Na U sa Hopola?
Na u ile ua nahana ka hloko ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? U ka ’na ua fumana ho thahasellisa ho hopola tse latelang:
◻ Motho ‘o tla ho Jesu’ joang tumellanong le memo ea hae e ho Mattheu 11:28?
Jesu o ile a re: “Haeba leha e le mang a batla ho ntšala morao, a a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele ka ho tsoelang pele.” (Mattheu 16:24, NW) Kahoo, ho tla ho Jesu ho fana ka maikutlo a ho beha thato ea motho tlas’a ea Molimo le ea Kreste, ho amohela mojaro o itseng oa boikarabelo le ho etsa joalo ka ho tsoelang pele.—8/15, leqepheng la 17.
◻ Ke hobane’ng ha e le “ba seng bakae” feela ba fumanang ‘tsela e tšesane e lebisang bophelong’ eo Jesu a ileng a bua ka eona ho Mattheu 7:13, 14?
Tsela e tšesane e na le lithibelo tsa melao le melao-motheo ea Molimo. Kahoo, e tla ipiletsa feela ho motho eo ka botšepehi a lakatsang hore bophelo ba hae bo be tumellanong le litekanyetso tsa Molimo. Le hoja e shebahala e e-na le lithibelo, ‘tsela e tšesane’ e lokolla motho ka litsela tsohle tsa bohlokoa. Meeli ea eona e behoa ke ‘molao o phethehileng, e leng oa tokoloho.’ (Jakobo 1:25)—9/1, leqepheng la 5.
◻ Temoho e ka hlaoleloa joang?
Temoho ha e tle habonolo kapa ka tlhaho. Empa ka mamello, thapelo, boiteko bo tiileng, ho tloaelana le ba bohlale, ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona, le ho itšetleha ka moea o halalelang oa Jehova, temoho e ka hlaoleloa.—9/1, leqepheng la 21.
◻ Poulelo ea motho e ka ba tšusumetso bakeng sa ho lokileng joang?
E ka susumelletsa motho hore a sireletse moratuoa litšusumetsong tse mpe. Ho feta moo, batho ka ho loketseng ba ka bontša poulelo bakeng sa Jehova le borapeli ba hae. (1 Marena 19:10)—9/15, leqepheng la 8, 9.
◻ Ke eng se boleloang ke polelo e ho Genese 50:23 mabapi le litloholo tsa Josefa tsa bashanyana: “Ba tsoalloa mangoleng a Josefa”?
Sena se ne se ka bolela feela hore Josefa o ile a amohela bana bao e le litloholo tsa hae. Se ne se ka boela sa bontša hore o ne a bapala le bana bao ka kameho e lerato, a ba bapalisetsa mangoleng a hae. Bo-ntate kajeno ba etsa hantle ha ba bontša bana ba bona kameho e joalo e lerato.—9/15, leqepheng la 20, 21.
◻ Ke eng se leng bohlokoa haholo lenyalong le atlehileng le bophelong ba lelapa?
E le ho finyella litholoana tse lakatsehang joalo, kamehla banyalani ba lokela ho beha thato ea Molimo pele. Ka ho etsa joalo, balekane ba lenyalo ba leka ho khomarelana le ho rarolla mathata a bona ka ho sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo. Ka tsela eo ba qoba mefuta eohle ea masisa-pelo a bang teng ha thato ea Molimo e hlokomolohuoa. (Pesaleme ea 19:7-11)—10/1, leqepheng la 11.
◻ Kajeno boikutlo ba bomolimo ba ho potlaka ke ba bohlokoa hakae?
Boikutlo ba bomolimo ba ho potlaka ke karolo ea bohlokoa haholo ea tšebeletso ea soule eohle ho Jehova. Bo thiba le ho thusa ho sitisa boiteko ba Diabolose ba ho etsa hore bahlanka ba Molimo ba ‘khathale le ho tepella lisouleng tsa bona.’ (Ba-Heberu 12:3, NW) Bo ba sireletsa ho itšunya-tšunyeng ho sa hlokahaleng lefatšeng le linthong tsa lona tse bonahalang, bo boloka likelello tsa bona linthong tse ka holimo—“bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19)—10/1, leqepheng la 28.
◻ Papisong ea linku le lipōli, ke neng Jesu a lulang teroneng ea hae, hona hobane’ng? (Mattheu 25:31-33)
Papiso ena ha e mo bontše a lutse ka kutloisiso ea ho ba Morena. Ho e-na le hoo, o lula joaloka Moahloli. Ho ahlola hoo ha se ntho e tsoelang pele ka nako e telele ea lilemo tse ngata. Ho e-na le hoo, papiso ena e supa nako e tlang eo ka eona Jesu a tlang ho phatlalatsa le ho liha kahlolo holim’a lichaba ka nako e lekanyelitsoeng.—10/15, leqepheng la 22, 23.
◻ “Moloko” oo Jesu a buang ka oona hangata hakana ke ofe?
Jesu o ile a sebelisa polelo “moloko ona” ho matšoele a mehleng ea hae le ‘batsamaisi ba oona ba lifofu’ bao e neng e le sechaba sa Bajode. (Mattheu 11:16; 15:14; 24:34)—11/1, leqepheng la 14.
◻ Phethahatsong ea ho qetela ea boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:34-39, polelo “moloko ona” e bua ka eng?
Ho bonahala Jesu a bua ka batho ba lefatšeng ba bonang pontšo ea ho ba teng ha Kreste empa ba hlōleha ho fetola litsela tsa bona.—11/1, leqepheng la 19, 31.
◻ Ke joang tokisetso ea metse ea setšabelo le lithibelo tsa eona e neng e tsoela batho ba mehleng ea Iseraele ea boholo-holo molemo?
E ne e hatisa ho Baiseraele hore ba ne ba sa tšoanela ho ba bohlasoa kapa ea e-ba ba sa tsotelleng bophelo ba batho. E ne e boetse e hatisa tlhokahalo ea ho bontša mohau ha ho etsa joalo ho loketse. (Jakobo 2:13)—11/15, leqepheng la 14.
◻ Motse oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo ke eng?
Ena ke tokisetso ea Molimo ea ho re sireletsa lefung la ho tlōla molao oa hae o mabapi le khalalelo ea mali. (Genese 9:6)—11/15, leqepheng la 17.
◻ Boena ba Bokreste bo ka re thusa joang hore re fumane “matla a macha”? (Esaia 40:31)
Har’a baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste, ho na le ba bang bao e ka ’nang eaba ba talimane le likhatello le liteko tse tšoanang, le bao e ka ’nang eaba ba na le maikutlo a batlang a tšoana le a rōna. (1 Petrose 5:9) Hoa khothatsa le ho matlafatsa tumelo ho tseba hore seo re se latsoang se tloaelehile le hore maikutlo a rōna a tloaelehile.—12/1, leqepheng la 15, 16.