Re U Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha Judase a ile a tšepisoa likoto tsa silevera tse 30 hore a eke Jesu?
Ha Judase Iskariota a kopana le baprista ba baholo hore a tsebe hore na ba tla mo fa bokae haeba a eka Jesu, ba ile ba mo tšepisa “likotoana tsa silevera tse mashome a mararo.” (Matheu 26:14, 15) Kamoo ho bonahalang kateng chelete ena e ne e bontša kamoo ba neng ba hloile Jesu kateng le kamoo ba neng ba mo nyelisa kateng.
Lichelete tsena tsa tšepe tseo ho buuoang ka tsona e ka ’na eaba e ne e le lishekele tsa silevera, e leng chelete ea Bajuda. Lishekele tse 30 li ne li ka reka eng? Molao oa Moshe o ile oa beha chelete ena e le theko ea lekhoba. Lishekele tse 30 li ne li ka boela tsa reka tšimo.—Exoda 21:32; Matheu 27:6, 7.
Ha moprofeta Zakaria a ne a batla moputso oa hae ho Baiseraele ba sa tšepahaleng bakeng sa mosebetsi oo a neng a o etsa oa ho lisa batho ba Molimo, ba ile ba mo bekhela “likotoana tse mashome a mararo tsa silevera.” Ba ne ba nyenyefatsa moprofeta oa Molimo ka boomo, ba bontša hore ba mo tšoantša le lekhoba. Kahoo, Jehova o ile a re ho Zakaria: “E lahlele polokelong ea matlotlo—tekanyo e khōlō eo ke lekantsoeng ka eona ponong ea bona.” (Zakaria 11:12, 13) Seo Zakaria a ileng a se etsa ha a mamela taelo ena se re hopotsa seo Judase a neng a tla se etsa ka chelete eo a e lefiloeng bakeng sa ho eka motho Eo Jehova a neng a mo khethetse ho ba molisa oa Iseraele.—Matheu 27:5.
“Lengolo la tlhalo” leo Bibele e buang ka lona e ne e le eng?
Molao oa Moshe o ne o itse: “Haeba monna a nka mosali . . . hore e be mosali oa hae, etlare haeba a sa fumane kamohelo mahlong a hae kahobane a fumane ntho e sa hlompheheng ho eena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo ’me a le behe letsohong la hae ’me a mo bolelle hore a tlohe ntlong ea hae.” (Deuteronoma 24:1) Morero oa lengolo lee e ne e le ofe? Bibele ha e bolele hore na ho ne ho ngotsoe eng lengolong leo, empa ha ho pelaelo hore le ne le tla sireletsa litokelo le boiketlo ba mosali ea hlaliloeng.
Ka 1951-1952, ho ile ha sibolloa lintho tsa boholo-holo tse ’maloa mahaheng a ka leboea ho Wadi Murabbaat, e leng nōka e cheleng lehoatateng la Judea. Har’a libuka tse ngata tse fumanoeng moo ho ne ho e-na le lengolo la tlhalo le ngotsoeng ka Searame la 71 kapa 72 C.E. Le ne le bolela se etsahetseng letsatsing la pele la khoeli ea Marheshvan, selemong sa botšelela ho tloha ha Bajuda ba fetohela Roma. Joseph, mora oa Naqsan, ea lulang Masada, o ile a hlala Miriam, morali oa Jonathan oa Hanablata. Joale mosali enoa o ne a lokolohile hore a ka nyaloa ke monna ofe kapa ofe oa Mojuda eo a neng a mo rata. Joseph o ile a khutlisa bohali ba Miriam ’me a mo buseletsa hane bakeng sa thepa efe kapa efe e senyehileng. Lengolo lena le ne le tekennoe ke eena le lipaki tse tharo—e leng, Eliezer, mora oa Malka; Joseph, mora oa Malka le Eleazar, mora oa Hanana.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mahaha a Wadi Murabbaat
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lengolo la tlhalo la 71/72 C.E.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Caves: Todd Bolen/Bible Places.com; certificate: Clara Amit, Courtesy of the Israel Antiquities Authority