Na U Sa Hopola?
Na u fumane litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa e le tsa bohlokoa bo nang le thuso ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa sebelise lipotso tse latelang ho bona hore na u sa hopola:
akreste ba bangata ba talimaneng le liqeto tsa khiro ba thusitsoe ke lipotso life tse peli hore ba etse qeto?
Potso ea pele ea bohlokoa ke ena: Na mosebetsi oo ka booona o nyatsoa ke Bibele? Potso ea bobeli ke ena: Na ho etsa mosebetsi oo ho tla etsa hore motho a kenye letsoho ketsong e nyatsuoang?—4/15, leqepheng la 28.
◻ “Pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela” ka tsela efe? (Baroma 8:20)
Re ile ra “behoa tlas’a lefeela” ka lebaka la liketso tsa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Sena ha sea etsahala ka lebaka la ‘thato ea rōna’ kapa ka lebaka la khetho eo motho ka mong a iketselitseng eona. Re se futsitse. Le hoja joale ntho feela eo batsoali ba rōna ba pele ba neng ba ka e fetisetsa ho rōna e ne e le ho se phethahale, sebe le lefu, ka mosa Jehova o ile a ba lumella hore ba tsoale bana. Lefu le ile la namela ho batho bohle, ka kutloisiso eo, Molimo o ile a ‘beha pōpo tlas’a lefeela.’—5/1, leqepheng la 5.
◻ Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho bolela hore “ntho e nyonyehang” e tla ‘ema sebakeng se halalelang’ nakong e tlang? (Matheu 24:15)
Mohlaleng oa boholo-holo, ‘ntho e nyonyehang e emeng sebakeng se halalelang’ e ne e amahanngoa le tlhaselo ea Baroma tlas’a Molaoli oa Mabotho Gallus ka 66 C.E. Tlhaselo ea kajeno e tšoanang le eo—ho qhoma ha “matšoenyeho a maholo”—e sa ntse e larile ka pele. (Matheu 24:21) Ka hona “ntho e nyonyehang e bakang lesupi,” e sa ntse e tla ema sebakeng se halalelang.—5/1, leqepheng la 16 le la 17.
◻ Ntate le ’mè ba sebetsang ba ka fumana nako ea ho ba le bana ba bona joang?
’Mè ea sebetsang ea ikutloang a khathetse ka mor’a mosebetsi oa letsatsi, a ka kōpa bana ba hae hore ba phehe lijo tsa mantsiboea le eena. Ntate ea nang le lethathamo le lelelele la lintho tseo a lokelang ho li etsa ka mafelo-beke a ka etsa e meng ea mesebetsi eo le bana ba hae.—5/15, leqepheng la 6.
◻ Ba ‘tsamaeang tseleng ea Jehova’ ba lokela ho etsa eng? (Jeremia 7:23, NW)
Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka botšepehi bo sa sekisetseng—ho ikemisetsa ho sebeletsa eena a ’notši. Ho hloka tšepo—tumelo e feletseng ea hore litšepiso tsa Jehova ke tsa ’nete ’me li tla phethahala. Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka kutlo—ho latela melao ea hae ntle le ho kheloha le ho boloka litekanyetso tsa hae tse phahameng. (Pesaleme ea 11:7)—5/15, leqepheng la 14.
◻ Boikarabelo bo nang le likarolo tse ’nè boo “limpho tseo e leng banna” li ka bo phethang ke bofe? (Baefese 4:8)
Li ka re khutlisetsa tseleng ka bonolo, tsa re haha ka lerato, tsa tlatsetsa bonngoeng ba rōna ka phuthehong, ’me ka sebete tsa re sireletsa. (Baefese 4:12-14)—6/1, leqepheng la 14.
◻ Re ka ithuta eng botsoalleng ba Pauluse le batho ba ka bang lekholo ba boletsoeng ho Liketso le mangolong a hae?
Re lokela ho sebetsa le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo kamehla, le phutheho ea habo rōna, le balumeli-’moho le rōna. Re hloka thuso ea bona, tšehetso ea bona le khothatso linakong tse monate le linakong tsa likhathatso.—6/1, leqepheng la 31.
◻ Ke lintlha life tse tharo tse ka ’nang tsa sebelisoa ho thusa ba bang ho nahana ka ’Mōpi?
Ho nepahala ho bonoang ka lihloliloeng bokahohleng bo boholohali, qaleho ea bophelo lefatšeng le ho ikhetha ho ke keng ha latoloa ha boko ba motho, ka matla a bona a sa tšoaneng.—6/15, leqepheng la 18.
◻ Ke hobane’ng ha ho utloisisa seo lebitso la ’Mōpi le se bolelang ho le bohlokoa hakaale?
Lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore ho be,” ’me le totobatsa hore oa rera a be a etse. Ka ho tseba le ho sebelisa lebitso la hae, re ka utloisisa hamolemo hore o phethahatsa litšepiso le ho etsa hore ka mafolofolo merero ea hae e phethahale.—6/15, leqepheng la 21.
◻ Bana ba ka kopanela joang thutong ea lelapa ea Bibele?
Haeba ho khoneha, lokisetsa hore ngoana e mong le e mong a be le Bibele ea hae le sengoliloeng se ithutoang. Mocha a ka kōptjoa hore a hlalose litšoantšo tse hlahang boitsebisong bo ithutoang, ’me ngoana e monyenyane a abeloa esale pele hore a bale lengolo le itseng. E moholoanyane a ka ’na a abeloa ho bontša menyetla ea ho sebelisa boitsebiso bo ithutoang.—7/1, leqepheng la 15.
◻ Lipakane tse ling tseo lelapa le ka ’nang la li kenyelletsa ha le lokisetsa liboka tsa phutheho ke life?
(1) E mong le e mong ka lapeng a itokisetse ho fana ka litlhaloso libokeng tsa phutheho; (2) e mong le e mong a sebeletse ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a hae; (3) ho kenyelletsa mangolo litlhalosong; le (4) ho hlahloba boitsebiso ka sepheo sa ho bo sebelisa.—7/1, leqepheng la 20.
◻ Senotlolo sa lenyalo le molemo ke sefe?
Ho notlolla le ho fumana menyaka e ratoang ea lenyalo le molemo, ntho e le ’ngoe ea tse hlokahalang ke puisano e ntle. Sena se akarelletsa ho arolelana maikutlo le mehopolo. ’Me puisano e ntle e akarelletsa lintho tse hahang, tse khathollang, tse khabane, tse lokeloang ke thoriso le tse tšelisang. (Baefese 4:29-32; Bafilippi 4:8)—7/15, leqepheng la 21.
◻ ‘Tsela ea Jehova’ ke eng? (Pesaleme ea 25:8, 9, 12)
Tsela eo ke tsela ea lerato. E thehiloe ho etseng se nepahetseng ho latela litekanyetso tsa Molimo. Bibele e re pontšo ena ea lerato le laoloang ke melao-motheo ke “tsela e fetisisang.” (1 Bakorinthe 12:31)—8/1, leqepheng la 12.