Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Loka ha ho Tlisoe ke Lineano Tsa Molomo
    Molula-Qhooa—1990 | October 1
    • 12. (a) Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a tlisa phetoho efe tseleng ea hae e tloaelehileng ea ho kenyelletsa litšupiso tse supang Mangolo a Seheberu, hona hobane’ng? (b) Re ithuta eng ho sebelisoeng ha polelo “Ho itsoe” lekhetlo la botšelela?

      12 Ha Jesu a qotsa Mangolo a Seheberu pejana, o ile a re: “Ho ngoliloe.” (Mattheu 4:4, 7, 10) Empa ka makhetlo a tšeletseng Thutong ea Thabeng, o ile a kenyelletsa lipolelo tse neng li utloahala eka li tsoa Mangolong a Seheberu ka mantsoe: “Ho itsoe.” (Mattheu 5:21, 27, 31, 33, 38, 43, NW) Hobane’ng? Hobane o ne a supa Mangolo kamoo a neng a hlalosoa ka teng ka kutloisiso ea lineano tsa Bafarisi tse neng li hanyetsa litaelo tsa Molimo. (Deuteronoma 4:2; Mattheu 15:3, NW) Sena se ile sa hlaka tšupisong ea Jesu ea botšelela eo e neng e bile e le ea ho qetela letotong lena: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U tlameha ho rata moahisani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’” Empa ha ho molao oa Moshe o neng o re, “Hloea sera sa hao.” Ke bangoli le Bafarisi ba neng ba bolela joalo. Eo e ne e le tlhaloso ea bona ea Molao oa ho rata moahisani oa hao—moahisani oa hao oa Mojode, eseng ba bang.

  • Ho Loka ha ho Tlisoe ke Lineano Tsa Molomo
    Molula-Qhooa—1990 | October 1
    • 14. Jesu o re lemosa joang hore re se ke ra ba ra qala le ho kena feela tseleng e lebisang bofebeng?

      14 Ka mor’a moo Jesu o ile a re: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua feba. Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” (Mattheu 5:27, 28) Ha u batle ho etsa bofebe? Joale u se ke ua ba ua qala le ho kena tseleng eo ka ho lula u ntse u nahana ka bona. Lebela pelo ea hao, e leng oona mohloli oa lintho tse joalo. (Liproverbia 4:23; Mattheu 15:18, 19) Jakobo 1:14, 15 ea lemosa: “Empa motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” Ka linako tse ling batho ba ee ba re: ‘U se ke ua qala seo u ke keng ua se phetha.’ Empa ntlheng ena re lokela ho re: ‘U se ke ua qala seo u ke keng ua se thiba.’ Ba bang ba ’nileng ba tšepahala esita le ha ba sokeloa ka lefu ka pel’a lebotho la sesole le tšoereng lithunya hamorao ba ile ba khelosoa ke khoheli e nanarelang ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela