-
Pontšo—Na U E Ela Hloko?Molula-Qhooa—1988 | October 15
-
-
Ha nako eo ea makhaola-khang e fihla, boemo ba hao e tla be e le bofe? Na u tla tlohelloa hore u timetsoe, kapa u tla nkeloa ho pholoha? Ho u tataisa ka tsela e nepahetseng, nahana hape ka papiso e ileng ea fanoa ke Jesu: “Moo setopo se leng teng, ke moo lintsu le tsona li tla bōkana hammoho teng.”—Luka 17:34-37, NW; Mattheu 24:28, NW.
Kahoo Jesu o ne a hatisa joalo tlhokahalo ea tšebetso e bontšang ho bonela hōle le e bontšang bonngoe. Ba nkoang bakeng sa pholoho ke ba bokanang hammoho ka mehla ’me ba fumana molemo lijong tsa moea tseo Molimo o fanang ka tsona. Ba limillione ba utloile hore phepo e joalo ea moea e ba teng ka ho kopanela haufi-ufi le e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho 55 000 le ka ho ithuta litokollo tse theiloeng Bibeleng joaloka ena eo u ntseng u e bala.
-
-
Lintsu kapa Manong?Molula-Qhooa—1988 | October 15
-
-
Lintsu kapa Manong?
Pontšo
“HOBANE moo setopo se leng teng, ke moo lintsu li tla bōkana hammoho teng.” (Mattheu 24:28, NW) Ho e-na le ho ithuta ho tsoa papisong ena, ba bang ba e tšoaea liphoso. Ba bolela hore lintsu ke linonyana tse tsomang tse itsamaelang ka bonngoe tse phelang ka lintho tseo li ipolaetseng tsona, e seng litopo. Ka hona, Libibele tse ling li sebelisa lentsoe “manong.” Empa lentsoe la Segerike le belaeloang, a·e·tosʹ, le fetoletsoe hantle e le “ntsu.”
Mofuta o le mong o fumanoang Iseraele ke oa ntsu e hlaba. John Sinclair le John Mendelsohn baa hlokomela: “Joaloka linonyana tse ngata tse phelang ka nama, ntsu e hlaba ha e qobe sefifi ’me hangata e ba har’a tse fihlang pele nthong e sa tsoa shoa.” Mohlokomeli e mong o ile a tlaleha sehlopha sa li-bateleur le lintsu tse hlaba tse 60 Kalaharing ea Afrika. O ile a phaella: “Ntsu e Hlaba ke ’mampoli ha li kopana sefifing. Mabakeng a mangata linonyana tse peli, tseo ho nahanoang hore ke e tona le e tšehali, li se li ile tsa bonoa li kopanela ntho e bolailoeng.”
Lintsu tsa leoatle li boetse li atile mafatšeng a Mediterranean. Makholong a lilemo a fetileng, lintsu tse phelang leoatleng le lintsu tse phelang kantle lefatšeng li ne li e-ja litopo tsa lipere tse bolailoeng ntoeng. Cyclopædia ea McClintock le Strong ea bolela: “Ke ntho e tsebisahalang . . . hore li sala makhotla a sesole morao ka oona morero oo.”
Hore e be li lebelo haholo ’me li bonela hōle, lintsu hangata ke linonyana tsa pele ho fihla setopong sa ntho e sa tsoa shoa. Jesu o ne a tloaelane le tlhaloso eo ho eona Jehova Molimo a ileng a botsa Jobo potso ena e kokobetsang: “A ke ka taelo ea hao ntsu e phahamang, e ee ho haha ntlo ea eona phahameng . . . e ikhahella nkong ea mafika le liqhobong. Ha e le teng, e lalla lijo tsa eona, mahlo a eona a bonela hōle . . . moo litopo li leng teng, le eona e teng.”—Jobo 39:27-30.
Ka hona, Jesu o ile a bapisa hantle ha a re ke feela ba nang le leihlo la ntsu la tšoantšetso ba neng ba tla fumana molemo ‘pontšong.’ Nahana ka mohlala o seng o fanoe oa kutloisiso e chatsi ea moea e kamanong le pontšo.
-