Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lithuto Tsa Bakreste li Ama Sechaba Joang?
    Molula-Qhooa—2012 | May 1
    • Ho phetha taelo ea Jesu ea ho ‘etsa barutuoa’ ho amana le ho phetha taelo ea hae ea ho ba letsoai le ho ba leseli la lefatše. (Matheu 5:13, 14) Li amana joang? Hona mosebetsi oo o ama batho joang?

  • Lithuto Tsa Bakreste li Ama Sechaba Joang?
    Molula-Qhooa—2012 | May 1
    • Ho thoe’ng ka ho tšoantša Bakreste le leseli? Joalokaha khoeli e bonahatsa leseli le tsoang letsatsing, balateli ba Kreste le bona ba bonahatsa “leseli” le tsoang ho Jehova Molimo. Ba bonahatsa leseli ka ho bolela molaetsa le ka liketso tsa bona tse ntle.—1 Petrose 2:12.

      Jesu o ile a boela a hlakisa ho tšoana ho teng pakeng tsa ho ba leseli le ho ba morutuoa, ha a ne a re: “Batho ba bonesa lebone ’me ha ba le behe ka tlas’a baskete e lekanyang, empa ba le beha holim’a seluloana sa lebone, ’me le khanyetsa bohle ba ka tlung. Ka ho tšoanang leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho.” Lebone ha le behiloe seluloaneng sa lebone le bonoa ke bohle ba haufi le lona. Ka ho tšoanang, mosebetsi oa boboleli le mesebetsi e meng e metle eo Bakreste ba ’nete ba e etsang e lokela ho bonoa ka ho hlaka ke batho ba phelang le bona. Hobane’ng? Jesu o ile a re ba bonang mesebetsi e metle ba tla tlotlisa Molimo, eseng Bakreste bao.—Matheu 5:14-16.

      Mosebetsi o Etsoang ke Sehlopha

      Ha Jesu a ne a re, “Le leseli la lefatše” le ha a ne a re, “leseli la lōna le ke le khanye,” o ne a bua le barutuoa bohle ba hae. Taelo ena ea Jesu e ke ke ea phethoa ke batho ba ’maloa ba hasaneng malumeling a fapa-fapaneng. Ho e-na le hoo, balumeli bohle e le sehlopha ke “leseli.” Lipaki Tsa Jehova tse limilione tse supileng, tse phelang linaheng tse fetang 235, li lumela hore ho etela baahelani ba tsona ka morero oa ho ba bolella molaetsa oo Kreste a batlang hore balateli ba hae ba o phatlalatse, ke boikarabelo ba tsona e le sehlopha.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela