-
Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 21
Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?
Haufinyane Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona. Litaba tsena li monate hoo ho hlokahalang hore motho e mong le e mong a li tsebe. Jesu o batla hore balateli ba hae ba bolelle batho ba bang molaetsa ona. (Matheu 28:19, 20) Lipaki Tsa Jehova li phetha taelo eo Jesu a faneng ka eona joang?
1. Lengolo la Matheu 24:14 le phethahala joang kajeno?
Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Rona Lipaki Tsa Jehova re thabela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa. Re bua le batho ka Bibele lefatšeng lohle ka lipuo tse fetang 1 000. Mosebetsi ona o moholo o hloka ho hlophisoa ebile o hloka batho ba sebetsang ka thata. O ne o ke ke oa khoneha ntle le thuso ea Jehova.
2. Ke boiteko bofe boo re bo etsang hore re rute batho Bibele?
Re bua le batho ka Bibele hohle moo re ba fumanang teng. Joaloka Bakreste ba mehleng ea pele, le rona re bolela “ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42) Ka tsela ena re bua le batho ba limilione selemo le selemo. Kaha ha se hangata re fumanang batho malapeng, re boetse re bua le bona ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Re lula re batla menyetla ea ho bolella batho ba bang ka Jehova le ka seo a batlang ho se etsetsa batho.
3. Ke bo-mang ba nang le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele?
Bakreste bohle ba ’nete ba na le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele. Re nka boikarabelo bona e le ba bohlokoa. Re etsa sohle seo re ka se khonang ho bua le batho ka Bibele hobane rea tseba hore ho etsa joalo ho ka pholosa bophelo ba bona. (Bala 1 Timothea 4:16.) Ha re patalloe ho etsa mosebetsi ona, kaha Bibele e re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:7, 8) Ha se batho bohle ba mamelang molaetsa oa rona. Empa re tsoela pele re bolela hobane ha re etsa joalo, re mamela Jehova ebile rea mo thabisa.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na Lipaki Tsa Jehova li etsa’ng e le hore li rute batho Bibele lefatšeng lohle le hore na Jehova o li thusa joang.
Re ruta batho Bibele lefatšeng lohle: (A) Costa Rica, (B) United States, (C) Benin, (D) Thailand, (E) Yap, (F) Sweden
4. Re sebetsa ka thata e le hore re bue le batho ka Bibele
Rona Lipaki Tsa Jehova re leka kahohle ho bua le batho ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke eng e u khahlang ka boiteko ba ho ruta batho Bibele boo Lipaki Tsa Jehova li bo etsang?
Bala Matheu 22:39 le Baroma 10:13-15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
Mosebetsi oa rona oa ho ruta batho Bibele o bontša joang hore re rata batho ba bang?
Jehova o ikutloa joang ka batho ba rutang batho Bibele? (Sheba temana ea 15.)
5. Re basebetsi-’moho le Molimo
Ho na le mehlala e mengata e bontšang hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rona. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang mor’abo rona Paul ea lulang New Zealand o ile a kopana le ’mè e mong ha a ntse a etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Hoseng ha letsatsi leo, ’mè eo o ne a ile a rapela a sebelisa lebitso la Molimo, e leng Jehova, a kopa hore ho be le motho ea mo etelang. Mor’abo rona Paul o re: “Lihora tse tharo hamorao ke ile ka kokota lemating la hae.”
Bala 1 Bakorinthe 3:9 ebe le buisana ka potso e latelang:
Mehlala e tšoanang le oo oa New Zealand e bontša joang hore Jehova o tataisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele?
Bala Liketso 1:8 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ke hobane’ng ha re hloka thuso ea Jehova e le hore re phethe mosebetsi oa rona?
Na u ne u tseba?
Beke le beke libokeng tsa rona tsa har’a beke re fumana koetliso e re thusang ho ruta batho Bibele. Haeba u kile oa ba teng libokeng tseo, u ikutloa joang ka koetliso eo re e fumanang?
6. Re mamela taelo ea Molimo ea hore re rute batho Bibele
Mehleng ea baapostola bahanyetsi ba ile ba leka ho thibela balateli ba Jesu hore ba rute batho ka Molimo. Bakreste ba mehleng eo ba ile ba loanela tokelo ea bona ea ho bolela ka hore ba thehe ka molao ho boleloa ha litaba tse molemo. (Bafilipi 1:7) Lipaki Tsa Jehova li etsa se tšoanang le kajeno.a
Bala Liketso 5:27-42 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ke hobane’ng ha re ke ke ra tlohela ho ruta batho Bibele? (Sheba temana ea 29, 38 le 39.)
MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li tsamaea ka ntlo le ntlo?”
U ka mo araba joang?
KAKARETSO
Jesu o laetse balateli ba hae hore ba rute batho Bibele lefatšeng lohle. Jehova o thusa batho ba hae ho etsa mosebetsi ona.
Re Ithutile’ng?
Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o etsoa joang lefatšeng lohle?
Ke hobane’ng ha re ka re mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o bontša hore rea ba rata?
Na u nahana hore mosebetsi oa ho ruta batho Bibele oa thabisa? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
BATLA
Bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li buang le batho kateng ka molaetsa oa Bibele litoropong tse kholo.
Lipaki Tsa Jehova li entse eng ho thusa batho ba tsoang linaheng tse ling?
Ho Ruta Batho ba Tsoang Linaheng Tse Ling Molaetsa oa Bibele (5:59)
Utloa hore na ’mè e mong ea qetang nako e ngata a ruta batho Bibele o re ke’ng e mo thabisang ka ho etsa mosebetsi ona.
Ithute ka tse ling tsa liqeto tseo makhotla a li entseng e le hore ho be bonolo hore re rute batho molaetsa oa Bibele.
“Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla” (’Muso oa Molimo oa Busa!, khaolo ea 13)
a Molimo ke eena ea laetseng hore ho rutoe batho Bibele. Kahoo Lipaki Tsa Jehova ha li hloke tumello ea mebuso ea batho hore li etse mosebetsi ona.
-
-
Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e EtsangU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 23
Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
Jesu o ile a re Bakreste ba lokela ho kolobetsoa. (Bala Matheu 28:19, 20.) Empa kolobetso ke eng? Hona motho o lokela ho etsa’ng hore a kolobetsoe?
1. Kolobetso ke eng?
Lentsoe “kolobetso” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang ho kenngoa ka har’a metsi ka ’mele kaofela. Ha Jesu a kolobetsoa, o ile a kenngoa ka ’mele kaofela ka har’a Noka ea Jordane, eaba ‘o tsoa ka metsing.’ (Mareka 1:9, 10) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba ’nete ba kolobetsoa ka hore ba kenngoe ka ’mele kaofela ka har’a metsi.
2. Kolobetso e bontša’ng?
Ha motho a kolobetsoa, o bontša hore o inehetse ho Jehova Molimo. Motho o inehela ho Jehova joang? Pele a kolobetsoa, o rapela a le mong ’me o bolella Jehova hore o batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. O tšepisa Jehova hore o tla sebeletsa eena feela le hore ho etsa thato ea hae e tla ba eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. O etsa qeto ea ho itatola ’me o latela mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae. (Matheu 16:24) Ha a inehela ’me a kolobetsoa, o ba le setsoalle se matla le Jehova le Bakreste-’moho le eena.
3. Motho o lokela ho etsa’ng pele a kolobetsoa?
Pele u kolobetsoa ho bohlokoa hore u ithute ka Jehova le hore u be le tumelo e matla ho eena. (Bala Baheberu 11:6.) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka Jehova haholoanyane ’me tumelo ea hao e e-ba matla, u tla mo rata le ho feta. Ha ho pelaelo hore u tla batla ho bolella batho ba bang ka eena le ho phela ka melao ea hae. (2 Timothea 4:2; 1 Johanne 5:3) Ha motho a ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore a mo khahlise ka botlalo,’ a ka batla ho nehela bophelo ba hae ho Molimo ’me a kolobetsoe.—Bakolose 1:9, 10.a
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Bona hore na u ka ithuta’ng kolobetsong ea Jesu le hore na u lokela ho etsa’ng hore u itokisetse mohato ona oa bohlokoa.
4. Ho na le ntho eo re ka ithutang eona kolobetsong ea Jesu
Bala Matheu 3:13-17 e le hore u ka ithuta lintlha tse ling ka kolobetso ea Jesu ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na Jesu e ne e le lesea ha a ne a kolobetsoa?
O ile a kolobetsoa joang? Na o ile a fafatsoa feela ka metsi?
Jesu o ile a qala ho etsa mosebetsi oa hae o khethehileng oo Molimo a neng a mo file oona hore a o etse lefatšeng ha a ne a qeta ho kolobetsoa. Bala Luka 3:21-23 le Johanne 6:38 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, ke mosebetsi ofe o neng o tla pele bophelong ba hae?
5. Ho ka khoneha hore u kolobetsoe
Qalong taba ea ho inehela le ho kolobetsoa e ka bonahala e le ntho e thata. Leha ho le joalo, u ka tsoela pele u ithuta ho fihlela u kholisehile hore u batla ho etsa qeto ena ea bohlokoa. Bapala VIDEO e le hore u bone batho ba bang ba ileng ba etsa seo.
Bala Johanne 17:3 le Jakobo 1:5 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ke eng e ka thusang motho hore a itokisetse ho kolobetsoa?
Re inehela ho Jehova ka hore re mo bolelle hore re batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng
Ha re kolobetsoa, re bontša batho ba shebileng hore re inehetse ho Molimo
6. Ha re kolobetsoa re ba karolo ea lelapa la Jehova
Ha re kolobetsoa re ba karolo ea lelapa le momahaneng lefatšeng lohle. Le hoja re tsoa libakeng le litsong tse sa tšoaneng, kaofela ha rona re lumela ntho e tšoanang ’me re phela ka melao e tšoanang. Bala Pesaleme ea 25:14 le 1 Petrose 2:17 ebe le buisana ka potso e latelang:
Kolobetso e ama setsoalle sa rona le Jehova le setsoalle sa rona le batho ba mo sebeletsang joang?
BATHO BA BANG BA RE: “Ha ke e-s’o ikemisetse ho kolobetsoa.”
Haeba le uena u ikutloa joalo, na u nahana hore ho na le nako eo ka eona u tla batla ho kolobetsoa?
KAKARETSO
Jesu o ile a ruta hore Bakreste ba lokela ho kolobetsoa. Empa pele motho a kolobetsoa, o lokela ho ba le tumelo e matla ho Jehova, a phele ka melao ea hae ’me a inehele ho eena.
Re Ithutile’ng?
Kolobetso ke eng ’me ke hobane’ng ha e le bohlokoa?
Ha motho a kolobetsoa, o bontša’ng?
Ke eng seo motho a lokelang ho se etsa pele a inehela le ho kolobetsoa?
BATLA
Ithute hore na kolobetso ke eng le hore na ha se eng.
Hlahloba lintho tseo motho a ka li etsang e le hore a kolobetsoe.
“Ho Rata Jehova ho ka U Susumeletsa Hore U Kolobetsoe” (Molula-Qhooa, March 2020)
Hlokomela hore na ntate e mong o ile a thusoa ke’ng hore a kolobetsoe.
“Ba ne ba Batla Hore ke Iponele Seo e Leng ’Nete” (Molula-Qhooa, February 1, 2013)
Ithute hore na hobane’ng ha ho kolobetsoa e le ntho ea bohlokoa eo u ka e etsang le hore na u ka itokisetsa eona joang.
a Haeba motho a ile a kolobetsoa bolumeling bo bong, o tla lokela ho kolobetsoa hape. Hobane’ng? Hobane bolumeli boo bo ne bo sa rute ’nete e ka Bibeleng.—Sheba Liketso 19:1-5 le Khaolo ea 13.
-