Ho Ipolela Libe—Ka Tsela ea Batho Kapa ea Molimo?
HAR’A Mak’hatholike, ho ipolela libe ho fetohile ka ho makatsang ka makholo a lilemo. Lilemong tsa pele tsa Kereke e K’hatholike, ho ipolela libe le kotlo ea libe li ne li hlokahala feela bakeng sa libe tse tebileng. Mabapi le sena, buka Religion in the Medieval West e re: “Ho fihlela qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo tsamaiso ea tšoarelo ea libe e ne e le boima haholo: motho o ne a ka fuoa sakaramente hanngoe feela bophelong ba hae, ho ipolela libe ho ne ho etsoa phatlalatsa, kotlo ea libe e ne e nka nako e telele e bile e le boima.”
Kotlo e joalo ea libe e ne e le boima hakae? Ka 1052 motho e mong ea neng a kōpa tšoarelo ea libe o ile a laeloa hore a tsamaee ka maoto ho tloha Bruges, Belgium, ho ea Jerusalema a sa roala lieta! Buka Christianity in the West 1400-1700 e re: “Lilemong tsa bo-1700 Mak’hatholike a ne a sa ntsane a ka fumanoa lilibeng tse halalelang le mehloling ea metsi, a khumame ka har’a metsi a entseng leqhoa hoo metsi a seng a fihla melaleng ea ’ona a ntse a etsa lithapelo tsa ’ona tse kōpang tšoarelo ea libe.” Kaha ka nako eo ho ne ho sa fanoe ka tšoarelo ea libe ho fihlela ha nako ea kotlo ea libe e fela, ba bangata ba ne ba chechisetsa boipolelo ba bona ba libe morao ho fihlela ha ba se ba le makhatheng a ho shoa.
Mokhoa oa kajeno oa ho ipolela libe o qalile neng? Religion in the Medieval West e re: “Mokhoa o mocha oa kotlo ea libe o ile oa hlahisoa ke baitlami ba Macelt Fora ho ea qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo. . . . Mokhoa ona e ne e le oa ho ipolela libe ka sephiring, oo ka oona motho ea kōpang tšoarelo ea libe a neng a ipolela libe ka sephiring ho moruti, ’me e ne e le phetoho tloaelong ea baitlami ea ho fana ka keletso ea moea.” Ho ea ka tloaelo ea pejana ea baitlami, baitlami ba ne ba bolellana libe tsa bona e le hore ba fumane thuso ea moea ba tle ba hlōle mefokolo ea bona. Leha ho le joalo, boipolelong bo bocha ba libe bo etsoang ka sephiring, kereke e ile ea bolela hore moruti o na le ‘matla kapa bolaoli bo boholo haholo ba ho tšoarela libe.’—New Catholic Encyclopedia.
Na ka sebele Jesu o file ba bang ba balateli ba hae matla a joalo? Ke eng seo a ileng a se bolela se entseng hore ba bang ba fihle qetong ena?
“Linotlolo tsa ’Muso”
Ka nako e ’ngoe, Jesu Kreste o ile a bolella moapostola Petrose: “Ke tla u neha linotlolo tsa ’muso oa leholimo: ntho efe kapa efe eo u tla e tlama lefatšeng e tla nkoa e tlanngoe leholimong; ntho efe kapa efe eo u tla e lokolla lefatšeng e tla nkoa e lokollotsoe leholimong.” (Mattheu 16:19, The Jerusalem Bible) Jesu o ne a bolela’ng ka “linotlolo tsa ’muso”? Re ka utloisisa sena hamolemonyana haeba re talima ketsahalo e ’ngoe eo Jesu a ileng a sebelisa lentsoe “senotlolo” ho eona.
Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba neng ba tseba Molao oa Moshe hantle: “Ho malimabe lōna babuelli ba molao ba nkileng senotlolo sa tsebo! Lōna ka bolōna ha lea kena, ’me le thibetse ba bang ba batlang ho kena.” (Luka 11:52, JB) ‘Le thibetse ba bang ho kena’ hokae? Ho Mattheu 23:13 Jesu oa re bolella: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, lōna baikaketsi! Lōna ba koallang batho ’muso oa leholimo, ka bolōna ha le kene ebile ha le lumelle ba bang ba ratang ho kena.” (JB) Baruti ba Bajode ba ne ba koalletse batho ba bangata monyako ka ho hana ho ba fa monyetla oa ho ea ba le Jesu Kreste leholimong. “Senotlolo” seo baeta-pele bao ba bolumeli ba neng ba se “nkile” se ne se se na moo se amanang teng le tšoarelo ea libe. E ne e le senotlolo se lebisang tsebong e fanoeng ke Molimo.
Ka ho tšoanang, “linotlolo tsa ’muso” tse filoeng Petrose ha li emele matla a ho bolella leholimo hore na ke bo-mang ba lokelang ho tšoareloa libe kapa ba lokelang ho li balloa. Ho fapana le hoo, li emela tokelo e khōlō ea Petrose ea ho bula tsela ea ho ea leholimong ka ho hasa tsebo e fanoeng ke Molimo ka tšebeletso ea hae. O ile a qala ho etsa sena ho Bajode le basokolohi ba Bajode, ea ntoo ba ho Basamaria, ’me qetellong ho Balichaba.—Liketso 2:1-41; 8:14-17; 10:1-48.
“Ntho Efe Kapa Efe eo le e Tlamang Lefatšeng”
Hamorao, Jesu o ile a boela a pheta seo a ileng a se bolella Petrose ho barutuoa ba bang. Jesu o ile a re: “Kea le tiisetsa, ntho efe kapa efe eo le e tlamang lefatšeng e tla nkoa e tlanngoe leholimong; ntho efe kapa efe eo le e lokollang lefatšeng e tla nkoa e lokollotsoe leholimong.” (Mattheu 18:18, JB) Kreste o ne a fa barutuoa ba hae matla afe moo? Taba e potolohileng e bontša hore o ne a bua ka ho lokisa mathata pakeng tsa balumeli ka bomong le ho boloka phutheho e hloekile ka ho tlosa baetsalibe ba sa bakeng.—Mattheu 18:15-17.
Litabeng tse akarelletsang litlōlo tse tebileng tsa molao oa Molimo, banna ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba ne ba tla lokela ho ahlola litaba le ho etsa qeto ea hore na mofosi o lokela ho ‘tlangoa’ (a nkoe a le molato) kapa ho ‘lokolloa’ (hore molato oa hae o hlakoloe). Na sena se ne se bolela hore leholimo le tla latela liqeto tsa batho? Che. Joalokaha setsebi sa Bibele Robert Young se bontša, qeto leha e le efe e entsoeng ke barutuoa e ne e tla latela qeto ea leholimo, e ne e ke ke ea e etella pele. O bolela hore ha e le hantle temana ea 18 e lokela ho baleha tjena: Seo le se tlamang lefatšeng “e tla ba (se seng se) tlanngoe” leholimong.
Ka sebele, ke ho sa utloahaleng ho nahana hore motho leha e le ofe ea sa phethahalang a ka etsa liqeto tseo e tla ba tse tlamang ho ba makhotleng a leholimo. Ho utloahalang haholoanyane ke ho bolela hore baemeli ba khethiloeng ba Kreste ba ne ba tla latela litaelo tsa hae mabapi le ho boloka phutheho ea hae e hloekile. Ba ne ba tla etsa sena ka ho etsa qeto e theiloeng melao-motheong e seng e entsoe leholimong. Jesu ka boeena o ne a tla ba tataisa ho etseng sena.—Mattheu 18:20.
Na ho na le monna leha e le ofe ea ka tsebang ho “emela Kreste e le moahloli ea kang ntate” ho isa bohōleng ba ho etsa qeto ka bokamoso ba ka ho sa feleng ba morapeli ’moho le eena? (New Catholic Encyclopedia) Hoo e batlang e le ka mehla baruti ba mamelang maipolelo ba tšoarela libe, esita le hoja “ho bonahala ho e-na le tumelo e sa boleloeng pepenene [har’a litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa K’hatholike] ea hore ke batho ba seng bakae feela ba soabelang libe tsa bona ka tieo.” (The New Encyclopædia Britannica) Ka sebele, u qetetse neng ho utloa ha moruti a hana ho tšoarela mofosi libe kapa ho hlakola molato oa hae? Mohlomong, lebaka la sena ke hore moruti ka mong ha a nahane hore o na le matla a ho ahlola hore na moetsalibe o bakile kapa che. Empa haeba bona e le bona boemo, ke hobane’ng ha a ipolela a e-na le matla a ho tšoarela libe?
Nahana ka lekhotla la molao leo ho lona moahloli ea mohau a atisang ho hlakola molato oa batlōli ba molao, esita le batlōli ba molao ba sa khaotseng, kahobane ba fetile tšebeletsong e itseng ea ho lumela litlōlo tsa bona le ho bolela hore ba li soabetse. Le hoja sena se ka ’na sa khotsofatsa bafosi, pono e fosahetseng joalo ea mohau e ne e tla fokotsa tlhompho bakeng sa toka ka ho tebileng. Na ebe ho ipolela libe ho etsoang ka Kerekeng ea K’hatholike ha e le hantle ho thatafatsa batho lipelo tseleng ea sebe?—Moeklesia 8:11.
Ha Ramona a bua ka phihlelo ea hae ea ho ipolela libe e le Mok’hatholike ho tloha ha a le lilemo li supileng, o re: “Ho ipolela libe ha ho hlahise tšekamelo leha e le efe ea ho leka ho qoba sebe nakong e tlang.” O phaella ka hore: “Ho ipolela libe ho hōlisa khopolo ea hore Molimo o tšoarela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore o tla u tšoarela ka ntho efe kapa efe eo nama ea hao e sa phethahalang e u khannelang ho eona. Ha ho hōlise takatso e tebileng ea ho etsa se nepahetseng.”a
Empa ho thoe’ng ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 20:22, 23? Mono o ile a bolella barutuoa ba hae: “Amohelang Moea o Halalelang. Hobane bao le ba tšoarelang libe, baa tšoareloa; hobane bao le ba ballang libe, baa li balloa.” (JB) Na mona Jesu ha a fe barutuoa ba hae matla a ho tšoarela libe ka ho toba?
Ha mantsoe ana a Bibele a nkoa a le mang feela a ka ’na a bonahala a bolela seo. Leha ho le joalo, ha mantsoe ana a nkoa hammoho le tlaleho e ho Mattheu 18:15-18 le sohle seo Bibele e se rutang ka ho ipolela libe le tšoarelo ea libe, re tlameha ho etsa qeto efe? Qeto ea hore ho Johanne 20:22, 23, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae matla a ho leleka ba tsoelang pele ho etsa libe tse tebileng ba sa bake ka phuthehong. Ka nako e tšoanang, Kreste o ile a fa balateli ba hae matla a ho bontša mohau le ho tšoarela baetsalibe ba bakang. Ka sebele Jesu o ne a sa bolele hore barutuoa ba hae ba ne ba lokela ho ipolela sebe se seng le se seng ho moruti.
Kahoo ba ikarabellang ka phuthehong ba fuoe matla a ho etsa qeto mabapi le kamoo ba sebetsanang le ba etsang libe tse tebileng ka teng. Liqeto tse joalo li ne li tla etsoa tlas’a tataiso ea moea o halalelang oa Molimo esita le tumellanong le litaelo tsa Molimo tse fanoeng ka Jesu Kreste le Mangolo a Halalelang. (Bapisa Liketso 5:1-5; 1 Ba-Korinthe 5:1-5, 11-13.) Ka ho etsa joalo, banna bao ba ikarabellang ba ne ba tla be ba arabela tataisong e tsoang leholimong, ba sa qobelle leholimo ho amohela liqeto tsa bona.
