-
Ho Khantša Leseli Ho Beng Teng ha KresteMolula-Qhooa—1993 | May 1
-
-
8, 9. (a) Ho ba teng ha Jesu ha borena ho akareletsa eng? (b) Boprofeta ba Jesu bo amang bo-Kreste ba bohata bo supa eng mabapi le sebaka le mokhoa oa ho ba teng ha hae?
8 Kaha borena ba Jesu bo akareletsa lefatše lohle, borapeli ba ’nete bo ntse bo atolohela lik’hontinenteng tsohle. Ho ba teng (pa·rou·siʹa) ha hae ha borena ke nako ea ho lekola lefatše lohle. (1 Petrose 2:12) Empa na ho na le motse-moholo, kapa setsi se seholo, moo Jesu a ka bonoang teng? Jesu o ile a araba sena ka ho bolela esale pele hore ka ho lebella ho ba teng ha hae, ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata. O lemositse: “Haeba batho ba re ho lōna: ‘Bonang! [Kreste] o nahathothe,’ le se ke la tsoela teng; ‘Bonang! o phaposing ea ntlo,’ le se ke la lumela. Hobane joale ka ha lehalima le halima le e-tsoa likarolong tsa bochabela, ’me le benyetsa likarolong tsa bophirimela, ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Mattheu 24:24, 26, 27, NW.
-
-
Ho Khantša Leseli Ho Beng Teng ha KresteMolula-Qhooa—1993 | May 1
-
-
10. Ke joang mahalima a ’nete ea Bibele a ’nileng a benya lefatšeng lohle?
10 Ho fapana le hoo, ho ne ho ke ke ha patoa letho mabapi le ho tla ha Jesu e le Morena, qalong ea ho ba teng ha hae ha borena. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, ho akareletsa lefatše lohle, mahalima a ’nete ea Bibele a ntse a tsoela pele ho benya libakeng tse khōlō ho tloha likarolong tse ka bochabela ho ea fihla likarolong tse ka bophirimela. Kannete, joaloka bajari ba leseli ba kajeno, Lipaki tsa Jehova ke ‘leseli la lichaba, e le hore poloko [ea Jehova] e ka ba teng ho isa pheletsong ea lefatše.’—Esaia 49:6.
-