-
Etsa Hore ho Lule ho E-na le Bonngoe ka PhuthehongU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. U ka etsa’ng haeba ho bile le ho se utloane lipakeng tsa hao le Mokreste-’moho?
Le hoja re le bonngoeng, ha rea phethahala. Ka lebaka leo, ka linako tse ling re utloisana bohloko. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “Tsoelang pele . . . le tšoarelana,” hape le re: “Joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.” (Bala Bakolose 3:13.) Re utloisa Jehova bohloko hangata, leha ho le joalo oa re tšoarela. Kahoo o lebeletse hore le rona re tšoarele bara le barali ba bo rona. Ha u hlokomela hore u utloisitse motho e mong bohloko, etsa boiteko ba ho lokisa litaba le eena.—Bala Matheu 5:23, 24.b
-
-
Etsa Hore ho Lule ho E-na le Bonngoe ka PhuthehongU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Ka linako tse ling re utloisa batho ba bang bohloko. Re lokela ho etsa’ng ha ho le joalo? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, morali oa bo rona o ile a etsa’ng hore a bope khotso?
-