Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 2/15 maq. 5-8
  • Mehlolo eo U e Boneng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlolo eo U e Boneng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Buka e ka ba Mohlolo?
  • Mohlolo o ‘Phelang le o Fanang ka Matla’
  • Mehlolo—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Mehlolo—Na Kannete e Etsahetse?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Kreste—ke Matla a Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lebaka Leo ka Lona Mehlolo ka Boeona e sa Haheng Tumelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 2/15 maq. 5-8

Mehlolo eo U e Boneng!

LENTSOE “mohlolo” le na le moelelo oa bobeli o bolelang “ketsahalo, ntho, kapa mosebetsi o hlaheletseng ka ho fetisisa kapa o sa tloaelehang.” Kaofela re kile ra bona mohlolo oa mofuta ona, oo Molimo a sa kang a kenella ho oona.

Ha batho ba ntse ba utloisisa melao ea tlhaho haholoanyane, ba ’nile ba khona ho finyella lintho tseo pele ho neng ho nahanoa hore li ke ke tsa finyelloa. Ka mohlala, lilemong tse lekholo tse fetileng, mohlomong batho ba bangata ba ne ba nahana hore lintho tseo lik’homphieutha, thelevishene, le theknoloji ea sepaka-paka le lintho tse tšoanang le tsona tseo tsoelo-pele ea kajeno e li entseng lintho tse seng li tloaelehile, li ne li ke ke tsa etsahala.

Bo-rasaense ba bang, ka ho elelloa hore ha ba na tsebo e feletseng ea limakatso tsa saense tse fumanoang pōpong ea Molimo, baa lumela hore ha ba sa khona ho bua ba lomahantse meno hore ntho e itseng e ke ke ea etsahala. Bonyane ba ikemiselitse ho bolela hore mohlomong e ke ke ea etsahala. Kahoo ba siea monyetla o bulehile bakeng sa “mehlolo” e ka ’nang ea etsahala ka moso.

Esita le haeba re sebelisa moelelo oa pele oa lentsoe “mohlolo,” o bolelang lintho tse “etsoang ke motho ea nang le matla a phahametseng tlhaho,” re ka bolela hore e mong le e mong oa rōna o kile a bona mehlolo. Ka mohlala, re bona letsatsi, khoeli le linaleli—kaofela ke lihlahisoa tsa “motho ea nang le matla a phahametseng tlhaho,” e leng ’Mōpi ka boeena. Ho phaella moo, ke mang ea ka hlalosang ka ho qaqileng hore na ’mele oa motho o sebetsa joang? hore na boko bo sebetsa joang? kapa hore na lesea le ka pōpelong le hōla joang? Buka e bitsoang The Body Machine e re: “’Mele oa motho, o laoloang le ho tsamaisoa setsing sa tsamaiso ea methapo, ke mochine o rarahaneng oa methapo ea kutlo, ke enjine e itsamaisang, ke k’homphieutha e khonang ho itlhahisa hape—ke pōpo e hlollang le eo ka litsela tse ngata e ke keng ea utloisisoa.” Molimo ea bōpileng “’mele oa motho,” ka sebele o entse mohlolo, o sa phetseng ho re hlolla. Ho boetse ho na le mefuta e meng ea mehlolo eo u e boneng, le hoja mohlomong u ne u sa elelloe hore ke eona.

Na Buka e ka ba Mohlolo?

Ha ho buka e abuoang haholo joaloka Bibele. Na u e nka e le mohlolo? Na re ka re e bile teng ka lebaka la “motho ea nang le matla a phahametseng tlhaho”? Ke ’nete hore Bibele ke buka e ngotsoeng ke batho, empa ba bolela hore ba ngotse mehopolo ea Molimo, eseng ea bona. (2 Samuele 23:1, 2; 2 Petrose 1:20, 21) Ak’u nahane ka sena. E ne e le batho ba 40, ba phetseng ka nako ea lilemo tse fetang 1 600. Ba ne ba tsoa limelong tse sa tšoaneng, e le balisa, masole, batšoasi ba litlhapi, basebeletsi ba ’muso, lingaka, baprista le marena. Empa leha ho le joalo, ba ile ba khona ho fetisa molaetsa o momahaneng oa tšepo oa ’nete le o nepahetseng.

Ka lebaka la ho ithuta ka hloko, Lipaki Tsa Jehova li lumela Bibele, ‘eseng e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo,’ joalokaha moapostola Pauluse a ngotse. (1 Bathesalonika 2:13) Ka lilemo-lemo likhatiso tsa tsona li ’nile tsa hlalosa hore na lintho tseo ho thoeng lia ikhanyetsa tse ka Bibeleng li lumellana joang le molaetsa oa eona ka kakaretso. Tumellano ena ka boeona ke bopaki ba hore moqapi oa eona ke Molimo.a

Ha ho buka eo ho kileng ha lekoa ka matla ho e felisa joaloka Bibele. Empa leha ho le joalo, e ntse e le teng, ’me karolo e ’ngoe ea eona e fumaneha ka lipuo tse fetang 2 000. Ho sireletsoa ha eona e le buka le ho sireletsoa ha taba ea eona e momahaneng ho bontša hore Molimo o ile a kenella. Ka sebele Bibele ke mohlolo!

Mohlolo o ‘Phelang le o Fanang ka Matla’

Mehlolo e etsahetseng mohla monene—liphekolo tsa mohlolo le ho tsoha ha bafu—ha e sa etsahala. Empa re na le lebaka la ho ba le tšepo ea hore lefatšeng le lecha le tlang la Molimo, mehlolo e joalo e tla etsahala hape, ’me lekhetlong lena e tla etsahala lefatšeng lohle. E tla tlisa topollo ea ka ho sa feleng ’me e tla feta hōle seo re ka khonang ho se utloisisa hona joale.

Bibele, e tlileng ho rōna ka mohlolo, esita le kajeno e ka etsa seo ho ka thoeng ke mohlolo ka ho susumeletsa batho ho ntlafatsa botho ba bona. (Bona mohlala oa sena lebokoseng le reng “Matla a Lentsoe la Molimo,” leqepheng la 8.) Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” Ka sebele, Bibele e ’nile ea phetha karolo ea bohlokoa ho fetoleng bophelo ba batho ba fetang limilione tse tšeletseng ba phelang lefatšeng lohle, ea etsa hore bophelo ba bona bo be le morero le ho ba fa tšepo e babatsehang ea bokamoso.

Ke hobane’ng ha u sa lumelle Bibele hore e etse mohlolo bophelong ba hao?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba u lakatsa ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka lintho tseo ho thoeng lia ikhanyetsa le hore na li lumellana joang, ho fanoe ka mehlala e mengata bukeng e bitsoang Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? khaolong ea 7, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

NA O NE A SE A SHOELE KAPA O NE A NTSE A PHELA?

Ho ea ka Johanne 19:33, 34, Jesu o ne a se a shoele ha ‘le leng la masole le ne le mo hlaba lehlakoreng ka lerumo, ’me kapele-pele ho tsoa mali le metsi.’ Leha ho le joalo, Matheu 27:49, 50 e bontša hore Jesu o ne a ntse a phela ha sena se etsahala. Ho se tšoane hoo ho bakoa ke’ng?

Molao oa Moshe o ne o thibetse hore motlōli oa molao a se ke a siuoa a fanyehiloe bosiu bohle thupeng ea polao. (Deuteronoma 21:22, 23) Kahoo, mehleng ea Jesu, haeba motlōli oa molao ea khokhothetsoeng thupeng a ne a ntse a phela mantsiboea, ho ne ho tloaelehile hore a rojoe meomo, ho etsa hore a shoe kapele. O ne a ke ke a hlola a khona ho ema a otlolohile e le hore a phefumolohe hantle. Hore ebe masole a ile a roba meomo ea baetsi ba bobe ba babeli ba neng ba khokhothetsoe thupeng haufi le Jesu empa a sa ka a roba ea Jesu ho bontša hore masole a ne a nahana hore o shoele. Mohlomong lesole le ile la mo hlaba lehlakoreng e le hore le tlose khoao leha e le efe le ho felisa lipuo leha e le life tsa bohata tse neng li ka ’na tsa hlaha hamorao tsa hore o tsohile.

Taba e ngotsoeng ho Matheu 27:49, 50 e bontša tatellano e fapaneng ea liketsahalo. E re: “Monna e mong a nka lerumo ’me a mo hlaba lehlakoreng, ’me ha tsoa mali le metsi. Jesu a boela a hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ’me a nehela moea.” Leha ho le joalo, polelo e ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng ha e hlahe libukeng tsohle tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele. Litsebi tse ngata li lumela hore e ile ea kenyelletsoa hamorao e tsoa Kosepeleng ea Johanne empa e ile ea behoa sebakeng se fosahetseng. Kahoo, liphetolelo tse ngata li arola polelo ena ka ho sebelisa masakana, tlhaloso e mongolong o botlaaseng ba leqephe, kapa li siea polelo eo ka ho feletseng.

Taba ea sehlooho e bokeletsoeng ke Westcott le Hort, e sebelisitsoeng haholo e le eona motheo bakeng sa Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e kenya polelo ena ka har’a masakana a tsamaeang ka bobeli. E bontša hore “e tlameha ebe [polelo ena] e ile ea kenyelletsoa ke bangoli.”

Kahoo bopaki bo bongata bo bontša hore Johanne 19:33, 34 ke ’nete le hore Jesu o ne a se a shoele ha lesole la Moroma le mo hlaba ka lerumo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

MATLA A LENTSOE LA MOLIMO

Joaloka mocha ea tsoang lelapeng la batsoali ba arohaneng, Detlef o ile a inehella lithethefatsi, joala le ’mino oa rock o morethetho o boima.b O ile a fetoha seo ka tloaelo ho thoeng ke bo-ralekoroana, ’me ka potlako boitšoaro ba hae bo mabifi bo ile ba etsa hore mapolesa a batle ho mo koalla.

Ka 1992, bo-ralekoroana ba 60 ba ile ba qoaketsana ka matla le maphanka a ka bang 35 reschorenteng le bareng e ’ngoe ka leboea-bochabela ho Jeremane. Thomas, e leng e mong oa maphanka ao, o ile a otloa habohloko hoo a ileng a shoa ka lebaka la ho lemala. Ba ’maloa ba ba neng ba li hula pele, ho akarelletsa le Detlef, ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng ka mor’a nyeoe e ileng ea phatlalatsoa haholo litabeng.

Nakoana ka mor’a hore Detlef a lokolloe chankaneng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo fa pampitšana. Pampitšana eo e ne e e-na le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?” Kapele-pele Detlef o ile a lemoha hore e bua ’nete, eaba o qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Sena se ile sa fetola bophelo ba hae ka ho feletseng. Ho tloha ka 1996 e ’nile ea e-ba Paki e chesehang ea Jehova.

Siegfried, eo pele e neng e le lephanka, e ne e le motsoalle oa Thomas oa hlooho ea khomo, e leng mohlankana ea ileng a bolaoa; hamorao le eena e ile ea e-ba Paki ’me hona joale ke moholo ka phuthehong. Ha Siegfried a ne a etetse phuthehong ea habo Detlef ho ea fana ka puo ea Bibele (’mè oa Thomas le eena o ea libokeng moo ka linako tse ling), Detlef o ile a mo memela lijong tsa motšehare. Lilemong tse ka bang leshome tse fetileng, ho ka be ho bile thata ho laola lehloeo la bona. Kajeno, lerato la bona la bara ba motho le bonahala ka ho hlaka.

Detlef le Siegfried ba na le tšepo ea ho amohela Thomas ha a tsosetsoa bophelong paradeiseng lefatšeng. Detlef o re: “Ho nahana ka sena feela ho etsa hore likeleli li keleketle marameng a ka. Ke masoabi ka seo ke se entseng.” Joalokaha kajeno ba thusa batho ba bang, bobeli ba bona ba batla ho thusa Thomas ka nako eo hore a tsebe Jehova le ho thabela tšepo eo Bibele e fanang ka eona.

Ka sebele, Lentsoe la Molimo le matla haholo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

’Mele oa motho ke pōpo e hlollang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Anatomy Improved and Illustrated, London, 1723, Bernardino Genga

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela