate ea Halalelang ka ho Fetisisa.”
Litlotla tse kang “reverend” le “mobishopo” li ’nile tsa sebelisoa ka nako e telele hoo li sa utloahaleng li hlohlontša litsebe ho litho tse ngata tsa kereke. Empa na Bibele e lumela hore ho sebelisoe litlotla tse joalo?
“Reverend,” “Mobishopo,” le “Mok’hadinale”
Ho King James Version, lentsoe “reverend” (mohlomphehi) le hlahella hang feela ho Pesaleme ea 111:9, e reng: “Lebitso la hae lea halalela le bile lea hlompheha.” Lebitso la mang? Temana e latelang e re: “Ho tšaba MORENA ke qalo ea bohlale.” (Pesaleme ea 111:10) Phetolelong e ’ngoe ea K’hatholike, litemana tsena tse peli li baleha tjena: “Lebitso la oona ke le halalelang le le tšosang. Motso oa bohlale ke ho tšaba Yahweh [Jehova].” (The New Jerusalem Bible) Kahoo, ho latela Lentsoe la Molimo, tšabo e joalo ea bomolimo, e tšoanela Jehova, ea Matla ’Ohle feela. Na ho loketse ho neha batho tlotla e joalo?
Pauluse o ile a ngolla Timothea: “Haeba monna a laba-labela ho ba mobishopo, o laba-labela mosebetsi o motle.” (1 Timothea 3:1, KJ) Leha ho le joalo, ho latela The New Jerusalem Bible, temana ena e baleha tjena: “Ho batla ho ba moholo ea okamelang ke ho lakatsa mosebetsi o tsotehang.” Bakreste ba pele ba neng ba e-na le mesebetsi ea boikarabelo ba ne ba bitsoa “baholo” le “balebeli.” Na mabitso ao a ne a sebelisoa joaloka litlotla? Che. Ha ho mohla banna ba joalo ba neng ba bitsoa “Mobishopo Petrose” kapa “Moholo Jakobo.” Ke ka baka leo ho seng mohla banna ba Bakreste ba hōlileng ba sebeletsang joaloka baholo ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ba sebelisang lentsoe “moholo” e le tlotla. Mantsoe ana “moholo” le “molebeli” (mobishopo) a sebetsa ho ba nang le boemo ba bolaoli le boikarabelo. Mantsoe ana a boetse a amahanngoa le litšoaneleho tsa banna ba khethiloeng hammoho le mosebetsi oo ba o etsang.
Ho thoe’ng ka tlotla “mok’hadinale”? Na e teng ka Bibeleng? Che. Ha ho phetolelo eo e fumanehang ho eona. Ha e le hantle, Kereke ea Roma e K’hatholike e lumela hore tlotla ena hase ea Bibele. New Catholic Encyclopedia ea hlalosa: “Lentsoe lena le nkiloe lentsoeng la Selatine cardo le bolelang ‘sehokelo,’ ’me mantsoeng a Mopapa Eugene IV, ‘joalokaha lemati la ntlo le tsamaea le itšetlehile lihokelong tsa lona, ho joalo le ka Lekhotla la Baapostola moo lemati lohle e leng Kereke kaofela e itšetlehileng ho lona le ho fumana tšehetso ea bak’hadinale.’” Buka ena ea litšupiso e boetse e re bolella hore “bak’hadinale ba boetse ba thabela tokelo ea ho bitsoa ‘Mobabatsehi.’” Boemo ba bona bo ba lumella ho apara seaparo se sefubelu le katiba e khubelu. Na baapostola ba kile ba ba le ‘litokelo’ tse joalo? Bibele e arabela ka che.
“Morena,” “Monsignor,” le “Ntate”
Na baruti ba lokela ho bitsoa marena? Babishopo ba Chache ba bitsoa “marena.” Baprista ba K’hatholike hangata ba bitsoa “monsignor,” e leng ho bolelang “Morena oa ka.” Linaheng tse ling, baruti ba Kereke ea Dutch Reformed ba bitsoa dominee, e leng tlotla e nkiloeng lentsoeng la Selatine dominus, le bolelang “morena.” Empa Jesu o ile a laela barutuoa ba hae: “Lea tseba hore lefatšeng, babusi ba busa bafo ba bona, . . . empa ha hoa lokela hore ho be joalo ho lōna.” (Mattheu 20:25, 26, The New English Bible) Hape moapostola Petrose o ngotse: “Le se ke la hatella sehlopha se behiloeng tlhokomelong ea lōna, empa le be mohlala ho mohlape.” (1 Petrose 5:3, NJB) Ka lekhetlo leo ka boikokobetso Jesu a neng hlatsoa maoto a barutuoa ba hae ka lona, o ile a re ho bona: “Le mpitsa Monghali le Morena, ’me ka nepo; ke eena.” (Johanne 13:13, NJB) Na ho loketse hore batho ba sebelise litlotla tsa bolumeli tse sebelisoang ho Molimo le Mora oa oona?
Na tlotla ea bolumeli “ntate” e nepahetse? E sebelisoa ka libakeng tsohle ke Maroma le Machache. Lentsoe “Padre” le bolelang “ntate” le boetse le sebelisoa libakeng tsohle. Empa Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae: “Le se bitse motho le ea mong lefatšeng ntat’a lōna, kaha le na le Ntate a le mong feela, ’me o leholimong.” (Mattheu 23:9, NJB) The New English Bible e baleha ka mokhoa o tšoanang: “Le se ke la bitsa motho leha e le ofe lefatšeng ‘ntate.’” Ke hobane’ng ha baruti le balateli ba bona ba tlōla molao ona o tsoang ho Morena Jesu Kreste?
Hangata mopapa oa Roma o bitsoa “Ntate ea Halalelang.” Empa hangata basebetsi-’moho le eena ba Italy ba mo bitsa Santissimo Padre, e bolelang “Ntate ea Halalelang ka ho Fetisisa.” “Ntate ea Halalelang” ke tlotla e hlahang hanngoe feela ka Bibeleng. (Johanne 17:11) Ke tlotla e sebelisoang ho Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa. Na ho loketse hore libōpuoa tse leng lefatšeng tse sa phethahalang li bitsoe ka tlotla eo?
Ho Etsa Sebe ha Bolumeli
Ka kōpo bala le ho hlokomela taba e potolohileng Mattheu 23:1-12. Jesu o qala ho buisana le Bafarisi bao e neng e le mokha oa Bajode o tsebahalang. E ne e le bo-ramelao, batho ba khomarelang boitsebiso bo bong le bo bong ba Molao oa Moshe. Ba ne ba rata ho apara le ho itšoara ka tsela eo ka eona ba ka ikhapelang tlhokomelo ea batho. Bolumeli ba bona bo ne bo etsa mponeng—ba ne ba tsebahala ka mokhoa oa bona oa ho apara, libaka tsa bona tse hlahelletseng lijong, ho lula litulong tse kapele masynagogeng le litlotla tsa bona tsa hlompho. Ba ne ba bile ba batla tlhompho e khōloanyane ho feta e neng e fuoa batsoali. Ba ne ba batla bo bitsoa ntate. Leha ho le joalo, Jesu o bontša hore balateli ba hae kaofela baa lekana joaloka bana ba Molimo. Tlotla leha e le efe e fanang ka maikutlo a fapaneng ke ho inkela tlotla eo e leng ea Molimo ka boikhohomoso. Kahoo, Jesu o hanela tšebeliso ea mantsoe a kang “ntate” e le tlotla ea hlompho ka kutloisiso ea bolumeli. Jesu o tiisa hore balateli ba hae ba na le Ntate a le mong feela tumelong, e leng Jehova.
Na ha hoa hlaka hore baruti ba bangata ba eme ‘sebakeng se halalelang’ se behetsoeng Molimo le Mor’a oona, le hore tlhompho e ngata e tlosoa ho Molimo le Kreste ho lebisoa ho batho ba sa phethahalang? Kajeno Bakreste ba ’nete ba qoba ho sebelisa litlotla tse phoqang tsa bolumeli, ’me ba qoba ho rapela baruti. Har’a Lipaki tsa Jehova mokhoa feela oa ho bitsa basebeletsi ke ho re “moena.” (2 Petrose 3:15, NW) Seo se tumellanong le seo Jesu a se boletseng: “Kaofela le baena.”—Mattheu 23:8, NJB.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
The Three Bishops, by Albrecht Dürer, c. 1507