Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 10/1 maq. 8-9
  • Mahlomola Tšimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlomola Tšimong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahlomola Tšimong
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho Tebileng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Letsatsi la ho Qetela la Bophelo ba Jesu e le Motho oa Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 10/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Mahlomola Tšimong

HA Jesu a qeta ho rapela, eena le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba binela Jehova lipina tsa thoriso. Joale ba theoha kamoreng e ka holimo, ba tsoela ka ntle lefifing ho pholile e le bosiu, ’me ba khutlela morao ho tšela Phula ea Kedrone ho ea Bethania. Empa ha ba le tseleng, ba ema sebakeng se ratoang, tšimong ea Gethsemane. Tšimo ena e fumaneha kapa e haufi le Thaba ea Mehloare. Hangata Jesu o ’nile a kopana le baapostola ba hae mona har’a lifate tsa mehloare.

Ha a siea baapostola ba robeli—mohlomong pel’a monyako o kenang tšimong—oa ba laela: “Lulang mona ha ke sa ntse ke e-ea mane ho rapela.” Joale o nka ba bang ba bararo—Petrose, Jakobo, le Johanne—’me o kenella hare ka tšimong. Jesu oa hlomoha ’me o khathatseha haholo. Oa ba bolella: “Sephefumolohi sa ka se utloile bohloko haholo, hoo nka shoang, salang mona, le falimehe le ’na.”

Ha Jesu a e-ea pejana, o itihela fatše ka sefahleho ’me o qala ho rapela ka matla: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senoelo sena a se ke se mphete; Empa ho se be kamoo ho ratang ’na ka teng, empa kamoo ho ratang uena.” O bolela’ng? Ke ka baka la’ng ha a ‘utloile bohloko haholo, hoo a ka shoang’? Na o koenehela qeto ea hae ea hore o tla shoa ’me a fane ka topollo?

Ho hang! Jesu ha a kōpe hore a qobisoe lefu. Esita le khopolo ea ho qoba lefu la sehlabelo, joalokaha e kile ea hlahisoa ke Petrose, o e hloile. Ho e-na le hoo, o mahlomoleng hobane o tšaba hore tsela eo a tla shoa ka eona haufinyane—joaloka senokoane se eisehang—e tla tlisa thohako lebitsong la Ntate oa hae. Joale o hlokomela hore ka mor’a lihora li se kae o tla khokhotheloa thupeng joaloka motho e mobe ka ho fetisisa—monyefoli oa Molimo! Sena ke sona se mo utloisang bohloko haholo.

Ka mor’a hore Jesu a rapele haholo, oa khutla ’me o fumana baapostola ba bararo ba robetse. Ha a bua le Petrose, o re: “Na ebe le sitiloe ho falimeha le ’na hora e le ’ngoe? Falimehang, ’me le rapele, hore le se kene molekong.” Leha ho le joalo, ha a elelloa khatello ea maikutlo eo ba bileng ka tlas’a eona le hore e se e le phirimana, o re: “Moea o mafolo-folo, empa ’mele oa fokola.”

Joale Jesu o boetse o tsamaea lekhetlo la bobeli ’me o kōpa hore Molimo o tlose “senoelo sena” ho eena, ke hore, karolo eo Jehova a mo abetseng eona, kapa thato ea hae, ka eena. Ha a khutla, o boetse o fumana hore baapostola ba bararo ba robetse ha ba ne ba lokela hore ebe ba rapella hore ba se kene molekong. Ha Jesu a bua le bona, ha ba tsebe hore na ba tla arabela ka hore’ng.

Qetellong, ka lekhetlo la boraro, Jesu o ea sebakeng se thōkonyana, ’me a khumame ka mangole, ka mehoo e matla le ka likhapha, oa rapela: “Ntate hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka.” Jesu o ikutloa a hlabehile ka ho tebileng ka baka la thohako eo lefu la hae le kang la senokoane le tla e tlisa lebitsong la Ntate oa hae. E, ho qosoa ka hore ke monyefoli—motho ea rohakang Molimo—ho bonahala ho le boima haholo hore a ka ho mamella!

Leha ho le joalo, Jesu o tsoela pele ho rapela: “Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.” Ka kutlo Jesu o ikokobeletsa thato ea Molimo. Motsotsong ona, lengeloi le tsoang leholimong lea hlaha ’me le mo matlafatsa ka mantsoe a khothatsang. Ho ka etsahala hore, lengeloi le bolella Jesu hore o fumane kamohelo ea Ntate oa hae.

Leha ho le joalo, ke boima bo bokaakang bo mahetleng a Jesu! Bophelo ba hae ba ho se shoe le ba moloko ’ohle oa motho bo tsietsing. Khatello ea maikutlo e khōlō haholo. Ka hona Jesu o tsoela pele ho rapela ka matla haholoanyane, ’me mofufutso oa hae o ba joaloka marotholi a mali ha o ntse o qhitsa. The Journal of the American Medical Association, ea hlokomela: “Le hoja ena e le taba e etsahalang seoelo, mofufutso oa mali . . . o ka ba teng maemong a maikutlo a phahameng haholo.”

Hamorao, Jesu o khutlela ho baapostola ba hae lekhetlo la boraro, ’me o boetse o ba fumana ba robetse. Ba khathalitsoe ke ho hlomoha haholo. Oa hooa: “Ka nako e kang ee le robetse ’me le phomotse! Ho lekane! Hora e se e fihlile! Bonang! Mor’a motho o ekoa matsohong a baetsalibe. Tsohang, a re eeng. Bonang! Ea nkekang o se a atametse.”

Ha a sa ntsane a bua, Judase Iskariota oa tla, o na le letšoele le leholo le nkileng lirumula le mabone le libetsa. Mattheu 26:30, 36-47, BPN; 16:21-23; Mareka 14:26, 32-43, NW; Luka 22:39-47, NW; Johanne 18:1-3; Ba-Heberu 5:7.

◆ Ka mor’a ho tloha kamoreng e ka holimo, Jesu o isa baapostola hokae, ’me o etsa eng moo?

◆ Ha Jesu a ntse a rapela, baapostola ba etsa eng?

◆ Ke hobane’ng ha Jesu a le mahlomoleng, ’me o etsa kōpo efe ho Molimo?

◆ Ke eng se bontšoang ke hore mofufutso oa Jesu o ile oa ba joaloka marotholi a mali?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela