-
U Tla Ema Joang ka Pel’a Setulo sa Kahlolo?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
4. Re ’nile ra utloisisa nako ea papiso ea linku le lipōli joang, empa ke hobane’ng ha re tla lebisa tlhokomelo papisong ena hona joale? (Liproverbia 4:18)
4 Ka nako e telele re ’nile ra ba le boikutlo ba hore papiso ena e bontša ha Jesu a lula e le Morena ka 1914 ’me ho tloha ka nako eo a fana ka likahlolo—bophelo bo sa feleng bakeng sa batho ba ipakang ba tšoana le linku, lefu la ka ho sa feleng bakeng sa lipōli. Empa ho nahana hape ka lintlha tsa papiso ena ho lebisa kutloisisong e lokisitsoeng ea nako ea eona le seo e se tšoantšetsang. Tokiso ena e hatisa bohlokoa ba mosebetsi oa rōna oa boboleli le bohlokoa ba likarabelo tsa batho. Hore re bone motheo oa kutloisiso ena e tebileng haholoanyane ea papiso ena, a re nahaneng ka seo Bibele e se bontšang mabapi le Jehova le Jesu, ka bobeli e le Marena ebile e le Baahloli.
Jehova e le Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa
5, 6. Ke hobane’ng ha e le ho loketseng ho talima Jehova e le Morena le Moahloli?
5 Jehova o busa bokahohle a e-na le matla holim’a tsohle. Kaha ha a na qalo le qetello, ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17, NW; Pesaleme ea 90:2, 4; Tšenolo 15:3, NW) O na le matla a ho etsa litaelo, kapa melao, le ho phethisa tsena ka molao. Empa matla a hae a ho laela a akarelletsa ho ba Moahloli. Esaia 33:22 (NW) e re: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa litaelo oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna; eena ka boeena o tla re boloka.”
6 Ka nako e telele bahlanka ba Molimo ba ’nile ba hlokomela Jehova e le Moahloli oa linyeoe le litseko. Ka mohlala, ka mor’a hore “Moahloli oa lefatše lohle” a lekanye bopaki mabapi le bokhopo ba Sodoma le Gomorra, o ile a ahlola baahi bao e le ba tšoaneloang ke timetso a ba a phethisa ka molao kahlolo eo e lokileng. (Genese 18:20-33, NW; Jobo 34:10-12) Ho tseba hore Jehova ke Moahloli ea lokileng eo kamehla a ka phethahatsang likahlolo tsa hae ho lokela ho re fa kholiseho e kaakang!
7. Ke joang Jehova a ileng a sebetsa e le Moahloli ha a sebetsana le Iseraele?
7 Iseraeleng ea boholo-holo, ka linako tse ling Jehova o ne a fana ka kahlolo ka ho toba. Na morao koo u ka be u sa ka ua tšelisoa ke ho tseba hore Moahloli ea phethahetseng e ne e le eena ea etsang qeto litabeng? (Levitike 24:10-16; Numere 15:32-36; 27:1-11) Molimo o ile a boela a fana ka “liqeto tsa boahloli” tse neng li le molemo ka ho feletseng e le litekanyetso tsa ho ahlola. (Levitike 25:18, 19; Nehemia 9:13; Pesaleme ea 19:9, 10; 119:7, 75, 164; 147:19, 20, bapisa le NW.) Ke “Moahloli oa lefatše lohle,” kahoo kaofela ha rōna rea ameha.—Ba-Heberu 12:23.
8. Ke pono efe e amehang eo Daniele a ileng a ba le eona?
8 Re na le bopaki ba “lipaki tse boneng ka mahlo” bo amanang le taba ena. Moprofeta Daniele o ile a fuoa pono ea libata tse mabifi tse neng li emela mebuso. (Daniele 7:1-8, 17) O ile a phaella: ‘Literone tsa beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joalo ka lehloa.’ (Daniele 7:9) Hlokomela hore Daniele o ile a bona literone “’me Moholo oa matsatsi [Jehova] a lula.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ipotse, ‘Na moo Daniele o ne a bona ha Molimo a fetoha Morena?’
9. Moelelo o mong oa ‘ho lula’ teroneng ke ofe? Fana ka mehlala.
9 Ha e le hantle, ha re bala hore e mong o ile “a lula” teroneng, re ka ’na ra nahana ka ha a fetoha morena, hobane ka linako tse ling Bibele e sebelisa puo e joalo. Ka mohlala: “Hang-hang ha Simeri a qala ho lula teroneng ea hae, a busa, a . . . ” (1 Marena 16:11, BPN; 2 Marena 10:30; 15:12; Jeremia 33:17) Boprofeta ba Bomessia bo ile ba re: “O tla lula fatše ’me a buse teroneng ea hae.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, ho ‘lula teroneng’ ho ka bolela ho fetoha morena. (Zakaria 6:12, 13, NW) Jehova o hlalosoa e le Morena ea lulang teroneng. (1 Marena 22:19; Esaia 6:1; Tšenolo 4:1-3) Ke “Morena oa bosafeleng.” Leha ho le joalo, ha a bontša tšobotsi e ncha ea bobusi, ho ne ho ka boleloa hore o fetohile Morena, joalokaha eka o lula teroneng ea hae bocha.—1 Likronike 16:1, 31; Esaia 52:7; Tšenolo 11:15-17; 15:3; 19:1, 2, 6, bapisa le NW.
10. Mosebetsi o ka sehloohong oa marena a Iseraele e ne e le ofe? Bontša.
10 Empa ntlha ea sehlooho ke ena: Mosebetsi o ka sehloohong oa marena a boholo-holo e ne e le oa ho utloa linyeoe le ho fana ka likahlolo. (Liproverbia 29:14) Hopola kahlolo e bohlale ea Salomone ha basali ba babeli ba ne ba tseka ngoana. (1 Marena 3:16-28; 2 Likronike 9:8) O mong oa mehaho ea hae ea puso e ne e le ‘mathule a terone ao a neng a tla ahlolela ho ’ona,’ a neng a boetse a bitsoa “mathule a kahlolo.” (1 Marena 7:7) Jerusalema e ne e hlalosoa e le sebaka seo ho sona ‘literone li neng li beiloe, e be litulo tsa kahlolo.’ (Pesaleme ea 122:5) Ka ho hlakileng, ‘ho lula teroneng’ ho ka boela ha bolela ho sebelisa matla a boahloli.—Exoda 18:13; Liproverbia 20:8, NW.
11, 12. (a) Ke eng se neng se boleloa ke ho lula fatše ha Jehova, ho boletsoeng ho Daniele khaolo ea 7? (b) Litemana tse ling li tiisa joang hore Jehova o lula fatše bakeng sa ho ahlola?
11 Joale a re khutleleng ponong eo ho eona Daniele a ileng a bona ‘Moholo oa matsatsi a lula.’ Daniele 7:10 (NW) e-ea phaella: “Lekhotla la lula, ’me ho ne ho e-na le libuka tse ileng tsa phetloa.” E, Moholo oa Matsatsi o ne a lutse bakeng sa ho fana ka kahlolo mabapi le ho busa lefatše le ho ahlola Mor’a motho e le ea tšoanelehang ho busa. (Daniele 7:13, 14) Joale re bala hore ‘Moholo oa matsatsi o ile a fihla, ’me ha ahloleloa bahalaleli,’ ba ahlotsoeng ba tšoaneleha ho busa le Mor’a motho. (Daniele 7:22, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Qetellong “Lekhotla ka bolona la qala ho lula” le ho fana ka kahlolo e bohloko ’musong oa ho qetela oa lefatše.—Daniele 7:26, NW.a
12 Ka lebaka leo, ha Daniele a bona Molimo ‘a lula teroneng’ hoo ho ne ho bolela ho tla ha Hae ho tla fana ka kahlolo. Pejana Davida o ile a bina: “[Jehova] u emela taba tsa ka le tokelo tsa ka; u lutse teroneng ea hao, u le moahloli ea lokileng.” (Pesaleme ea 9:4, 7) ’Me Joele o ile a ngola: “A ho tsohe, a ho tle lichaba khohlong ea Josafate; hobane teng ke [Jehova] tla lula ho ahlola lichaba tsohle!” (Joele 3:12; bapisa le Esaia 16:5.) Ka bobeli Jesu le Pauluse ba ile ba ba maemong a boahloli ao ho ’ona motho e mong a ileng a lula bakeng sa ho utloa nyeoe le ho fana ka kahlolo.b—Johanne 19:12-16; Liketso 23:3; 25:6.
Boemo ba Jesu
13, 14. (a) Ke kholiseho efe eo batho ba Molimo ba neng ba e-na le eona ea hore Jesu o ne a tla fetoha Morena? (b) Jesu o ile a lula teroneng ea hae neng, ’me ke ka kutloisiso efe a ileng a busa ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele?
13 Jehova ke Morena le Moahloli. Ho thoe’ng ka Jesu? Lengeloi le ileng la tsebisa ka tsoalo ea hae le ile la re: “Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Jesu e ne e tla ba mojalefa oa ka ho sa feleng oa borena ba Davida. (2 Samuele 7:12-16) O ne a tla busa ho tsoa leholimong, hobane Davida o ile a re: “Jehova o itse ho Morena [Jesu] oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.”—Pesaleme ea 110:1-4.
14 Seo se ne se tla etsahala neng? Jesu ha aa ka a busa e le Morena ha e ntse e le motho. (Johanne 18:33-37) Ka 33 C.E., o ile a shoa, a tsosoa, eaba o nyolohela leholimong. Ba-Heberu 10:12 e re: ‘Eena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la libe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Molimo.’ Ke matla afe a ho laela ao Jesu a neng a e-na le ’ona? “[Molimo] oa mo lulisa letsohong le letona la oona, maholimong, ka holim’a boholo bohle, le puso eohle, le matla ’ohle, le borena bohle . . . e tle e be eena hlooho linthong tsohle [“ho phutheho,” NW].” (Ba-Efese 1:20-22) Ka lebaka la hore nakong eo Jesu o ne a e-na le matla a ho laela a borena holim’a Bakreste, Pauluse o ne a ka ngola hore Jehova “o re ntšitse matleng a lefifi, a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratehang.”—Ba-Kolosse 1:13, BPN; 3:1.
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re re Jesu ha aa ka a fetoha Morena oa ’Muso oa Molimo ka 33 C.E.? (b) Jesu o ile a qala ho busa ’Musong oa Molimo neng?
15 Leha ho le joalo, ka nako eo Jesu ha aa ka a sebetsa e le Morena le Moahloli holim’a lichaba. O ne a lutse pel’a Molimo, a letetse nako ea ho sebetsa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Pauluse o ile a ngola ka eena: “Ke ho lefe ho mangeloi o kileng oa re, le ka mohla o le mong: Lula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao?”—Ba-Heberu 1:13.
16 Lipaki tsa Jehova li hatisitse bopaki bo bongata ba hore nako ea Jesu ea ho leta e ile ea fela ka 1914, ha a fetoha ’musi oa ’Muso oa Molimo maholimong a sa bonahaleng. Tšenolo 11:15, 18 e re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile.” E, lichaba li ile tsa bontša ho halefelana nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. (Luka 21:24) Lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le lintho tse tšoanang, tseo re li boneng ho tloha ka 1914 li tiisa hore hona joale Jesu o-oa busa ’Musong oa Molimo, ’me bofelo ba ho qetela ba lefatše bo atametse.—Mattheu 24:3-14, NW.
17.Ke lintlha life tsa sehlooho tseo re li fumaneng ho tla fihlela moo?
17 Ho ikhopotsa lintlha ka bokhutšoanyane: Ho ka boleloa hore Molimo o lutse teroneng e le Morena, empa ka kutloisiso e ’ngoe a ka lula teroneng ea hae ho ahlola. Ka 33 C.E., Jesu o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo, ’me hona joale ke Morena oa ’Muso. Empa na Jesu, eo hona joale a busang e le Morena, o boetse o sebeletsa e le Moahloli? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka see, haholo-holo nakong ee?
18. Ke bopaki bofe bo teng ba hore hape Jesu e ne e tla ba Moahloli?
18 Jehova, ea nang le tokelo ea ho beha baahloli, o khethile Jesu e le Moahloli ea finyellang litekanyetso tsa Hae. Jesu o ile a bontša sena ha a bua ka ho phela ha batho moeeng: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle.” (Johanne 5:22) Leha ho le joalo, mosebetsi oa Jesu oa boahloli o tsoela pele ho fetela ka ’nģane ho ho ahlola ho joalo, hobane ke moahloli oa ba phelang le oa bafu. (Liketso 10:42; 2 Timothea 4:1) Pauluse o kile a bolela: “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna [Jesu] eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31; Pesaleme ea 72:2-7.
19. Ke hobane’ng ha e le ho nepahetseng ho bua ka Jesu a lula fatše e le Moahloli?
19 Ka hona na ho na le se lokafatsang hore re etse qeto ea hore Jesu o lula teroneng e khanyang mosebetsing o khethehileng oa Moahloli? E. Jesu o ile a bolella baapostola: “Nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula le lōna literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlole meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli.” (Mattheu 19:28, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Le hoja hona joale Jesu e le Morena oa ’Muso, mosebetsi oa hae o eketsehileng o boletsoeng ho Mattheu 19:28 o tla akarelletsa ho lula teroneng ho ahlola nakong ea Lilemo tse Sekete. Ka nako eo o tla ahlola moloko oohle oa batho, ba lokileng le ba sa lokang. (Liketso 24:15) Ho molemo ho hopola sena ha re lebisa tlhokomelo ea rōna ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e amanang le nako ea rōna le bophelo ba rōna.
Papiso Ena e Re’ng?
20, 21. Ke eng seo baapostola ba Jesu ba ileng ba se botsa se amanang le nako ea rōna, e leng ho lebisang potsong efe?
20 Nakoana pele Jesu a shoa, baapostola ba hae ba ile ba mo botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tsa bohlokoa tse neng li tla ba teng lefatšeng pele ‘bofelo bo hlaha.’ Nakoana pele ho bofelo boo, lichaba li tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.”—Mattheu 24:14, 29, 30.
21 Leha ho le joalo, batho ba lichabeng tseo ba tla tsoella joang ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae? A re fumaneng hoo papisong ea linku le lipōli, e qalang ka mantsoe ana: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae.”—Mattheu 25:31, 32.
22, 23. Ke lintlha life tse bontšang hore papiso ea linku le lipōli ha e-ea ka ea qala ho phethahala ka 1914?
22 Na papiso ee e sebetsa nakong ea ha Jesu a ne a lula matleng a borena ka 1914, kamoo re ’nileng ra utloisisa kateng ka nako e telele? Ha e le hantle, Mattheu 25:34 e bua ka eena e le Morena, kahoo ka ho utloahalang papiso ena e sebetsa ho tloha ha Jesu a fetoha Morena ka 1914. Empa ke ho ahlola hofe hoo a ileng a ho etsa kapele ka mor’a moo? E ne e se ho ahlola “lichaba tsohle.” Ho e-na le hoo, o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ho ba ipolelang e le ba bōpang “ntlo ea Molimo.” (1 Petrose 4:17, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Tumellanong le Malakia 3:1-3, Jesu, e le lenģosa la Jehova, ka boahloli o ile a hlahloba Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng lefatšeng. E ne e boetse e le nako ea kahlolo ea boahloli ho Bokreste-’mōtoana, boo ka bohata bo neng bo ipolela e le “ntlo ea Molimo.”c (Tšenolo 17:1, 2; 18:4-8) Leha ho le joalo, ha ho letho le bontšang hore ka nako eo, kapa hona hore ho tloha ka nako eo, Jesu o ile a lula bakeng sa ho ahlola lichaba tsohle qetellong e le linku kapa lipōli.
23 Haeba re hlahlobisisa mosebetsi oa Jesu papisong ena, re hlokomela hore qetellong o ahlola lichaba tsohle. Papiso ena ha e bontše hore ho ahlola ho joalo ho ne ho tla tsoela pele ka nako e telele ea lilemo tse ngata, joalokaha eka motho e mong le e mong ea shoang nakong ea lilemo tsena tse mashome tse fetileng o ile a ahloloa e le ea tšoaneloang ke lefu la ka ho sa feleng kapa bophelo bo sa feleng. Ho bonahala eka boholo ba ba shoeleng lilemong tse mashome tse sa tsoa feta ba ile lebitleng le tloaelehileng la moloko oa batho. (Tšenolo 6:8; 20:13) Leha ho le joalo, papiso ena e bontša nako ea ha Jesu a ahlola batho ba “lichaba tsohle” ba phelang nakong eo ’me ba talimane le ho lihuoa ha kahlolo ea hae ea boahloli.
24. Papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng?
24 Ka mantsoe a mang, papiso ena e supa nako e tlang eo ka eona Mor’a motho a tlang ho tla ka khanya ea hae. O tla lula bakeng sa ho ahlola batho ba phelang nakong eo. Kahlolo ea hae e tla be e thehiloe holim’a seo ba iponahalitseng ba le sona. Ka nako eo “phapang pakeng tsa ea lokileng le ea sa lokang” e tla be e pakiloe ka ho hlakileng. (Malakia 3:18, NW) Ho phatlalatsoa ha sebele ha kahlolo le ho lihuoa ha eona ho tla phethoa ka nako e lekanyelitsoeng. Jesu o tla fana ka likahlolo tse lokileng tse thehiloeng holim’a se totobetseng mabapi le batho ka bomong.—Bona le 2 Ba-Korinthe 5:10.
25. Mattheu 25:31 e bontša’ng ha e bua ka Mor’a motho a lula teroneng e khanyang?
25 Kahoo, sena se bolela hore ‘ho lula ha Jesu teroneng ea hae e khanyang’ bakeng sa kahlolo, ho boletsoeng ho Mattheu 25:31, ho sebetsa nakong e tlang eo ka eona Morena enoa ea matla a tla lula fatše ho phatlalatsa le ho liha kahlolo holim’a lichaba. E, pono ea kahlolo e amang Jesu e ho Mattheu 25:31-33, 46 e ka bapisoa le pono e ho Daniele khaolo ea 7, moo Morena ea busang, Moholo oa Matsatsi, a ileng a lula fatše ho phetha mosebetsi oa hae e le Moahloli.
26. Ke tlhaloso efe e ncha ea papiso ena e bonahalang?
26 Ho utloisisa papiso ea linku le lipōli ka tsela ena ho bontša hore ho fana ka kahlolo ho linku le lipōli ho sa ntse ho e-tla. Ho tla etsahala ka mor’a hore “mahlomola” a boletsoeng ho Mattheu 24:29, 30 a qalehe ’me Mor’a motho ‘a fihle ka khanya ea hae.’ (Bapisa le Mareka 13:24-26.) Joale, ha tsamaiso eohle e khopo e fihla bofelong ba eona, Jesu o tla tsamaisa lekhotla ’me a fane ka kahlolo le ho e liha.—Johanne 5:30; 2 Ba-Thessalonika 1:7-10.
27. Ke eng seo re lokelang ho thahasella ho se tseba mabapi le papiso ea ho qetela ea Jesu?
27 Sena se hlakisa kutloisiso ea rōna ea nako ea papiso ea Jesu, e bontšang nako eo ka eona linku le lipōli li tla ahloloa. Empa e re ama joang rōna ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho? (Mattheu 24:14) Na e etsa hore mosebetsi oa rōna e be oa bohlokoa bo bonyenyane, kapa e tlisa boikarabelo bo boima haholoanyane? A re boneng kamoo re amehang kateng sehloohong se latelang.
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
2 Papisong ea linku le lipōli, Jesu o ile a supa nako ea hore a sebetse boemong bo khethehileng: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae . . .” (Mattheu 25:31) Sena se lokela ho tsosa thahasello ea rōna hobane ke setšoantšo seo ka sona Jesu a qetellang karabo ea hae potsong ena: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Empa see se bolela’ng ho rōna?
3. Pejana puong ea hae, ke eng seo Jesu a ileng a re se ne se tla etsahala hang-hang ka mor’a hore mahlomola a maholo a qalehe?
3 Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tse hlollang tse neng li tla tla ‘hang-hang ka mor’a’ ho qaleha ha mahlomola a maholo, e leng liphetoho tseo re li letetseng. O ile a re ka nako eo “pontšo ea Mor’a motho” e ne e tla bonahala. Sena se tla ama ka ho tebileng “lichaba tsohle tsa lefatše” tse tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” Mor’a motho o tla be a e-na le “mangeloi a hae.” (Mattheu 24:21, 29-31)a Ho thoe’ng ka papiso ea linku le lipōli? Libibele tsa kajeno li e beha khaolong ea 25, empa ke karolo ea karabo ea Jesu, e fanang ka makolopetso a eketsehileng mabapi le ho tla ha hae ka khanya ’me e lebisa tlhokomelo ho ahloleng ha hae “lichaba tsohle.”—Mattheu 25:32.
Batho ba Bohlokoa Papisong
4. Ke eng seo papiso ea linku le lipōli e se bolela’ng ka Jesu ha e qala, ’me ke mang e mong ea hlahellang?
4 Jesu o qala papiso ena ka ho re: “Mohla Mor’a motho a tlang.” Mohlomong u-ua tseba hore na “Mor’a motho” ke mang. Khafetsa bangoli ba Likosepele ba ile ba sebelisa polelo eo mabapi le Jesu. Esita le Jesu ka boeena o ile a etsa joalo, ntle ho pelaelo a hopotse pono ea Daniele ea “e mong ea kang mor’a motho” a atamela Moholo oa Matsatsi ho amohela “’muso, le hlompho, le borena.” (Daniele 7:13, 14; Mattheu 26:63, 64; Mareka 14:61, 62) Le hoja Jesu e le eena ea ka sehloohong papisong ena, ha a mong. Pejana puong ena, e qotsitsoeng ho Mattheu 24:30, 31, o ile a re ha Mor’a motho ‘a tla ka matla a maholo le ka khanya e kholo,’ mangeloi a hae a tla phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo. Ka ho tšoanang, papiso ea linku le lipōli e bontša mangeloi a e-na le Jesu ha a ‘lula teroneng ea khanya ea hae’ ho ahlola. (Bapisa le Mattheu 16:27.) Empa Moahloli le mangeloi a hae ba leholimong, na ho joalo le ka batho bao ho buuoang ka bona papisong ee?
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
HLOKOMELA HO TŠOANA
Mattheu 24:29-31 Mattheu 25:31-33
Ka mor’a hore mahlomola a maholo Mor’a motho oa tla
a qalehe, Mor’a motho oa tla
O tla ka khanya e khōlō O tla a teetsoe hare ke
khanya ’me o lula teroneng
ea khanya ea hae
Mangeloi a na le eena Mangeloi a tla le eena
-