-
Ho Beha Bopaki ‘Lichabeng Tsohle’Molula-Qhooa—1994 | August 15
-
-
Ho Beha Bopaki ‘Lichabeng Tsohle’
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale bofelo bo tla tla.”—MATTHEU 24:14, NW.
1. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Mattheu 24:14 e tlameha ebe e bile a makatsang ho balateli ba hae?
MANTSOE a ka holimo a Jesu e tlameha ebe e bile a makatsang hakaakang ho barutuoa ba hae ba Bajode! Khopolo ea hore Bajode ba halalelang ba e’o bua le Batho bao e seng Bajode, ‘ba sa hloekang,’ “ba-lichaba,” e ne e le esele ho Mojode, e bile e le e nyonyehang.a Ka sebele, Mojode ea hloko o ne a ke ke a nahana hore a kene lelapeng la Molichaba! Barutuoa bao ba Bajode ba ne ba sa ntse ba tšoanetse ho ithuta ho hongata ka Jesu, lerato la hae, le thōmo ea hae. ’Me ba ne ba sa ntse ba tšoanetse ho ithuta ho hongata ka ho hloka leeme ha Jehova.—Liketso 10:28, 34, 35, 45.
2. (a) Tšebeletso ea Lipaki e bile batsi hakae? (b) Ke lintlha life tse tharo tsa motheo tse tlatselitseng tsoelo-peleng ea Lipaki?
2 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo har’a lichaba, ho akarelletsa Iseraele ea kajeno, ’me hona joale li li bolela lichabeng tse eketsehileng ho feta leha e le neng pele. Ka 1994 Lipaki tse ka holimo ho limilione tse ’nè le halofo li bolela linaheng tse ka bang 230. Li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka bang limilione tse ’nè le halofo le batho ba thahasellang. Sena se etsoa har’a leeme la lefatše ka bophara, leo hangata motheo oa lona e leng ho se tsebe lithuto le boikemisetso ba Lipaki. Joalokaha ho ile ha boleloa ka Bakreste ba pele, ho ka boleloa joalo ka tsona: “Ha e le thuto eo, rea tseba hore e hanoa kahohle.” (Liketso 28:22) Ebe joale re ka re tšebeletso ea tsona e atlehisoa ke eng? Bonyane ho na le lintlha tse tharo tse tlatsetsang tsoelo-peleng ea tsona—ho latela ketello-pele ea moea oa Jehova, ho etsisa mekhoa e sebetsang ea Kreste, le ho sebelisa lisebelisoa tse molemo bakeng sa puisano e atlehang.
Moea oa Jehova le Litaba tse Molemo
3. Ke hobane’ng ha re ke ke ra ikhantša ka se finyeletsoeng?
3 Na Lipaki tsa Jehova li ikhantša ka katleho ea tsona, joalokaha eka e teng ka lebaka la bokhoni leha e le bofe bo khethehileng boo ebang li ka ba le bona? Che, hobane mantsoe a Jesu aa sebetsa: “Ha le entse ntho tsohle tseo le li laetsoeng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tšoanetse ho se etsa.” E le Bakreste ba inehetseng, ba kolobelitsoeng, Lipaki tsa Jehova li ithaopetse ho amohela boikarabelo ba ho sebeletsa Molimo, ho sa tsotellehe maemo a tsona a botho. Ho ba bang, seo se bolela tšebeletso ea nako e tletseng e le baromuoa kapa e le baithaopi liofising tsa makala le mehahong eo ho eona ho hatisoang libuka tsa Bokreste. Ho ba bang boithaopo bo joalo ba Bokreste bo ba isa mosebetsing oa kaho ea mehaho ea bolumeli, boboleling ba nako e tletseng e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho, kapa boboleling ba nakoana e le bahoeletsi ba litaba tse molemo liphuthehong tsa habo bona. Ha ho lea mong oa rōna ea ka ikhantšang ka ho etsa mosebetsi oo re o abetsoeng, “seo re neng re tšoanetse ho se etsa.”—Luka 17:10; 1 Ba-Korinthe 9:16.
4. Khanyetso ea lefatše ka bophara tšebeletsong ea Bokreste e hlōtsoe joang?
4 Katleho leha e le efe eo re nang le eona e teng ka lebaka la moea oa Jehova, kapa matla a sebetsang. Ho loketse kajeno ho bolela joalokaha ho ne ho boleloa mehleng ea moprofeta Zakaria: “Ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!” Kahoo, khanyetso e etsetsoang mosebetsi oa boboleli oa Lipaki lefatšeng ka bophara e hlōtsoe, eseng ka boiteko ba motho, empa ka tataiso le tšireletso tsa Jehova.—Zakaria 4:6.
5. Jehova o phetha karolo efe ho jaloeng ha molaetsa oa ’Muso?
5 Tabeng ea ba arabelang ka ho nka khato molaetseng oa ’Muso, Jesu o ile a re: “Ho ngoliloe mangolong a baporofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo. Ka baka leo, e mong le e mong ea utloileng Ntate, ea ithutileng ho eena, o tla ho ’na. . . . Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa ho fuoe ke Ntate.” (Johanne 6:45, 65) Jehova a ka bala lipelo le mehopolo, ’me o tseba bao ho ka etsahalang hore ba arabele ka ho nka khato leratong la hae esita le haeba ba e-s’o mo tsebe. Hape o sebelisa mangeloi a hae ho tsamaisa tšebeletso ena e ikhethang. Ke ka lebaka leo Johanne ka pono a ileng a bona mangeloi a nkile karolo eaba oa ngola: “Ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli [litaba tse molemo, NW] ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.”—Tšenolo 14:6.
Ho Ela Tlhoko ea Moea Hloko
6. Ke boikutlo bofe ba motheo bo hlokahalang hore motho a arabele ka ho nka khato litabeng tse molemo?
6 Lebaka le leng la hore Jehova a nehe motho monyetla oa ho amohela litaba tse molemo ke le ileng la boleloa ke Jesu: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:3, NW) Motho ea khotsofetseng boeena kapa ea sa batleng ’nete a ke ke falimehela seo a se hlokang moeeng. O nahana feela ka lintho tse bonahalang, tsa nama. Boikutlo ba ho khotsofala a sa hlokomele kotsi bo fetoha mokoallo. Ka hona, ha ba bangata bao re kopanang le bona ha re e-ea ka ntlo le ntlo ba hana molaetsa, re lokela ho nahanela mabaka ’ohle a sa tšoaneng ao batho ba ka bang le ’ona bakeng sa boitšoaro ba bona.
7. Ke hobane’ng ha ba bangata ba sa arabele ka ho nka khato ’neteng?
7 Ba bangata ba hana ho mamela hobane ka manganga ba khomaretse bolumeli boo ba bo jeleng lefa ho baholo ba bona ’me ha baa ikemisetsa ho buisana le batho ba bang. Ba bang ba hohetsoe ke bolumeli bo lumellanang le botho ba bona—ba bang ba batla bolumeli ba mehlolo, ba bang ba arabela ka ho nka khato pontšong ea ho nkeha maikutlo, ba bang hape ba batla mekhatlo ea boithabiso likerekeng tsa bona. Ba bangata kajeno ba khethile mokhoa oa bophelo o loantšanang le litekanyetso tsa Molimo. Mohlomong ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, e leng lebaka la hore ba re, “Ha ke thahaselle.” Empa ba bang, ba ka ’nang ba bolela hore ba rutehile ’me ba tšehetsa saense, ba hana Bibele ka hore ha e na lintho tse rarahaneng.—1 Ba-Korinthe 6:9-11; 2 Ba-Korinthe 4:3, 4.
8. Ke hobane’ng ha ho hana ho sa lokela ho fokotsa cheseho ea rōna? (Johanne 15:18-20)
8 Na ho hana ha ba bangata ho lokela ho fokotsa tumelo ea rōna le cheseho tšebeletsong ee e pholosang bophelo? Re ka fumana matšeliso mantsoeng a Pauluse a neng a e-ea ho Baroma: “Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba lumela, ho se lumele ha bona ho ka fosisa ho tšepeha ha Molimo na? Ho se be joalo! ’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano, joalo ka ha ho ngoliloe, ho thoe: U tle u fumanoe u lokile lipolelong tsa hao, ’me u tle u hlōle mohla u ahloloang.”—Ba-Roma 3:3, 4.
9, 10. Ho na le bopaki bofe ba hore khanyetso e hlōtsoe linaheng tse ngata?
9 Re ka fumana khothatso mehlaleng e mengata ho pota lefatše ea linaha tse ileng tsa bonahala ho hang li sa arabele ka ho nka khato empa leha ho le joalo, ka mor’a nako, e bile tse fapaneng ka ho feletseng. Jehova le mangeloi ba tsebile hore ho ne ho e-na le batho ba lipelo li ntle ba tla fumanoa—empa Lipaki tsa Jehova li ne li tšoanela ho phehella le ho mamella tšebeletsong ea tsona. E le mohlala, nka linaha tse ling tseo ho tsona Bok’hatholike bo neng bo bonahala e le tšitiso e ke keng ea hlōloa lilemong tse fetileng tse 50—Argentina, Brazil, Colombia, Ireland, Italy, Mexico, Portugal, le Spain. Lipaki li ne li rothela morao koana ka 1943, li le 126 000 feela lefatšeng ka bophara, tse 72 000 tsa tsona li le United States. Ho hloka tsebo le leeme tseo Lipaki li neng li talimane le tsona ho ne ho bonahala li tšoana le lerako la setene le neng le ke ke la phunngoa. Leha ho le joalo, tse ling tsa liphello tse atlehileng ka ho fetisisa tsa boboleli kajeno li bile linaheng tsena. Ho tšoanang ke ’nete ka linaha tse ngata tseo e neng e le tsa Bokomonisi. Ho kolobetsoa ha ba 7 402 kopanong ea Kiev, Ukraine, ka 1993, ho paka sena.
10 Lipaki li ’nile tsa sebelisa mekhoa efe e le hore li tsebahatse litaba tse molemo ho baahelani ba tsona? Na li ’nile tsa sebelisa tšusumetso ea lintho tse bonahalang hore li fumane basokolohi, e leng seo ba bang ba ’nileng ba bolela ntle ho bopaki hore lia se etsa? Na li ’nile tsa etela mafutsana le ba sa rutehang feela, joalokaha ba bang ba ’nile ba bolela?
Mekhoa e Atlehileng ea ho Fetisa Litaba tse Molemo
11. Jesu o ile a beha mohlala ofe o motle tšebeletsong ea hae? (Bona Johanne 4:6-26.)
11 Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba beha mohlala oo Lipaki li o latelang ho fihlela letsatsing la kajeno mosebetsing oa tsona oa ho etsa barutuoa. Jesu o ne a e-ea kae le kae moo ho neng ho e-na le batho, barui kapa mafutsana—malapeng, libakeng tsa sechaba, ka thōko ho matša, mesikong ea lithaba, esita le masynagogeng.—Mattheu 5:1, 2; 8:14; Mareka 1:16; Luka 4:15.
12, 13. (a) Pauluse o ile a behela Bakreste mohlala joang? (b) Lipaki tsa Jehova li latetse mohlala oa Pauluse joang?
12 Mabapi le tšebeletso ea hae, ka nepo moapostola Pauluse o ne a ka re: “Le tseba mokhoa oo ke ’nileng ka etsa ka oona har’a lōna, ha e sa le ke fihla Asia; kamoo ke sebelelitseng Morena kateng, . . . le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna.”—Liketso 20:18-20.
