Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • dg karolo 9 maq. 19-22
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintoa tsa Lefatše
  • Bopaki bo Bong
  • Lebaka le Leng
  • Puso ea Motho le ea Bademona e Haufi le ho Fela
  • Ke Bo-mang ba Tla Pholoha? Ke Bo-mang ba ke Keng ba Pholoha?
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Matsatsi a ho Qetela—Neng?
    Tsoha!—2008
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
dg karolo 9 maq. 19-22

Karolo 9

Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”

1, 2. Re ka tseba joang hore re phela mehleng ea qetello?

RE KA kholiseha joang hore re phela nakong eo ’Muso oa Molimo o tla nka khato mabapi le tsamaiso ea hona joale ea puso ea motho? Re ka tseba joang hore re haufi haholo le nako eo Molimo o tla felisa bokhopo bohle le bohloko?

2 Barutuoa ba Jesu Kreste ba ile ba rata ho tseba lintho tsena. Ba ile ba mo botsa hore na “pontšo” ea boteng ba hae matleng a ’Muso le ea “ho fela ha tsamaiso ea lintho,” e tla ba efe. (Mattheu 24:3, NW) Jesu o ile a arabela ka ho lokolisa liketsahalo tse neng li tla sisinya lefatše le maemo a kopaneng a bontšang hore batho ba fihlile “nakong ea bofelo,” “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea lintho. (Daniele 11:40, NW; 2 Timothea 3:1, NW) Na rōna lekholong lena la lilemo re bone pontšo eo e nang le likarolo tse ngata? E, re e bone, le hona re e bone ka bongata!

Lintoa tsa Lefatše

3, 4. Lintoa tsa lekholong lena la lilemo li lumellana le boprofeta ba Jesu joang?

3 Jesu o boletse esale pele hore ‘sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.’ (Mattheu 24:7) Ka 1914 lefatše le ile la kena ntoeng e ileng ea kopanya lichaba le mebuso ka tsela e fapaneng ho feta ntoa leha e le efe e kileng ea loanoa pele. Ka ho hlokomela ’nete eo, bo-rahistori ka nako eo ba ile ba e bitsa Ntoa e Khōlō. E ne e le ntoa ea pele ea mofuta oa eona historing, ntoa ea pele ea lefatše. Masole a ka bang 20 000 000 le baahi ba ile ba shoa ho feta ntoeng leha e le efe e fetileng.

4 Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea tšoaea ho qala ha mehla ea bofelo. Jesu o boletse hore liketsahalo tsena le tse ling e ne e tla ba “qalo feela ea tlokotsi.” (Mattheu 24:8) Seo se ipakile e le ’nete kaha Ntoa ea II ea Lefatše e bile e bolaeang haholoanyane, masole a ka bang 50 000 000 le baahi ba ile ba shoa. Lekholong lena la bo20 la lilemo, batho ba ka holimo ho 100 000 000 ba bolailoe lintoeng, ke lenane le fetang le imenneng ka makhetlo a mane joaloka la lilemo tse fetileng tse 400 ha li kopane! Hoo ho tliselitse puso ea motho thohako e khōlō hakaakang!

Bopaki bo Bong

5-7. Ho na le bopaki bofe bo bong ba hore re phela mehleng ea qetello?

5 Jesu o ile a kopanyelletsa litšobotsi tse ling tse neng li tla tsamaisana le mehla ea qetello: “Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng, le litlala ka nģa tse ngata, le mafu [a seoa] a akaretsang.” (Luka 21:11) Seo se tšoanela hantle liketsahalo tse etsahetseng ho tloha ka 1914, kaha ho bile le keketseho e khōlō ea masisa-pelo a bakiloeng ke litlokotsi tse joalo.

6 Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše li etsahala hangata, li bolaea batho ba bangata. Mokakallane oa Spain feela o ile oa bolaea batho ba ka bang 20 000 000 ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše—’me litekanyetso tse ling li bontša hore ho shoele batho ba ka bang 30 000 000 kapa ho feta moo. AIDS e bolaile batho ba likete tse makholo ’me e ka boela ea bolaea ba bang ba limillione nakong e tlang. Selemo le selemo batho ba limillione ba bolaoa ke mafu a pelo, kankere, le mafu a mang. Tlala e bolaea batho ba bang ba limillione hanyane ka hanyane. Ka ntle ho pelaelo ‘banna ba lipere tsa Tšenolo’ ka lintoa tsa bona, khaello, ea lijo le mafu a seoa, ba ’nile ba bolaea lenane le leholo la lelapa la batho ho tloha ka 1914.—Tšenolo 6:3-8.

7 Jesu o boetse a bolela esale pele ka keketseho ea tlōlo ea molao e leng teng linaheng tsohle. O itse: “’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo [“ho hloka molao,” NW].”—Mattheu 24:12.

8. Boprofeta ba 2 Timothea khaolo 3 bo tšoanela mehla ea rōna joang?

8 Ho feta moo, boprofeta ba Bibele bo boletse esale pele ka ho senyeha ha boitšoaro ho bonahalang ka ho hlakileng hohle lefatšeng kajeno: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo, e be baeki le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona . . . Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:1-13) Tsena tsohle li etsahetse ka pel’a mahlo a rōna.

Lebaka le Leng

9. Ke eng e ileng ea etsahala leholimong e lumellanang le ho qalisa ha mehla ea qetello lefatšeng?

9 Ho boetse ho na le lebaka le leng le ikarabellang bakeng sa keketseho e khōlō ea bohloko lekholong lena la lilemo. Ka mokhoa o tšoanang le ho qalisa ha mehla ea bofelo ka 1914, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea beha moloko oa batho kotsing e khōloanyane. Nakong eo, joalokaha boprofeta ba Bibele bo bolela: “Ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele [Kreste matleng a ’muso] le mangeloi a hae a loantša drakone [Satane]. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona [bademona]; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšenolo 12:7-9.

10, 11. Moloko oa batho o ile oa ameha joang ha Satane le bademona ba hae ba ne ba liheloa lefatšeng?

10 Liphello e bile life ho lelapa la motho? Boprofeta bo tsoela pele: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” E, Satane oa tseba hore tsamaiso ea hae e haufi le ho fela, kahoo o etsa sohle se matleng a hae hore batho ba fetohele Molimo pele eena le lefatše la hae ba timetsoa. (Tšenolo 12:12; 20:1-3) Libōpuoa tseo tsa moea li lahlehetsoe haholo hakaakang ka baka la ho sebelisa boikhethelo ba tsona hampe! Maemo e bile a sisimosang hakaakang lefatšeng ka lebaka la tšusumetso ea tsona, haholo-holo ho tloha ka 1914!

11 Ha ho makatse ha Jesu a ile a bolela esale pele ka mehla ea rōna: “Lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li sa tsebe moo li tsoang le teng . . . Batho bona ba tla tepella ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”—Luka 21:25, 26, NW.

Puso ea Motho le ea Bademona e Haufi le ho Fela

12. Bo bong ba boprofeta ba ho qetela bo setseng hore bo phethahale pele ho bofelo ba tsamaiso ee ke bofe?

12 Ke boprofeta bo bokae ba Bibele bo sa ntseng bo tla phethahala pele Molimo o timetsa tsamaiso ee ea lintho? Ke bo seng bokae! Bo bong ba ho qetela ke bo ho 1 Ba-Thessalonika 5:3, bo reng: “Ha ba ntse ba bua ka khotso le tšireletseho, ka ho panya ha leihlo tlokotsi e tla ba oela holimo.” (The New English Bible) Sena se bontša hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo tla qala “ha ba ntse ba bua.” Ha lefatše le sa hlokomele, timetso e tla fihla nakong eo e sa lebelloang, ha mehopolo ea batho e sa le khotsong le tšireletsehong tseo ba li tšepileng.

13, 14. Ke nako efe ea tlokotsi eo Jesu a boletseng ka eona esale pele, ’me e tla fella joang?

13 Lefatše lena le tlas’a tšusumetso ea Satane le ntse le felloa ke nako. Haufinyane le tla timetsoa nakong ea tlokotsi eo Jesu a itseng ka eona: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho tla fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.”—Mattheu 24:21.

14 Sehlohlolo sa ‘mahlomola a maholo’ e tla ba ntoa ea Molimo ea Harmagedone. Eo ke nako eo moprofeta Daniele a buileng ka eona hore Molimo “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela.” Sena se tla bolela bofelo ba lipuso tsohle tsa hona joale tsa motho tse ipusang ka ntle ho Molimo. Puso ea oona ea ’Muso e busang ho tsoa leholimong e tla laola litaba tsohle tsa batho ka ho felletseng. Joalokaha Daniele a boletse esale pele, le ka mohla matla a busang ‘a ke ke a fetela ho sechaba se seng.’—Daniele 2:44; Tšenolo 16:14-16.

15. Ho tla etsahala eng ka tšusumetso ea Satane le ea bademona ba hae?

15 Nakong eo, tšusumetso eohle ea Satane le bademona e tla fela. Libōpuoa tseo tsa moea tse sa kang tsa utloa li tla timetsoa hore li se hlole li “khelosa lichaba.” (Tšenolo 12:9; 20:1-3) Li ahloletsoe lefu ’me li emetse timetso. Seo e tla ba topollo e kaakang bakeng sa moloko oa batho o tla lokoloha tšusumetsong ea tsona e silafetseng!

Ke Bo-mang ba Tla Pholoha? Ke Bo-mang ba ke Keng ba Pholoha?

16-18. Ke bo-mang ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ee ea lintho, hona ke bo-mang ba ke keng ba pholoha?

16 Ha Molimo o liha likahlolo tsa oona khahlanong le lefatše lena, ke bo-mang ba tla pholoha? Ke bo-mang ba ke keng ba pholoha? Bibele e bontša hore ba batlang puso ea Molimo ba tla sireletsoa ’me ba tla pholoha. Ba sa batleng puso ea Molimo ba ke ke ba sireletsoa empa ba tla timetsoa hammoho le lefatše la Satane.

17 Liproverbia 2:21, 22 e re: “Ba lokileng [ba ikokobelletsang puso ea Molimo] ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe [ba sa ikokobelletseng puso ea Molimo] ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”

18 Pesaleme ea 37:10, 11 le eona e boetse e re: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” Temana ea 29 ea phaella: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”

19. Ke keletso efe eo re lokelang ho e nka ka ho teba?

19 Re lokela ho nka ka ho teba keletso ea Pesaleme ea 37:34, e reng: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.” Litemana 37 le 38 li re: “Lemoha ea lokileng, u talime motho oa toka; hobane motho oa khotso o sa tla bona litloholo, empa ba bolotsana ba timela, ’me litloholo tsa ba babe lia felisoa.”

20. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore tsena ke linako tse thabisang tseo re phelang ho tsona?

20 E, ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore ruri Molimo oa tsotella le hore haufinyane o tla felisa bokhopo bohle le bohloko! Ke ho thabisang hakaakang ho hlokomela hore ho phethahala ha boprofeta boo bo babatsehang ho haufi!

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Bibele e boletse esale pele ka liketsahalo tse neng li tla etsa “pontšo” ea mehla ea qetello

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Haufinyane, ka Harmagedone, ba sa ikokobelletseng puso ea Molimo ba tla timetsoa. Ba ikokobelletsang eona ba tla pholohela lefatšeng le lecha la ho loka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela