-
“Bonang, Motho ke Enoa”Molula-Qhooa—1991 | January 1
-
-
Kahoo, a ea ka likōpo tsa bona—a bile a batla ho khotsofatsa letšoele ho e-na le ho etsa seo a tsebang hore se nepahetse—Pilato o ba lokollela Barabbase. O nka Jesu ’me o laela hore a hlobolisoe ’me a shapuoe. Ena e ne e se chapo feela e tloaelehileng. The Journal of the American Medical Association e hlalosa mokhoa oa Baroma oa ho shapa tjena:
“Hangata ntho e sebelisoang e ne e le sephali se sekhutšoanyane (flagrum kapa flagellum) se nang le marapo a letlalo a ’maloa a sa lohuoang kapa a lohiloeng a bolelele bo fapa-fapaneng, ao ho ’ona ho neng ho tlamelloa libolo tse nyenyane tsa tšepe kapa likotoana tse bohale tsa masapo a linku libakeng tse sieanang ka bolelele bo lekanang. . . . Ha masole a Roma a ne a shapa motho ka mokokotlong ka makhetlo-khetlo ka matla a maholo, libolo tsa tšepe li ne li baka matetetso a tebileng, ’me marapo a letlalo le masapo a linku a ne a seha letlalo le linama tse ka tlas’a letlalo. Joale, ha chapo ena e ntse e tsoela pele, maqeba ana a ne a hlenhlana ho ea fihla linameng tse koahetseng masapo ’me a hlahisa linama tse leketlileng tse ntseng li thothomela tse lutlang mali.”
-
-
“Bonang, Motho ke Enoa”Molula-Qhooa—1991 | January 1
-
-
Le hoja a ntšitsoe maqeba a bile a khakhathiloe, motho ea hlahelletseng ka ho fetisisa historing eohle, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke enoa o eme mona! E, Jesu o bontša seriti ka ho khutsa le botsitso tse bontšang boholo boo esita le Pilato a tlamehang ho bo amohela, hobane ka ho hlakileng mantsoe a hae ke a kopantseng tlhompho le mohau. Johanne 18:39–19:5; Mattheu 27:15-17, 20-30, NW; Mareka 15:6-19; Luka 23:18-25, NW.
-