“Haeba Letsoai le Lahleheloa ke Matla a Lona”
LE ’NILE la loaneloa. Ho ’nile ha rekoa ka lona. Chaena ea boholo-holo le ne le fetoa ke khauta feela ka matla a ho reka. E, ke khale moloko oa batho o talima letsoai e le thepa ea bohlokoa haholo. Ho fihlela kajeno, le nkoa le e-na le matla a ho folisa le a ho bolaea likokoana-hloko, ’me le sebelisoa ho pota lefatše bakeng sa ho natefisa lijo le ho thibela lintho ho bola.
Ha ho talingoa litšoaneleho tse ngata tse lakatsehang tsa letsoai le melemo ea lona, ha ho makatse hore ebe ka Bibeleng le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso. Ka mohlala, Molao oa Moshe o ne o hloka hore ntho efe kapa efe e nyeheloang aletareng ho Jehova e nōkoe ka letsoai. (Levitike 2:13) Sena se ne se sa etsetsoe ho natefisa mahlabelo, empa mohlomong se ne se etsoa hobane letsoai le ne le emela ho se senyehe kapa ho se bole.
Thutong ea hae ea Thabeng e tummeng, Jesu Kreste o itse ho barutuoa ba hae: “Le letsoai la lefatše.” (Matheu 5:13) Ka polelo ena, Jesu o ne a fana ka maikutlo a hore ho bolela ha bona ho ba bang ka ’Muso oa Molimo ho ne ho tla ba le matla a ho pholosa ba ba utloang le ho boloka bophelo ba bona. Ka sebele, ba neng ba phela tumellanong le mantsoe a Jesu ba ne ba tla sireletsoa boitšoarong bo bobe le litšileng tsa moea tsa batho bao ba neng ba lula har’a bona.—1 Petrose 4:1-3.
Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele ho fana ka temoso: “Empa haeba letsoai le lahleheloa ke matla a lona, . . . le ke ke la hlola le sebelisetsoa ntho leha e le efe haese ho lahleloa ka ntle hore le hatakeloe ke batho.” Ha a bua ka sena, setsebi sa Bibele Albert Barnes o itse letsoai leo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba le tseba “le ne le sa hloeka, le tsoakiloe le meroho le mobu.” Ka hona, haeba letsoai le ne le tapa, “mobu o mongata haholo” o ne o ka ’na oa sala. Barnes o ile a re: “Le ne le se na thuso haese . . . hore joaloka lehlohlojane le lahleloe litseleng, kapa moo batho ba tsamaeang teng.”
Ha ba ela hloko temoso ena, Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba tlohela ho paka phatlalatsa kapa ba khutlela boitšoarong bo bontšang ho se tšabe Molimo. Ho seng joalo, ba ne ba tla fokola moeeng ’me e ne e tla ba ba se nang thuso, joaloka ‘letsoai le lahlehetsoeng ke matla a lona.’