Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Lula ba Hlophiselitsoe ho Pholohela ho Millennium
    Molula-Qhooa—1989 | September 1
    • 6. (a) Ho tsoaloa ha ’Muso ho ile ha hloka mosebetsi ofe o neng o profetiloe ke Jesu? (b) Ho etsa mosebetsi ona ho ile ha hloka eng ka lehlakoreng la batho ba Jehova, ’me hona joale ba itlhahisa e le batho ba mofuta ofe?

      6 Ho tsoaloa ha ’Muso oa Jehova oo ka oona a tlang ho phahamisa bobusi ba hae bo loketseng bokahohleng bohle—khele! ke ena ntho e neng e lokela ho phatlalatsoa lefatšeng lohle! Ena hape e ne e le nako ea ho phethahatsoa ha mantsoe ana a Jesu mabapi le bopaki ba ‘ho ba teng’ ha hae ho sa bonahaleng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:3, 14) Boboleli bo momahaneng le bo lumellanang bo etsoang lichabeng tsohle, ka tekanyo ea lefatše lohle ka sebele bo ne bo tla hloka hore karolo e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohle oa Jehova e hlophisoe. Watch Tower Bible and Tract Society, joalokaha e ne e emeloa ke eo e neng e le mopresidente oa eona ka nako eo, J. F. Rutherford, e ne e lumellana le sena. Kahoo, ho tloha selemong sa ka morao ho ntoa sa 1919, ho hlophisoa ha batšehetsi ba tšepahalang ba Mokhatlo e le sechaba se tsosolositsoeng ho ile ha tsoela pele ka boikemisetso, ka thapelo bakeng sa tataiso le tlhohonolofatso ea Mohlophisi e Moholo, Jehova Molimo. Li tobane le Ntoa ea II ea Lefatše, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea Mokha oa Puso ea Bohatelli, mokha oa Nazi oa Hitler, le Mokha oa K’hatholike, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa itlhahisa li momahane lefatšeng la sera.

  • Ho Lula ba Hlophiselitsoe ho Pholohela ho Millennium
    Molula-Qhooa—1989 | September 1
    • 9. Ke hobane’ng ha linku li memeloa ho ‘amohela ’Muso oo esale li o lokisetsoa,’ ’me ke joang li leng boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho etsa molemo ho baena ba Morena?

      9 Ke hobane’ng ha bana ba kang linku ba memeloa ho ‘amohela ’muso oo ba o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa’? Morena o ba bolella hore ke hobane ba ile ba etsa “baena” ba hae hantle, ’me ka lebaka leo ba ho entse ho eena. Ka lentsoe “baena,” Morena o bolela masala a baena ba hae ba moea ba sa ntsaneng ba le lefatšeng bofelong bona ba tsamaiso ea lintho. Kaha ba fetohile mohlape o le mong le baena bana ba Morena le Molisa, Jesu Kreste, ba ne ba tla ipoloka kamanong e haufi kamoo ho ka khonehang le masala a joalo ’me kahoo ba be boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho ba etsa hantle. Le ka litsela tse bonahalang, ba ne ba tla thusa baena ba Jesu ho bolela molaetsa oa ’Muso o hlomiloeng lefatšeng ka bophara pele bofelo bo e-tla. Ntlheng ena linku li ne li tla nka tokelo ea tsona e le ea bohlokoa hore li lule li hlophisitsoe le masala e le mohlape o le mong oa Molisa a le mong.

  • Ho Lula ba Hlophiselitsoe ho Pholohela ho Millennium
    Molula-Qhooa—1989 | September 1
    • 11. Linku li bontša joang hore li emela ’Muso, ’me ka lebaka la sena, ke lehlohonolo lefe le tobaneng le tsona?

      11 Ha ho bapisoa le lipōli tsa tšoantšetso, ntle ho phoso bana ba kang linku ba bontša hore ba emetse ’Muso. Joang? Ka liketso, e seng ka mantsoe feela. Ka lebaka la ho se bonahale ha Morena maholimong, ba ke ke ba mo etsa hantle ka ho toba e le ho tšehetsa ’Muso oa hae. Kahoo ba etsa hantle baena ba hae ba moea ba ntseng ba le lefatšeng. Le hoja hona ho mema lehloeo, khanyetso, le mahloriso tse etsoang ke lipōli, ka lebaka la ho etsa botle joalo, Morena o bolella linku hore ‘li hlohonolofalitsoe ke Ntat’ae.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela