“Hona ke ’Mele oa Ka”
“ONKENG le je; . . . hona ke ’mele oa ka.” (MATTHEU 26:26, The New Jerusalem Bible)
Ka mantsoe ana, Jesu Kreste o ile a fetisetsa bohobe bo sa lomosoang ho baapostola ba hae ha a ne a theha Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Empa o ne a bolela’ng ka mantsoe, “Hona ke ’mele oa ka”?
KARABELO ea potso ena ke ea bohlokoa ho Mak’hatholike a Roma, kaha mantsoe a Jesu ke oona motheo oa thuto ea hore ka mohlolo bohobe le veine li fetoha ’mele le mali tsa sebele tsa Kreste. Ho latela tumelo ena, ha Mak’hatholike a keteka ’Misa ’me a e-ja bohobe ba sakaramente, bo fetoha ’mele oa sebele oa Kreste, kapa nama ea hae. Ka hona, ba ne ba tla hanyetsa ka matla New World Translation of the Holy Scriptures, e fetolelang mantsoe a Jesu tjena: “Nkang le je. Hona ho bolela ’mele oa ka.” Ho fetolela temana ena ka tsela ena ho bontša hore bohobe e ne e le tšoantšetso ea nama ea Jesu, eseng nama ka boeona. Ke ho fetoleloa hofe ha temana ee ho fetisang khopolo e nepahetseng?
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ke” kapa “ho bolela” ke e·stinʹ. Ha e le hantle le bolela “ke,” empa le ka boela la bolela “ho bontša, ho emela.” Ke tsela efe e molemo ea ho fetolela temana ee moelelong oo?
Ho hong ho hlokomelehang ke mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Mattheu 26:26 ho La Sagrada Escritura, Texto y comentario por Profesores de la Compañía de Jesús, Nuevo Testamento I (Lengolo le Halalelang, Taba e Ngotsoeng le Tlhaloso ea Baprofesa ba Sehlopha sa Jesu, Testamente e Ncha) ea Sepanishe. O re: ‘Phetolelo eo, ho itšetlehiloe ka ho ngoloa ha puo, e ka ngoloa e le emela kapa tšoantšetsa joaloka ke—ho bolela ho tsebahatsa ha sebele. E le mehlala ea moo moelelo e leng tšoantšetsa, ho ka qotsoa Genese 41:26 (NW); Ezekiele 5:5 (NW); Daniele 7:17 (NW); Luka 8:11 (NW); Mattheu 13:38 (NW); 16:18 (NW); Ba-Galata 4:24 (NW); Tšenolo 1:20. (NW) Ho fanoe ka moelelo oa ke ([ka kutloisiso ea] e tsejoa e le), joalokaha ho ka bonoa libukeng tsa thuto ea bolumeli, ho sa kopanyelletsoe hore ho ka ’na ha e-ba le ho rehella lentsoe ka seo le seng sona, kapa tšoantšetso, hape le ka tsela eo Kereke ea Pele e neng e utloisisa polelo ena ka eona.’
Joalokaha phetolelo ena ea Roma e K’hatholike e bontša ka ho pepenene, ho latela ho ngoloa ha puo, mantsoe a Jesu a ka utloisisoa ka litsela tse peli. Ha e le hantle, lentsoe la Segerike e·stinʹ le fetoletsoe e le “se boleloang ke” sebakeng se seng ho New Jerusalem Bible ea K’hatholike. (Mattheu 12:7, NJB) Mofetoleli o lokela ho khetha lentsoe lefe ho Mattheu 26:26? Kaha Jesu o ne a ntse a phela a bile a na le ’mele o phethahetseng ha a ne a bua mantsoe a temana eo, bohobe boo a ileng a bo neha balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba nama ea hae ea sebele. Ho feta moo, ’mele oohle oa hae o phethahetseng oa botho o ile oa nehelanoa e le sehlabelo sa topollo. (Ba-Kolosse 1:21-23) Kahoo, ho fetoleloa ho molemohali ha temana ena ke: “Hona ho bolela ’mele oa ka.” Bohobe bo sa lomosoang bo ne bo tšoantšetsa ’mele oa Jesu, oo haufinyane o neng o tla etsoa sehlabelo molemong oa batho.
Esita le haeba Bibele ea hao e na le polelo “Hona ke ’mele oa ka,” ha ho hlokahale hore hoo ho u ferekanye. Hangata Jesu o ne a sebelisa puo e tšoanang. Ha a ne a re, “Ke ’na monyako” le, “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara,” ha ho le ea mong ea ileng a nahana hore e ne e le monyako oa sebele kapa sefate sa sebele sa morara. (Johanne 10:7; 15:1) Hape, ho latela New Jerusalem Bible, ha a ne a fetisetsa senoelo sa veine ho barutuoa ba hae ’me a re: “Senoelo sena ke selekane se secha,” ha ho le ea mong ea ileng a nahana hore senoelo seo e ne e le selekane sa sebele se secha. (Luka 22:20) Ka ho tšoanang, ha a ne a bolela hore bohobe ‘ke’ ’mele oa hae, re tlameha ho utloisisa hore bohobe ‘bo ne bo bolela,’ kapa bo tšoantšetsa, ’mele oa hae.