13 Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng lohle ka ho latela ha tsona mohlala ona oa baapostola, tšebeletso ea ntlo le ntlo. Ho e-na le ho ameha haholo ka tšebeletso ea TV e lefelloang haboima, le e okolang litaba ka holimo feela le e sa etseng hore ho be le kamano ea botho le bamameli, Lipaki li ea ho batho, barui le mafutsana, ’me ba kopana le bona lifahleho li talimane. Li batla ho qoqa ka Molimo le Lentsoe la hae.b Ha li leke ho etsa Bakreste ba sokolotsoeng ka lithuso, li sebelisa liphallelo. Ho ba ikemiselitseng ho nahana, li supa hore pheko feela ea ’nete mathateng a moloko oa batho ke puso ea ’Muso oa Molimo, o tla fetola maemo lefatšeng la rōna hore a be molemo.—Esaia 65:17, 21-25; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.
14. (a) Baromuoa le bo-pula-maliboho ba bangata ba ralile motheo o tiileng joang? (b) Re ithuta eng ka phihlelo ea Lipaki tsa Jehova Japane?
14 Hore mosebetsi o tle o phethoe linaheng tse ngata kamoo ho ka khonehang, baromuoa le bo-pula-maliboho ba butse monyetla lichabeng tse ngata. Ba ralile motheo, ’me joale Lipaki tsa moo ke tsona tse etelletseng pele. Kahoo, ha hoa hlokahala palo e khōlō ea Lipaki tse tsoang libakeng tse ling ho ntšetsa pele boboleli le ho bo boloka bo hlophisitsoe hantle. Mohlala o mong o hlaheletseng ke Japane. Khale mafelong a bo-1940, boholo ho ne ho e-ea baromuoa ba Australasia le Brithani teng, ba ithuta puo, ba iketsa hore ba lumellane le maemo a neng a batla a saletse morao a nako eo ea ka mor’a ntoa, eaba ba qala ho ea paka ka ntlo le ntlo. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki li ne li thibetsoe le ho hlorisoa Japane. Ka hona baromuoa ba ile ba fihla ba fumana ho e-na le Lipaki tse seng kae tse mafolo-folo tsa Majapane. Empa kajeno li eketsehile ho fihlela ho tse ka holimo ho 187 000 liphuthehong tse fetang 3 000! Lekunutu la katleho ea bona ea kapele e ne e le lefe? Moromuoa e mong ea bileng tšebeletsong ka lilemo tse fetang 25 mono o ile a re: “E ne e le habohlokoa ka ho fetisisa ho ithuta ho qoqa le batho. Ka ho tseba puo ea bona, re ile ra ba le hona ho ipeha boemong ba bona, ho utloisisa le ho ananela tsela ea bona ea bophelo. Re ile ra tlameha ho bontša hore re rata Majapane. Ka boikokobetso re ile ra leka ho ba karolo ea batho ba moo, empa ka ho hlakileng re sa sekisetse melao-motheo ea rōna ea bohlokoa ea Bokreste.”
Boitšoaro ba Bokreste le Bona ke Bopaki
15. Lipaki li bonahalitse boitšoaro ba Bokreste joang?
15 Leha ho le joalo, batho ha baa arabela feela ka ho nka khato molaetseng oa Bibele. Hape ba bone Bokreste ha bo sebetsa. Ba hlokometse lerato, kutloano, le bonngoe tsa Lipaki esita le tlas’a maemo a lekang ka ho fetisisa, a kang lintoa tsa lehae, liqabang tsa meloko, le bora ba merabe. Lipaki li bolokile boemo bo hlakileng ba ho se jele pate ha Bokreste likhohlanong tsohle ’me li phethahalitse mantsoe a Jesu: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:34, 35.
16. Ke phihlelo efe e bontšang lerato le sebetsang la Bokreste?
16 Lerato la boahisani le ile la bontšoa tabeng ea monna-moholo e mong ea ileng a ngolla pampiri ea habo ka “Monghali le Mofumahali Molemo.” O ile a hlalosa hore baahisani ba hae ba ne ba bile mosa ho eena ha mosali oa hae a ne a le makhatheng a lefu. O ile a ngola: “Haesale a feta . . . ba bile molemo haholo. Ho tloha ka nako eo ‘ba ithaopetse ho nketsa mong ka bona,’ . . . ba etsa mesebetsi ea mefuta eohle ea lelapa le ho thusa ho rarolla mathata a motho ea seng a sa sebetse ea lilemo li 74. Se etsang hore sena e be se sa tloaelehang haholoanyane ke hore ba batšo, ’na ke mosoeu. Ke Lipaki tsa Jehova, ke Mok’hatholike ea seng a sa kene kereke.”
17. Re lokela ho qoba tsela efe?
17 Phihlelo ena e bontša hore re ka fana ka bopaki ka litsela tse ngata, ho akareletsa boitšoaro ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ha e le hantle, ntle leha boitšoaro ba rōna bo le joaloka ba Kreste, tšebeletso ea rōna e ne e tla ba ea Bofarisi, e sa atleheng. Ha re batle ho tšoana le bao Jesu a ileng a ba hlalosa: “Le boloke, ’me le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.”—Mattheu 22:37-39; 23:3.
Sehlopha sa Mohlanka se Fana ka Lisebelisoa tse Nepahetseng
18. Lingoliloeng tsa Bibele li re hlomella joang hore re thuse batho ba lipelo li tšepahalang?
18 Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ho boleleng litaba tse molemo lichabeng tsohle e bile boteng ba lingoliloeng tsa Bibele tse hlahisoang ke Watch Tower Bible and Tract Society. Re na le libuka, libukana tse lekanang le makasine, lipampitšana, le limakasine tse ka khotsofatsang hoo e ka bang motho e mong le e mong ea botsang ka tieo. Haeba re kopana le Momosleme, Mohindu, Mobuddha, Motao, kapa Mojode, re ka sebelisa buka Moloko oa Batho o Batla Molimo kapa lipampitšana le libukana tse sa tšoaneng bakeng sa ho qalisa moqoqo ’me mohlomong le thuto ea Bibele. Haeba ea lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho a botsa ka pōpo, re ka sebelisa buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Haeba mocha a botsa, ‘Morero oa bophelo ke eng?’ re ka mo lebisa bukeng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Haeba motho a amiloe ka botebo ke mathata a botho—ho tepella maikutlo, mokhathala, peto, tlhalo—re na le limakasine tse sebelitseng litaba tse joalo ka tsela e sebetsang. Kannete, sehlopha sa mohlanka ea khabane eo Jesu a ileng a profeta ka eena hore o ne a tla fana ka “lijo nakong ea teng” se phetha karolo ea sona.—Mattheu 24:45-47.
19, 20. Mosebetsi oa ’Muso o ile oa potlakisoa joang Albania?
19 Empa hore lingoliloeng tsena li fihle lichabeng, ho ile ha hlokahala hore li hlahisoe ka maleme a mangata. Ho bile bonolo joang hore Bibele le lingoliloeng tsa Mangolo li fetoleloe ka lipuo tse fetang 200? Re tla hlahloba ka bokhutšoanyane mohlala o le mong, Albania, ho bontša kamoo sehlopha sa mohlanka ea khabane, ea bohlale se ’nileng sa ntšetsa pele litaba tse molemo ho sa tsotellehe mathata a maholo ebile ho se na Pentekonta ea kajeno ho fana ka tsebo ea lipuo e tlang ka ho panya ha leihlo.—Liketso 2:1-11.
20 Lilemong tse seng kae tse fetileng, Albania e ne e ntse e shejoa e le eona feela naha ea Bokomonisi eo ka tieo e sa lumeleng boteng ba Molimo. Makasine ea National Geographic e ile ea bolela ka 1980: “Albania e hanela [bolumeli], ka 1967 e ipolela hore ke ‘’muso oa pele lefatšeng o sa lumeleng boteng ba Molimo.’ . . . Moloko o mocha oa Albania o tseba feela khopolo e latolang boteng ba Molimo.” Kaha joale Bokomonisi bo oele, batho ba Albania ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ba arabela ka ho nka khato boboleling bo etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Ka 1992 Tiranë ho ile ha thehoa sehlopha se senyenyane sa phetolelo seo litho tsa sona e leng Lipaki tse nyenyane tse tsebang Setaliana le Senyesemane. Baena ba tšoanelehang ba neng ba etile ba e-tsoa linaheng tse ling ba ile ba ba ruta ho sebelisa li-computer tse ka beoang liropeng hore ba ngole taba ka Sealbania. Ba ile ba qala ka ho fetolela lipampitšana le makasine ea Molula-Qhooa. Ha ba ntse ba fumana phihlelo, ba sebeletsa ho fetolela lingoliloeng tse ling tsa bohlokoa tsa Bibele. Hona joale ho na le Lipaki tse mafolo-folo tse fetang 200 naheng eo e nyenyane (baahi ba 3 262 000), ’me ba 1 984 ba bile teng Sehopotsong ka 1994.
Bohle Re Na le Boikarabelo
21. Re phela nakong ea mofuta ofe?
21 Liketsahalo tsa lefatše li fihla tlhorong. Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao le pefo, polao le peto lintoeng tsa libaka tse itseng, boitšoaro bo hlephileng bo atileng le litholoana tsa bona tsa maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho hlompholla bolaoli bo lumeletsoeng ka molao, lefatše le bonahala le fetoha le se nang taolo, le sa busoeng. Re nakong e tšoanang le mehla ea pele ho Moroallo e hlalositsoeng ho Genese: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea e-ba ntšo.”—Genese 6:5, 6; Mattheu 24:37-39.
22. Lipaki tsohle tsa Jehova li na le boikarabelo bofe ba Bokreste?
22 Feela joaloka mehleng ea Noe, Jehova o tla nka khato. Empa tokeng ea hae le leratong la hae, o batla hore litaba tse molemo le molaetsa oa temoso li bolelloe lichaba tsohle pele. (Mareka 13:10) Tabeng ena Lipaki tsa Jehova li na le boikarabelo—ho fumana ba tšoaneloang ke khotso ea Molimo le ho ba ruta litsela tsa hae tsa khotso. Haufinyane, ka nako e tšoanelang ea Molimo, thōmo ea ho bolela e tla phethoa ka katleho. “E tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 10:12, 13; 24:14; 28:19, 20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Balichaba, bona sehlooho “Nations” ho Insight on the Scriptures, Buka II, maqepheng a 472-4, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa litlhahiso tse sebetsang tšebeletsong ea Bokreste, bona Molula-Qhooa, April 1, 1985, leqepheng la 26, “Kamoo re ka Bang Basebeletsi ba Beang,” le Molula-Qhooa, April 15, 1985, leqepheng la 25, “Tšebeletso e Beang E Isang Keketsehong ea Barutuoa.”
-
-
Ho Beha Bopaki ‘Lichabeng Tsohle’Molula-Qhooa—1994 | August 15
-
-
[Lebokose le leqepheng la 19]
LIPAKI TSE NENG LI LE KA
NAHA MAFOLO-FOLO KA 1943 1993
Argentina 374 102 043
Brazil 430 366 297
Chile 72 44 668
Colombia ?? 60 854
Fora Ntoa ea II ea Lefatše—ha ho tlaleho 122 254
Ireland 150? 4 224
Italy Ntoa ea II ea Lefatše—ha ho tlaleho 201 440
Mexico 1 565 380 201
Peru Ha ho tlaleho ea mosebetsi 45 363
Philippines Ntoa ea II ea Lefatše—ha ho tlaleho 116 576
Poland Ntoa ea II ea Lefatše—ha ho tlaleho 113 551
Portugal Ha ho tlaleho ea mosebetsi 41 842
Spain Ha ho tlaleho ea mosebetsi 97 595
Uruguay 22 9 144
Venezuela Ha ho tlaleho ea mosebetsi 64 081
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipaki tsa Jehova lia eketseha linaheng tse ngata tsa Bok’hatholike, tse kang Spain
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Lipaki tsa Jehova li mafolo-folo lichabeng ho pota lefatše
-