Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 117 leq. 270-leq. 271 ser. 3
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ka Kamoreng e ka Holimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Kreste oa Ekoa ’me oa Tšoaroa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 117 leq. 270-leq. 271 ser. 3
Jesu o theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11

KHAOLO EA 117

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

MATHEU 26:​21-29 MAREKA 14:​18-25 LUKA 22:​19-23 JOHANNE 13:​18-30

  • HOA HLAKA HORE JUDASE KE LEHLABAPHIO

  • JESU O THEHA LIJO TSA SEHOPOTSO

Pejana mantsiboeeng ana, Jesu o rutile baapostola ba hae thuto ea boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a bona. Hona joale, mohlomong ka mor’a lijo tsa Paseka, o qotsa mantsoe a Davida ha a ne a profeta a re: “Motho ea nang le khotso le ’na, eo ke neng ke mo tšepa, ea neng a ja bohobe ba ka, o mphahamiselitse serethe.” O oa hlalosa o re: “E mong oa lona o tla nkeka.”​—Pesaleme ea 41:9; Johanne 13:​18, 21.

Baapostola baa shebana ’me e mong le e mong oa botsa o re: “Morena, hase ’na, na ha ho joalo?” Esita le Judase Iskariota oa botsa. Petrose o phehella Johanne ea lutseng pel’a Jesu tafoleng hore a botse Jesu hore na ke mang motho eo. Kahoo, Johanne o atamela Jesu ’me oa mo botsa o re: “Morena, ke mang?”​—Matheu 26:​22; Johanne 13:25.

Jesu o araba ka ho re: “Ke eo ke tla mo fa sengoathoana seo ke se qopetsang.” Jesu o qopetsa bohobe ka sejaneng se tafoleng ’me o bo fa Judase, o re: “Mor’a motho oa tloha, feela joalokaha ho ngoliloe malebana le eena, empa ho malimabe motho eo Mor’a motho a ekoang ka eena! Ho ka be ho bile molemo hoja motho eo a ne a sa tsoaloa.” (Johanne 13:​26; Matheu 26:​24) Joale Satane a kena Judase. Monna enoa ea seng a ntse a bolile o inehella Diabolose ’me o fetoha “mora oa timetso.”​—Johanne 6:​64, 70; 12:4; 17:12.

Jesu o re ho Judase: “Seo u se etsang se etse kapele.” Kaha Judase o tšoere lebokose la chelete, baapostola ba bang ba nka hore Jesu o re ho eena: “ ‘Reka lintho tseo re li hlokang bakeng sa mokete,’ kapa hore o lokela ho fa mafutsana ho hong.” (Johanne 13:​27-30) Ho e-na le hoo, Judase oa tsamaea o il’o eka Jesu.

Ha Judase a qeta ho tsamaea, Jesu o theha mokete o mong. O nka bohobe, o etsa thapelo ea teboho, oa bo qhetsola ’me o bo fa baapostola ba hae hore ba bo je. O re: “Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lona. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:​19) Baapostola ba fetisa bohobe boo ’me e mong le e mong oa bo ja.

Jesu o nka senoelo sa veine, o etsa thapelo ea teboho ’me o se fetisetsa ho baapostola ba hae. E mong le e mong oa noa ’me Jesu o re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lona.”​—Luka 22:20.

Ka tsela eo, Jesu o hlophisa sehopotso sa lefu la hae seo balateli ba hae ba tla se keteka selemo le selemo ka la 14 Nisane. Mokete ona o tla hopotsa batho ba nang le tumelo seo Jesu le Ntate oa hae ba ba etselitseng sona e le hore ba phonyohe kahlolo ea sebe le lefu. Paseka e ne e bolela tokoloho ho Bajuda. Leha ho le joalo, mokete ona o mocha o bolela tokoloho e feletseng bakeng sa batho bohle ba nang le tumelo.

Jesu o re mali a hae a tla “tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” Har’a batho ba tla fumana tšoarelo eo ke baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba tšepahalang. Ke bona ba tla ba le eena ’Musong oa Ntate oa hae.​—Matheu 26:​28, 29.

  • Jesu o qotsa boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka motsoalle, ’me o re bo phethahala joang?

  • Jesu o joetsa Judase hore a etse’ng, empa baapostola ba bang ba utloisisa taelo eo joang?

  • Jesu o theha mokete ofe ’me sepheo sa oona ke sefe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela