-
Na U Itokiselitse Letsatsi la Jehova?Molula-Qhooa—1997 | March 1
-
-
9. Joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 24:36, Jesu o ile a phahamisa ntlha efe?
9 Mosebetsi o ileng oa boleloa esale pele oa boboleli ba ’Muso le litšobotsi tse ling tsa pontšo ea ho ba teng ha Jesu lia phethahala hona joale. Ka hona, bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo haufi. Ka sebele, Jesu o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:4-14, 36) Empa boprofeta ba Jesu bo ka re thusa ho itokisetsa “letsatsi leo le hora eo.”
-
-
Na U Itokiselitse Letsatsi la Jehova?Molula-Qhooa—1997 | March 1
-
-
14. Qetellong Jehova o ile a bolella Noe eng, hona hobane’ng?
14 Ha areka e se e le haufi le ho fela, e ka ’na eaba Noe o ile a nahana hore Moroallo o se o le haufi haholo, le hoja a ne a sa tsebe hantle hore na o tla ba teng neng. Qetellong Jehova o ile a mo bolella: “Matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula holim’a lefatše ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane.” (Genese 7:4) Seo se ile sa fa Noe le lelapa la hae nako e lekaneng hantle ea hore ba kenye mefuta eohle ea liphoofolo ka arekeng le hore bona ka bobona ba kene pele Moroallo o qala. Ha ho hlokahale hore re tsebe letsatsi le hora bakeng sa qaleho ea timetso ea tsamaiso ena; ho pholoha ha liphoofolo ha hoa behoa boikarabelong ba rōna, ’me batho ba tla pholoha, ba se ba ntse ba kena ka arekeng ea tšoantšetso, paradeise ea moea ea batho ba Molimo.
-