“Bolellanang Libe tsa Lōna”
Kahoo, ke neng ho loketseng hore Bakreste ba bolellane libe? Boemong ba sebe se tebileng (eseng tšito e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang), motho o lokela ho ipolela ho balebeli ba ikarabellang ba phutheho. Esita le haeba sebe e se se tebileng empa letsoalo la moetsalibe le mo khathatsa haholo, ho na le molemo o moholo oa ho se bolela le ho batla thuso ea moea.
Mabapi le sena mongoli oa Bibele Jakobo o re: “Haeba e mong oa lōna a kula [moeeng], o lokela ho bitsa baholo ba kereke, ’me ba tlameha ho mo tlotsa ka oli ka lebitso la Morena ’me ba mo rapelle. Thapelo ea tumelo e tla pholosa motho ea kulang ’me Morena o tla mo tsosa hape; ’me haeba a entse libe leha e le life, o tla li tšoareloa. Kahoo bolellanang libe tsa lōna, ’me le rapellane.”—Jakobo 5:14-16, JB.
Mantsoeng ana, ha ho na tlhahiso ea mokhoa oa ho ipolela libe o hlomamisitsoeng, oa litšebeletso tsa bolumeli, le o etsoang ka sephiring. Ho e-na le hoo, ha Mokreste a imetsoe ke sebe hoo a ikutloang hore o sitoa ho rapela, o lokela ho bitsa baholo ba khethiloeng, kapa balebeli, ba phutheho, ’me ba tla rapela hammoho le eena. Ho mo thusa hore a hlaphoheloe moeeng, ba tla boela ba sebelise oli ea Lentsoe la Molimo.—Pesaleme ea 141:5; bapisa le Luka 5:31, 32; Tšenolo 3:18.
Ho hong ho lokelang ho hlokomeloa ke keletso ea Johanne Mokolobetsi ea ho ‘beha litholoana tse tšoanelang pako.’ (Mattheu 3:8; bapisa le Liketso 26:20.) Mofosi eo ka sebele a bakileng o lahla tsela ea hae ea boetsalibe. Joaloka Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, moetsalibe ea bakileng ea bolellang Molimo tšito ea hae o tla fumana tšoarelo. Davida o ngotse: “Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlōla ha ka ho Jehova; ’me ua hlakola bokhopo ba sebe sa ka.”—Pesaleme ea 32:5.
Liketso tse etsetsoang ho fumana tšoarelo ea libe li ke ke tsa etsa hore motho a fumane tšoarelo e joalo. Ke Molimo feela o ka fanang ka eona. O hopola litlhokahalo tsa toka e phethahetseng, empa tšoarelo ea oona e bontša lerato la oona bakeng sa batho. Ho tšoarela ha oona hape ke pontšo ea mosa o sa tšoanelang o theiloeng sehlabelong sa topollo sa Jesu Kreste ’me ho bontšoa ka ho khethehileng ho baetsalibe ba bakileng ba furaletseng se sebe mahlong a Molimo. (Pesaleme ea 51:7; Esaia 1:18; Johanne 3:16; Ba-Roma 3:23-26) Ke ba tšoaretsoeng ke Jehova Molimo feela ba tla fumana bophelo bo sa feleng. ’Me hore re fumane tšoarelo e joalo, re tlameha ho ipolela libe ka tsela ea Molimo, eseng ea batho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Empa ka ho fapaneng, bona Mareka 3:29; Ba-Heberu 6:4-6; 10:26. Mangolong ana, bangoli ba Bibele ba bontša kamoo Molimo ho hang o ke keng oa tšoarela libe tsohle ka teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Davida o ile a ipolela libe ho Jehova, ea ileng a mo tšoarela