-
“Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”Molula-Qhooa—1999 | May 1
-
-
Batho ba Mehleng ea Hae ba ne ba ka a Bona
11. Jesu o ile a re’ng ka “moloko ona”?
11 Bajuda ba bangata ba ne ba e-na le maikutlo a hore tsamaiso ea bona ea borapeli, eo setsi sa eona e neng e le tempele, e ne e tla tsoela pele ka nako e telele. Empa Jesu o itse: “Ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga . . . : Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, le tsebe hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi o menyako. Kannete ke re ho lōna moloko ona ho hang ha o na ho feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala. Leholimo le lefatše li tla feta, empa mantsoe a ka ho hang ha a na ho feta.”—Matheu 24:32-35.
12, 13. Barutuoa ba ne ba tla utloisisa polelo ea Jesu mabapi le “moloko ona” joang?
12 Lilemong tse etellang 66 C.E. pele, e tlameha ebe Bakreste ba ile ba bona ha likarolo tse ngata tsa motheo tsa pontšo e nang le likarolo tse ngata li phethahala—lintoa, litlala, esita le boboleli bo pharaletseng ba litaba tse molemo tsa ’Muso. (Liketso 11:28; Bakolose 1:23) Leha ho le joalo, bofelo bo ne bo tla tla neng? Jesu o ne a bolela eng ha a ne a re: ‘Moloko ona [ka Segerike, ge·ne·aʹ] ha o na ho feta’? Jesu o ne a atisa ho bitsa matšoele a mehleng ea hae a Bajuda ba hanyetsang, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli, ‘moloko o khopo, o febang.’ (Matheu 11:16; 12:39, 45; 16:4; 17:17; 23:36) Ka hona, ha a le Thabeng ea Mehloaare, o ile a boela a bua ka “moloko ona,” ho hlakile hore o ne a sa bue ka morabe ’ohle oa Bajuda ho theosa le histori; leha e le hona hore o ne a bua ka balateli ba hae, le hoja e ne e le “morabe o khethiloeng.” (1 Petrose 2:9) Jesu o ne a sa re “moloko ona” ke nako ea bolelele bo itseng.
13 Ho e-na le hoo, Jesu o ne a nahanne ka Bajuda ba hanyetsang morao koo ba neng ba tla latsoa ho phethahala ha pontšo eo a faneng ka eona. Mabapi le moo ho buuoang ka “moloko ona” ho Luka 21:32, Moprofesa Joel B. Green o re: “Kosepeleng ea Boraro, ‘moloko ona’ (le lipoleloana tse amanang le oona) kamehla o ’nile oa bolela sehlopha sa batho ba hanyetsang morero oa Molimo. . . . [O bua] ka batho bao ka manganga ba furallang morero oa Molimo.”b
14. “Moloko” oo o ile oa thulana le eng, empa ke joang ho bileng le phello e fapaneng ho Bakreste?
14 Moloko o khopo oa bahanyetsi ba Bajuda o neng o ka bona pontšo ha e phethahala le oona o ne o tla bona bofelo. (Matheu 24:6, 13, 14) ’Me o ile oa fela oa bo bona! Ka 70 C.E., lebotho la ntoa la Roma le ile la khutla, le eteletsoe pele ke Tite, mora oa Moemphera Vespasian. Mahlomola a Bajuda ba ileng ba boela ba thibelloa motseng e batla e le ao ho leng thata ho a lumela.c Paki e boneng ka mahlo Flavius Josephus e tlaleha hore ka nako eo Baroma ba neng ba ripitla motse ona ka eona, Bajuda ba ka bang 1 100 000 ba ile ba e-shoa ’me ba ka bang 100 000 ba ile ba etsoa batlamuoa, e leng bao bongata ba bona ba neng ba tla tloha ba e-shoa habohloko ka lebaka la tlala kapa ba shoella mabaleng a liketsahalo a Roma. Ka sebele, matšoenyeho a 66-70 C.E. e ne e le a maholo ka ho fetisisa ao Jerusalema le tsamaiso ea Bajuda e kileng ea e-ba ho ’ona leha e le hore e sa tla ba ho ’ona le ka mohla. Phello e ne e fapane hakaakang ho Bakreste ba neng ba etse hloko temoso ea Jesu ea boprofeta ’me ba tlohile Jerusalema ka mor’a hore mabotho a ntoa a Roma a tlohe ka 66 C.E.! Bakreste ba tlotsitsoeng, “bakhethoa,” ba ile ba “pholoha,” kapa ba bolokoa ba sireletsehile, ka 70 C.E.—Matheu 24:16, 22.
-
-
“Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”Molula-Qhooa—1999 | May 1
-
-
b Setsebi sa Brithani G. R. Beasley-Murray sea hlokomela: “Poleloana ‘moloko ona’ ha ea lokela ho bakela bahlalosi bothata. Le hoja bonneteng genea Segerikeng sa pele e ne e bolela tsoalo, bana le morabe, . . . ho [Septuagint ea Segerike] ka makhetlo a mangata e fetoletse lentsoe la Seheberu dôr, le bolelang nako, nako ea moloko oa batho kapa moloko ka kutloisiso ea batho ba mehleng ea motho ea itseng. . . . Lipolelong tseo ho thoeng Jesu o li buile, ho bonahala hore lentsoe lena le na le moelelo o habeli: ka lehlakoreng le leng hangata le bolela batho ba mehleng ea hae, ’me ka ho le leng hangata le bolela se ka utloisisoang e le ho tšoaea phoso.”
-