Pono ea Bibele
Bakreste ba Lokela ho Talima ’Misa Joang?
MAK’HATHOLIKE a inehetseng a lumellana le Mopapa John Paul II, eo ho latela The New York Times, a sa tsoa “boela a tiisa hore kereke e ho nka e le sebe haeba Mok’hatholike a fosa ho ea ’Miseng.” ’Misa ke eng? Na kereke le Bibele lia lumellana tabeng ee?
Bukeng ea Things Catholics Are Asked About, moprista oa Mok’hatholike Martin J. Scott o hlalosa ’Misa ka tsela e latelang: “’Misa ke sehlabelo se se nang mali sa ’Mele le Mali a Kreste. Golgotha e ne e le sehlabelo sa Kreste se nang le mali. Ha e le hantle ’Misa o ntse o tšoana le sehlabelo se entsoeng sefapanong. Ena hase puo feela ea tšoantšetso, mokhabo-puo, kapa hona ho feteletsa taba.” O boetse o re: “’Misa o bolela ho theolela Mor’a Molimo lialetareng tsa rōna le ho Mo etsa sehlabelo ho Molimo-ntate.”
Na ’Misa o Tšehetsoa ke Mangolo?
Mak’hatholike a tšepahalang a lumela hore ’Misa o thehiloe Mangolong. E le bopaki ba sena, ba qotsa mantsoe a Jesu nakong ea seo ka tloaelo se bitsoang Selallo. Nakong eo a neng a fa baapostola ba hae bohobe le veine, Jesu o ile a re ha a bua ka bohobe: “Bona ke ’mele oa ka.” Ha a bua ka veine, o ile a re: “Ena ke mali a ka.” (Matheu 26:26-28)a Mak’hatholike a lumela hore ha a ne a bua mantsoe ana, Jesu o ile a fela a fetola bohobe le veine ho ba ’mele oa hae le mali a hae. Leha ho le joalo, New Catholic Encyclopedia (1967) ea lemosa: “Ha rea lokela ho itšetleha ka ho feletseng ka kutloisiso ea hore mantsoe ao ke a sebele a reng ‘Bona ke ’mele oa ka’ kapa ‘Ena ke mali a ka.’ . . . Kaha lipolelong tse kang ‘kotulo ke bofelo ba lefatše’ (Mt 13.39) kapa ‘Ke ’na sefate sa ’nete sa morara’ (Jn 15.1) [leetsi “ho ba”] le mpa le bolela ho bontša kapa ho emela.” Kahoo, esita le encyclopedia ena e amohelehang ea lumela hore mantsoe a ho Matheu 26:26-28 ha a fane ka bopaki ba hore bohobe le veine li ile tsa fela tsa fetoha ’mele oa sebele oa Jesu le mali a sebele Selallong.
E mong a ka ’na a hopola hore Jesu o kile a re: “Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong. . . . Mang le mang ea jang nama ea ka le ea noang mali a ka o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:51, 54) Ba bang ba neng ba mametse Jesu ba ile ba nka mantsoe a hae ka kutloisiso ea sebele ’me ba makala. (Johanne 6:60) Empa re ka ’na ra botsa, Na Jesu o ile a fetola nama ea hae ho ba bohobe ketsahalong eo? Le hanyenyane! O ne a bua ka tšoantšetso. O ile a itšoantša le bohobe hobane ka sehlabelo sa hae o ne a tla fa moloko oa batho bophelo. Johanne 6:35, 40 e bontša ka ho hlaka hore ho ja le ho noa ho ne ho tla etsoa ka ho ba le tumelo ho Jesu Kreste.
Kaha ’Misa ke mokete oa bohlokoa oa Kereke e K’hatholike, motho o ne a ka lebella hore Mangolo a o tšehetse. Empa ha a e tšehetse. The Catholic Encyclopedia (khatiso ea 1913) e ile ea hlalosa lebaka: “Mohloli o moholo oa thuto ea rōna, ke neano, eo ho tloha khale e bolelang thapeli ka bohlokoa ba Sehlabelo sa ’Misa.” E, ’Misa oa Roma e K’hatholike o thehiloe neanong, eseng Bibeleng.
Ho sa tsotellehe hore na e etsoa ka botšepehi hakae, neano e khahlanong le Bibele ha e amohelehe ho Molimo. Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le fetotse molao oa Molimo o se nang thuso ka lebaka la neano ea lōna.” (Matheu 15:6) Kaha Jesu o ne a nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa, a re hlahlobeng thuto ena ea ’Misa leseling la Mangolo a Halalelang.
Kreste o Entsoe Sehlabelo—Hangata Hakae?
Kereke e K’hatholike e ruta hore nako le nako ha ho tšoaroa ’Misa, Jesu o etsoa sehlabelo, le hoja e bolela hore ha a hlile ha a shoe le hore ke sehlabelo se sa tšolleng mali. Na Bibele e lumellana le pono ee? Hlokomela Baheberu 10:12, 14: “[Jesu] o fane ka sehlabelo se le seng feela bakeng sa libe, ’me eaba o itulela ka ho sa feleng, letsohong le letona la Molimo. Ka molemo oa sehlabelo seo se le seng o finyelletse phetheho ea ka ho sa feleng bakeng sa bohle ba halalelitsoeng.”
Leha ho le joalo, Mok’hatholike ea tšepahalang a ka ’na a hanyetsa: ‘Na Jesu o ne a se na ho iketsa sehlabelo hangata? Kaofela ha rōna re etsa libe hangata.’ Karabo ea Bibele e tlalehiloe ho Baheberu 9:25, 26: “[Kreste] ha aa tlameha ho iketsa sehlabelo hangata-ngata. . . . O ile a iponahatsa hang le ka ho ke keng ha phetoa, qetellong ea mehla ea bofelo, ho tlosa sebe ka ho iketsa sehlabelo.” Hlokomela sena: Kreste “ha aa tlameha ho iketsa sehlabelo hangata-ngata.” Ho Baroma 5:19, moapostola Pauluse o hlalosa lebaka: “Ka lebaka la ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba behoa baetsalibe, ka mokhoa o joalo ka ketso ea motho a le mong ea ho loka [ea Jesu] ba bangata ba tla behoa ba lokileng.” Ketso e le ’ngoe ea Adama ea ho se mamele e ile ea etsa hore kaofela ha rōna re be tlas’a lefu; ketso e le ’ngoe ea Jesu ea topollo e ralile motheo oa hore rōna bohle ba nang le tumelo sehlabelong seo re tšoareloe libe tsa rōna hona joale le ho thabela bophelo bo sa feleng nakong e tlang.
Ho etsa phapang ea eng hore na Jesu o ile a etsoa sehlabelo hang kapa o ile a etsoa sehlabelo hangata? Taba ke ho ananela bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu. Eo ke mpho e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea fanoa—mpho ea bohlokoahali, e phethahetseng, e ke keng ea hlola e phetoa.
Ka sebele, sehlabelo sa Jesu se lokela ho hopoloa. Empa ho na le phapang pakeng tsa ho hopola ketsahalo le ho e pheta. Ka mohlala, banyalani ba ketekang ho ikhopotsa letsatsi la bona la lechato ba ka ’na ba hopola letsatsi leo ba nyalaneng ka lona, empa eseng hore ba hlile ba pheta mokete oo. Selemo le selemo, Lipaki tsa Jehova li keteka ketsahalo ea ho ikhopotsa lefu la Jesu, ba e keteka ka tsela eo Jesu a e laetseng—‘ho mo hopola,’ eseng ka ho mo etsa sehlabelo. (Luka 22:19) Ho phaella moo, Bakreste bana selemo ho pota ba leka ka matla ho hlaolela kamano e mofuthu le Jehova Molimo ka Jesu Kreste ka hore ba lumellanye bophelo ba bona, liketso tsa bona le litumelo tsa bona le Mangolo a Halalelang.
Hangata, sena se bolela ho etsa liphetoho monahanong oa bona. Empa Lipaki li thabisoa ke ho tseba hore haeba li tšehetsa Lentsoe la Molimo ka botšepehi ho e-na le neano ea batho, li tla hlohonolofatsoa. ’Me haeba li e-ba le tumelo maling a sehlabelo a Jesu, a tšolotsoeng hang hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, a tla li hlatsoa sebeng sohle.—1 Johanne 1:8, 9.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo ’ohle a qotsitsoeng sehloohong sena a nkiloe ho New Jerusalem Bible ea K’hatholike.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
’Misa oa St. Giles (makolopetso)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Erich Lessing/Art Resource, NY