Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Lillo tsa Jeremia 4:10 (NW) e bitsa bo-mmè ba ileng ba ja bana ba bona “basali ba nang le qenehelo”?
Ha a hlalosa boemo ba tsieleho ba Bajode ha Bababylona ba ne ba thibelletse Jerusalema ka 607 B.C.E., Jeremia o ngotse: “’Ona matsoho a basali ba nang le qenehelo a apehile bana ba bona. Ba fetohile bohobe ba matšeliso ho motho nakong ea tšenyeho ea morali oa sechaba sa ka.”—Lillo tsa Jeremia 4:10, NW.
Makholo a lilemo pele ho moo, Moshe o ne a ile a lemosa Baiseraele hore bokamoso ba bona bo ne bo tla tšoauoa ka “lehlohonolo” kapa “thohako.” Ba ne ba tla thabela mahlohonolo haeba ba ne ba ka boloka litaelo tsa Molimo, empa ba ne ba tla itlisetsa mahlomola haeba ba ne ba ka furalla litsela tsa oona tse lokileng. E ’ngoe ea liphello tse tšabehang e ne e le hore Baiseraele ba ne ba tla lapa ho fihlela ba e-ja bana ba bona. (Deuteronoma 28:1, 11-15, 54, 55; 30:1; Levitike 26:3-5, 29) Ha e le hantle sena se ile sa etsahala ka mor’a hore Jehova a lahle sechaba seo se hlokang tumelo, se sa utloeng hore se nkoe ke Bababylona.
Ho Lillo tsa Jeremia 4:10 moprofeta Jeremia o ile a sebelisa ’nete e tsebahalang ea hore ka tlhaho ’mè o pelo-nolo, o na le qenehelo, ’me o sireletsa bana ba hae. (1 Marena 3:26, 27; 1 Ba-Thessalonika 2:7) Leha ho le joalo, tlala e neng e le Jerusalema e thibelletsoeng e ne e le mpe haholo ’me ho lapa ho ileng ha latela ho ne ho le matla hoo bo-mmè bao ka tloaelo ba neng ba tla ba le qenehelo ba ileng ba apeha bana ba bona ’me ba ba ja joaloka malimo.—Bapisa Lillo tsa Jeremia 2:20.
Ho ile ha hlaha boemo bo tšoanang ka mor’a hore Bajode ba furalle Messia, ea neng a ba lemositse ka thibello e tlang ea Jerusalema. (Mattheu 23:37, 38; 24:15-19; Luka 21:20-24) Rahistori Josephus o hlalosa e ’ngoe ea lintho tse sisimosang tsa thibello eo ka 70 C.E.: “Maria morali oa Eliezere . . . o ile a bolaea mora oa hae, a mo besa ’me a ja karolo e ’ngoe ea hae, a pata e ’ngoe le ho boloka e setseng kaofela.”—The Jewish War, e fetoletsoeng ke G. A. Williamson, khaolo 20, leqephe 319.
Ka sebele, ho lahla melao ea Molimo le litsela tsa oona hase tsela e bohlale.