Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • “Qalo Feela ea Tlokotsi”

      11, 12. Ke ka tsela efe ntoa ea pele ea lefatše e neng e le “qalo feela ea tlokotsi”?

      11 Litemana tse qalang tsa boprofeta ba Jesu li qetella ka mantsoe ana: “Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi.” Ka sebele ho bile joalo ntoeng ea pele ea lefatše. Ho fela ha eona ka 1918 ha hoa ka ha tlisa khotso ea nako e telele. Ka potlako e ile ea lateloa ke lintoa tse nyenyane empa e le tse mabifi Ethiopia, Libya, Spain, Russia, India, le linaheng tse ling. Joale ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše e tšabehang, e ileng ea bolaea masole le batho ba sa loaneng ba ka bang limillione tse 50.

      12 Ho feta moo, ho sa tsotellehe litumellano tsa khotso tse etsoang nako le nako le ho kokobela ha lintoa, batho ba ntse ba loantšana. Ka 1987 ho ile ha tlalehoa hore ho loannoe lintoa tse khōlō tse 81 ho tloha ka 1960, tse bolaileng banna, basali, le bana ba 12 555 000. Selemo sa 1987 se bile le lintoa tse ngata tse loannoeng ho feta selemo leha e le sefe se ka pele historing e tlalehiloeng.⁠1 Ho feta moo, boikoetliso ba sesole le litšenyehelo tsa sona, tseo joale li seng li fihlile kakaretsong ea hoo e ka bang R2 550 000 000 000 selemo le selemo, li senya moruo oa lefatše.⁠2 Boprofeta ba Jesu ba hore ‘sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla ’me ’muso o mong o loantše ’muso o mong’ ruri boa phethahatsoa. Pere e khunong ea ntoa e tsoela pele ho matha ka bohale bo tukang lefatšeng lohle. Empa ho thoe’ng ka tšobotsi ea bobeli ea pontšo?

  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • 14. Ho tloha ka 1914 ke litlala life tse khōlō tse phethahalitseng boprofeta ba Jesu?

      14 Na ho ka etsahala hore e be kajeno boprofeta boo boa phethahatsoa, ha linaha tse ling li finyelletse mekhoa e phahameng hakaale ea bophelo? Ho talima lefatše ka kakaretso ha ho siee pelaelo mabapi le hore na karabelo ke efe. Ho latela histori, litlala li ’nile tsa bakoa ke lintoa le likoluoa tsa tlhaho. Joale, ha ho makatse hore e be lekholo la rōna la lilemo, le bileng le likoluoa le litlala tse ngata ka ho fetisisa, le hlasetsoe ka makhetlo-khetlo ke litlala. Likarolo tse ngata tsa lefatše li hlasetsoe ke likoluoa tse joalo ho tloha ka 1914. Tlaleho e ’ngoe e thathamisa litlala tse khōlō tse fetang 60 ho tloha ka 1914, libakeng tse qalikaneng haholo joaloka Greece, Netherlands, U.S.S.R., Nigeria, Chad, Chile, Peru, Bangladesh, Bengal, Kampuchea, Ethiopia, le Japane.⁠3 Tse ling tsa litlala tsena li bile teng ka lilemo tse ’maloa ’me li bakile ho shoa ha batho ba limillione.

  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • Litšisinyeho Tsa Lefatše

      17. Ho bile le tšisinyeho efe e senyang ea lefatše kapele ka mor’a 1914?

      17 Ka la 13 Pherekhong, 1915, ha ntoa ea pele ea lefatše e ne e qetile likhoeli tse seng kae feela e qalile, tšisinyeho ea lefatše e ile ea sisinya Abruzzi, Italy, ’me ea nka bophelo ba batho ba 32 610. Koluoa ena e khōlō e re hopotsa hore lintoa le likhaello tsa lijo nakong ea ho ba teng ha Jesu li ne li tla tsamaea le ntho e ’ngoe hape: ‘Ho tla ba le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata.’ Joaloka ntoa le tlala, tšisinyeho ea lefatše ea Abruzzi e ne e le “qalo feela ea tlokotsi.”a

  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • a Ho bile le bonyane litšisinyeho tsa lefatše tse hlano pakeng tsa 1914 le 1918 tseo boima ba tsona e neng e le 8 kapa ho feta moo sekaleng sa Richter—tse matla haholo ho feta tšisinyeho ea lefatše ea Abruzzi. Leha ho le joalo, litšisinyeho tsena li ne li le libakeng tse hōle tsa lefatše, ka hona ha lia ka tsa eloa hloko joaloka tšisinyeho ea Italy.⁠5

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela