Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • U ka ’na Ua Rua Mor’eno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u kile ua nahana ka hloko ka lihlooho tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, u tla fumana hore hoa thahasellisa ho hopola tse latelang:

akreste ba babeli ba ka ’na ba ipotsa lipotso life pele ba qala ho nahana ka tebeletsano?

‘Na ke hlile ke tiisehile ka bomoea le boinehelo ba hae ho Molimo? Na ka mahlo a kelello ke ipona ke sebeletsa Molimo le motho eo bophelo ba ka bohle? Na re tsebana hantle? Na ke kholisehile hore re tla tšoanelana ho-ea-ho-ile? Na re tsebelana ka ho lekaneng liketso tsa nako e fetileng le maemo a hona joale?’—8/15, leqepheng la 31.

◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho balateli ba hae: “Le letsoai la lefatše”? (Matheu 5:13)

Jesu o ne a fana ka maikutlo a hore ho bolela ha balateli ba hae ho ba bang ka ’Muso oa Molimo ho ne ho tla ba le matla a ho pholosa ba ba utloang kapa a ho boloka bophelo ba bona. Ka sebele, ba neng ba phela tumellanong le mantsoe a Jesu ba ne ba tla sireletsoa boitšoarong bo bobe le litšileng tsa moea lefatšeng.—8/15, leqepheng la 32.

◻ Batho ba babeli ba lebeletsaneng lenyalo ba ka qoba leraba la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali joang?

Haeba u intša le mohlankana kapa moroetsana, u bohlale haeba u qoba hore le be bang maemong a sa lokelang le eo e tla ba molekane oa hao oa lenyalo. Ho molemohali ho thabela botsoalle ba lōna ka har’a sehlopha sa batho kapa libakeng tsa sechaba. Behang meeli tabeng ea lipontšo tsa kameho e lerato, e mong a hlomphe maikutlo a e mong le letsoalo la hae.—9/1, leqepheng la 17 le la 18.

◻ Kutloisiso ke eng?

Ke matla a ho bona taba le ho lemoha hore na e bōpiloe ka eng ka ho hlokomela khokahano e lipakeng tsa likarolo tsa eona le taba ka boeona, e le hore re ka e hlalohanya. (Liproverbia 4:1)—9/15, leqepheng la 13.

◻ Jehova o batla eng ho rōna kajeno?

Ha e le hantle, Jehova o batla hore re mamele Mora oa Hae le ho latela mohlala oa hae le lithuto tsa hae. (Matheu 16:24; 1 Petrose 2:21)—9/15, leqepheng la 22.

◻ Ke bo-mang feela ba ka bang le khotso?

Kaha Jehova ke “Molimo ea fanang ka khotso,” ke feela batho ba ratang Molimo le ba hlomphang ka ho tebileng melao-motheo ea hae e lokileng ba ka bang le khotso. (Baroma 15:33)—10/1, leqepheng la 11.

◻ Josefa o ile a fumana matla a boitšoaro joang hore a latolele mosali oa Potifaro letsatsi le letsatsi?

Josefa o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa ho feta boithabiso ba nakoana. Ho phaella moo, le hoja a ne a se tlas’a letoto la melao ea bomolimo, Josefa o ne a hlaketsoe ke melao-motheo ea boitšoaro. (Genese 39:9)—10/1, leqepheng la 29.

◻ Ho ikemisetsa ha rōna ho tšoarela barab’abo rōna ke habohlokoa hakae?

Litebello tsa rōna tsa ho tsoela pele re amohela tšoarelo ea Molimo li itšetlehile haholo ka ho ba ba ikemiselitseng ho tšoarela ba bang. (Matheu 6:12, 14; Luka 11:4)—10/15, leqepheng la 17.

◻ Matheu 18:15-17 e ne e bua ka libe tsa mofuta ofe, ’me seo se bontšoa ke eng?

Libe tseo Jesu a neng a bua ka tsona e tlameha ebe li ne li tebile hoo li neng li ka etsa hore moetsalibe a talingoe “joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Bajuda ba ne ba ke ke ba thabela setsoalle le Balichaba, ’me ba ne ba qoba babokelli ba lekhetho. Ka hona, seo ho buuoang ka sona ho Matheu 18:15-17 se ne se ama libe tse tebileng, eseng ho khopisoa kapa ho hlabehisoa hoo u ka ho tšoarelang motho ’me ua ho lebala. (Matheu 18:21, 22)—10/15, leqepheng la 19.

◻ Ho rata Lentsoe la Molimo e le kannete ho akarelletsa eng?

Ho rata Lentsoe la Molimo ho etsa hore motho a phele tumellanong le seo le se hlokang. (Pesaleme ea 119:97, 101, 105) Hona ho hloka hore motho a se ke a khaotsa ho etsa liphetoho mohopolong le tseleng eo a phelang ka eona.—11/1, leqepheng la 14.

◻ Kaha re amohetse se sengata hakana letsohong la Jehova, rōna re ka fana ka eng ho Morena le Mofani e moholo ka ho fetisisa?

Bibele e bontša hore mpho e molemohali eo re ka e fang Jehova ke “sehlabelo sa thoriso.” (Baheberu 13:15) Hobane’ng? Hobane sehlabelo sena se amana ka ho toba le ho pholosa bophelo, e leng ntho e ka sehloohong eo Jehova a amehileng ka eona nakong ena ea bofelo. (Ezekiele 18:23)—11/1, leqepheng la 21.

◻ Solomone o ne a bolela’ng ha a ne a ngola tjee: “Mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo”? (Moeklesia 12:11)

Mantsoe a ba nang le bohlale ba bomolimo a hlaba babali kapa bamameli hore ba tsoele pele tumellanong le mantsoe a bohlale ao ba a balang kapa ba a utloang.—11/15, leqepheng la 21.

◻ Temoho ea bomolimo ke eng?

Ke matla a ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng ebe ho khethoa tsela e nepahetseng. Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa ho fana ka temoho.—11/15, leqepheng la 25.

◻ Ho ikemisetsa ho amohela boikarabelo ho hloka hore ho matahanngoe le eng? (1 Timothea 3:1)

Ho lokela ho matahanngoa le kahlolo e molemo. Ha ho ea lokelang ho nka likabelo tse ngata hoo a felloang ke thabo tšebeletsong ea Jehova. Moea oa ho rata ho thusa oa babatseha, empa boikemisetso bo lokela hore bo bonahatse boinyenyefatso le “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong.” (Tite 2:12; Tšenolo 3:15, 16)—12/1, leqepheng la 28.

◻ Ho ka tobanoa joang le phephetso ea ho hōlisa bana?

Molimo o eletsa batsoali hore e be mehlala, metsoalle, ba bulang menyetla ea puisano le mesuoe. (Deuteronoma 6:6, 7)—12/1, leqepheng la 32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela