-
Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?Molula-Qhooa—2011 | March 1
-
-
Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?
“. . . li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—MATHEU 24:14.
LITABA TSE MOLEMO li boleloa lefatšeng lohle ke Lipaki Tsa Jehova. Li etsa sena ka litsela tse ngata. Tsela e ’ngoe ke ka . . .
Ho Bolela Lentsoe. Joaloka Jesu le barutuoa ba hae, Lipaki Tsa Jehova li ea ho batho ho ba bolella litaba tse molemo. (Luka 8:1; 10:1) Ha li lebelle hore batho ba tle ho tsona. Ho pakela batho ka ’Muso oa Molimo ke ntho e etsoang ke Lipaki kaofela—tse fetang limilione tse supileng ka palo. Li bolela ka ntlo le ntlo, literateng, ka thelefono le ka mekhoa e meng. Selemong se fetileng, Lipaki li qetile lihora tse fetang bilione le halofo li etsa mosebetsi ona.
Ha li rute ba bang feela ka ’Muso oa Molimo empa hape li ba ruta “lintho tsohle tseo [Jesu a li] laetseng.” (Matheu 28:20) Kamehla li tšoara lithuto tsa mahala tsa Bibele tse fetang limilione tse robeli malapeng a batho.
Lipaki li bolela lefatšeng ka bophara—linaheng tse 236. Li bolella batho ba mefuta eohle. Li bolela mahaeng le litoropong, merung ea Amazon le merung e mokhoabo ea Siberia, mahoatateng a Afrika le Lithabeng Tsa Himalaya. Ha li lefuoe ka mosebetsi ona oo li o etsang; li o etsa ka litšenyehelo tsa tsona le ka nako ea tsona, li susumetsoa ke ho rata Molimo le baahelani ba tsona. Hape li tsebahatsa litaba tse molemo ka . . .
Lintho Tse Hatisitsoeng. Makasine ena eo sehlooho sa eona se feletseng se reng Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Molimo, hona joale e hatisoa ka lipuo tse 185 ’me ho hatisoa tse fetang limilione tse 42 makasineng e ’ngoe le e ’ngoe e ncha. Makasine ea habo eona, e leng ea Tsoha!, eo le eona e phatlalatsang ’Muso, e hatisoa ka lipuo tse 83 ’me ho hatisoa tse ka bang limilione tse 40 makasineng e ’ngoe le e ’ngoe e ncha.
Ho boetse ho na le libuka, libukana, lipampitšana, li-CD kapa li-MP3 le li-DVD tse hlalosang lithuto tsa Bibele ka lipuo tse 540. Lipaki li hatisitse le ho aba lintho tsena tse fetang libilione tse 20 lilemong tse leshome feela tse fetileng, e leng hoo e ka bang karolelano ea tse tharo bakeng sa motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng!
Lipaki Tsa Jehova li boetse li hatisitse kapa li hlophisitse hore ho hatisoe Libibele ka lipuo tse ngata. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—e fetoleloang, e hatisoang e bileng e ajoang ke Lipaki—hona joale e fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 96. Ho se ho abiloe tse fetang limilione tse 166. Lipaki Tsa Jehova li boetse li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso . . .
Libokeng Tsa Bokreste. Liboka tsa beke le beke tse tšoaroang Liholong Tsa ’Muso hase feela litšebeletso tsa bolumeli; morero oa tsona ke ho ruta. Ho fanoa ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng, ’me ho sebelisoa makasine ea Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling ho ithuta Bibele. Libokeng tseo, Lipaki li boetse li ithuta hore na e ka ba baboleli ba atlehang joang ba litaba tse molemo.
Lipaki li ithuta boitsebiso bo tšoanang liphuthehong tse fetang 107 000 lefatšeng ka bophara, e leng se etsang hore li be le bonngoe. Libokeng tsena ho ka tla mang le mang. Ha ho mohla ho batloang koleke. Ke ’nete hore sena sohle e ne e tla ba lefeela haeba Lipaki li sa sebelise seo li se rutang. Ka hona, li leka ho buella litaba tse molemo ka . . .
Mohlala o Motle. Li leka ho beha mohlala o motle oa Bakreste, li etsa sohle se matleng a tsona ho tšoara batho ba bang ka tsela eo li tla rata ho tšoaroa ka eona. (Matheu 7:12) Le hoja li sa phethahala ’me ka linako tse ling li etsa liphoso, li lakatsa ka pelo eohle hore li tšoare batho bohle ka tsela e lerato, eseng feela ka ho ba bolella litaba tse molemo empa hape le ka ho fana ka thuso moo ho khonehang.
Lipaki Tsa Jehova ha li leke ho sokolla lefatše ka molaetsa oa tsona. Ho e-na le hoo, ha Jehova a se a khotsofetse hore mosebetsi oo o phethiloe ka botlalo, bofelo bo tla tla joalokaha Jesu a ile a bolela. Seo se tla bolela’ng ka lefatše le batho ba ho lona?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Litaba tse molemo li boleloa lefatšeng lohle ke Lipaki Tsa Jehova
-
-
“Bofelo” ke Eng?Molula-Qhooa—2011 | March 1
-
-
“Bofelo” ke Eng?
“. . . joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—MATHEU 24:14.
MEHLENG ena ho buuoa haholo ka bofelo ba lefatše. Libuka, lifilimi le limakasine, ebang ke tsa metlae kapa tsa saense, li bua ka letsatsi la timetso ka litsela tse sa tšoaneng. Tsona li akarelletsa timetso e bakoang ke ntoa ea nyutlelie, ho thulana ha lipolanete, livaerase tse bolaeang, ho fetoha ha tlelaemete ho sa laoleheng, kapa lintho tse kotsi tse tsoang sepakapakeng.
Malumeli le ’ona a ruta lintho tse sa tšoaneng; a mangata a ruta hore “bofelo” bo bolela hore lintho tsohle tse phelang lefatšeng li tlil’o timela. Setsebi se seng sa bolumeli ha se hlalosa Matheu 24:14 se ngotse mantsoe ana a bohlokoa: “Ena ke e ’ngoe ea litemana tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho tsohle tse Lentsoeng la Molimo . . . Moloko oa rōna o tjametsoe ke ho timetsoa ka ho e feletseng hoo e leng batho ba fokolang feela ba lekang ho nahana ka ntho ena e tšosang e hlileng e tla etsahala.”
Hangata maikutlo a joalo a hlokomoloha ’nete ena ea bohlokoa: Jehova Molimo o ‘tiisitse lefatše ka thata’; ha aa ‘le bōpela lefeela, empa o le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Ka hona, ha Jesu a bua ka “bofelo,” o ne a sa bolele hore ho tla timetsoa lefatše la sebele kapa oona moloko oa batho kaofela. O ne a bolela hore ba khopo—bao ka manganga ba hanang ho latela tataiso ea Jehova e lerato—ba tla timetsoa.
Ak’u nahane ka papiso ena. A re re mohlomong u na le lehae le letle leo u lumeletseng batho hore ba lule ho lona ba sa lefe letho. Ba bang ba batho ba lulang moo ba phelisana ka khotso le ba bang ba bile ba hlokomela lehae lena hantle. Empa ba bang bona, ha bona ke likhathatso feela, ba lula ba loantšana ba bile ba hlekefetsa ba se nang likhathatso. Ba senya thepa ea hao ka boomo ’me ba tiisa melala feela ha u leka ho ba khalemela.
U ne u tla rarolla bothata boo joang? Na u ne u tla senya lehae la hao? Le hanyenyane! Mohlomong u ne u tla leleka batho bao ba likhathatso ebe u lokisa tšenyo eo ba e entseng.
Jehova o tla etsa se tšoanang. O ile a susumetsa mopesaleme hore a ngole tjena: “Etsoe baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše. Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:9-11.
Moapostola Petrose o ile a bua ka taba e tšoanang. O ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” (2 Petrose 3:5, 6) Mona moapostola o bua ka Moroallo oa mehleng ea Noe. Lefatše leo la batho ba sa tšabeng Molimo le ile la timetsoa, empa lefatše ka bolona ha lea ka la felisoa. Moroallo oo oa lefatše lohle o “behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.”—2 Petrose 2:6.
Joale Petrose o ile a phaella: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo.” Haeba re ne re ka fella hona mona, re ne re tla ba le khopolo e fosahetseng. Leha ho le joalo, hlokomela hore temana ena e tsoela pele ho re: “Le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” Timetso hase ea lefatše ka bolona empa ke ea batho ba se nang bomolimo. Ebe ho latela eng? Petrose o ile a ngola: “Ho na le maholimo a macha [’Muso oa Molimo oa Bomesia] le lefatše le lecha [sechaba sa batho ba lokileng] tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:7, 13.
Boprofeta ba Bibele bo boetse bo bontša hore nako ea “bofelo” e se e le haufi. Bala Matheu 24:3-14 le 2 Timothea 3:1-5 e le hore u bone lintho tse pakang hore sena ke ’nete.a
Na ke ntho e u makatsang hore ebe ho na le pherekano ka lengolo lee leo le ngoana e monyenyane a ka le utloisisang, la Matheu 24:14? Lebaka le teng. Satane o foufalitse batho hore ba se ke ba bona linnete tsa Lentsoe la Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Hape Molimo o patetse ba ikhohomosang merero ea hae ’me o e senoletse ba ikokobetsang. Malebana le sena, Jesu o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” (Matheu 11:25) Ke tlotla e kaakang ho ba har’a ba ikokobelitseng ba utloisisang seo ’Muso oa Molimo o hlileng o leng sona le ba lebeletseng ka cheseho litlhohonolofatso tseo o tla li tlisetsa ba o tšehetsang!
-