Boprofeta Boa Phethahala
HA BARUTUOA ba Kreste Jesu ba mo kōpa pontšo ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng matleng a ’Muso, Jesu o ile a bolela esale pele ka “ho eketseha ha ho hloka molao.” (Mattheu 24:3, 12, NW) Na boprofeta bona boa phethahala nakong ea rōna?
Ka sebele ho joalo! Buka The United Nations and Crime Prevention, e hatisitsoeng ke Machaba a Kopaneng ka October 1991, ea tlaleha: “Tlōlo ea molao e tebileng ke bothata bo boholo ka ho fetisisa lichabeng tse ngata tsa lefatše. Tlōlo ea molao ka har’a naha e phahame hoo lichaba ka bomong li ke keng tsa e laola ’me tlōlo ea molao e etsoang ka ntle ho naha e eketsehile ho isa bohōleng boo ho bona lichaba ka kakaretso li ke keng tsa e laola. . . . Tlōlo ea molao e etsoang ke lihlopha tse hlophisitsoeng tsa linokoane e eketsehile ka ho tšosang, haholo-holo ka liphello tse tebileng tsa pefo e amang ’mele, litšoso le ho senyeha ha basebeletsi ba phahameng sechabeng. Batho ba se nang molato ba mashome a likete ba anngoe ke botšosi. Khoebo ea bomene-mene ea lithethefatsi tse bakang bokhoba e fetohile tsietsi ea lefatše ka bophara. Tšenyo e sa tsotelleng ea tlōlo ea molao tikolohong e fetohile e tšosang hoo e seng e talingoa joaloka tlōlo ea molao khahlanong le lefatše ka bolona.”
Litlhaselo: Li eketsehile ho tloha ho litlhaselo tse 150 bathong ba 100 000 ka 1970 ho fihlela ho tse 400 bathong ba 100 000 ka 1990.
Ho utsoa: Ho eketsehile ho tloha ho karolo ea 1 000 feela bathong ba 100 000 ka 1970 ho fihlela karolong ea 3 500 bathong ba 100 000 ka 1990.
Lipolao tsa ka boomo: Linaheng tse futsanehileng, ho bile le keketseho e tlohang ho polao e le ’ngoe ho ea ho tse 2,5 bathong ba 100 000 pakeng tsa 1975 le 1985. Linaheng tse ruileng keketseho e bileng teng nakong e tšoanang e bile ho tloha ka tlaase ho 3 ho fihlela ho 3,5.
Tlōlo ea molao e amanang le lithethefatsi: Buka ena ea hlokomela: “Lihlopha tse kopaneng tsa khoebo e khōlō li ka sebelisa chelete e ngata haholo le lithunya tse ngata haholo ho feta tsa Mebuso ea linaha tse nyenyane, ’me ho tla fihlela joale li khonne ho nyopisa lithibelo le boiteko ba batho ba bolokang melao ba linaha tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo ea lifeme.”
Tekanyo e akaretsang ea tlōlo ea molao: E lebelletsoe ho imena habeli ho tloha ho 4 000 ho tse 100 000 ka 1985 ho fihla ho tse ka bang 8 000 ka selemo sa 2000.
Ho eketseha ha tlōlo ea molao lefatšeng lohle e mpa e le karolo ea boprofeta ba Jesu bo bontšang hore re phela nakong ea “ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3) Jesu o itse: “Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31.