Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke E-na le Maikutlo a Hore ke Lokela ho ba ea Phethahetseng?
“Kaha Ntate e ne e le tichere, motho e mong le e mong o ne a lebeletse hore ke fumane limaraka tsa A feela. Ka linako tse ling ke ne ke lla ho fihlela ke ba ke khaleha.”—Leah.a
“Ke motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng. E tlameha e be ’na ea etsang ntho hantle ho feta ba bang kapa ke e etse ka tsela e fapaneng le ea ba bang, ho seng joalo, molemo oa ho e etsa ke ofe!”—Caleb.
NA U na le boikutlo ba hore kamehla u lokela ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng? Na u lula u amehile ka taba ea hore ho sa tsotellehe hore na u iteka hakae, ha ho mohla u keng u etse se u khotsofatsang? Na u sitoa ho amohela ha u tšoauoa phoso ka tsela leha e le efe? Ha lintho li sa tsamaee hantle, na u ipeha molato, u inke u le sethoto, u se na thuso ’me u se oa bohlokoa? Haeba u batla hore ntho e itseng e etsoe hantle, na u nka hore e lokela ho etsoa ke uena? Na ka linako tse ling u tšaba ho etsa phoso hoo u chechisetsang ntho morao kapa u khaotse ho e etsa?
Ho thoe’ng ka likamano tsa hao le ba bang? Na u iphumana u hloka metsoalle hobane bao e ka bang metsoalle ea hao ha ba tšoanelehe? Na u tšoenyeha ho tlōla tekano ka liphoso tsa ba bang le mefokolo ea bona? Haeba ho na le potso eo u e arabetseng ka e ho tsena, e ka ’na eaba u na le bothata ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng. ’Me haeba ho joalo, hase uena feela. Sena se tloaelehile haholo ho bacha—haholo-holo ba nang le lineo tse itseng kapa ba atlehang haholo ho seo ba se etsang.b
Ke eng e etsang hore motho a batle hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng? Bafuputsi ba na le likhopolo-taba feela. Buka e bitsoang Perfectionism—What’s Bad About Being Too Good? e re: “Ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng hase boloetse; hase ntho eo u e tšoaelitsoeng. Ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng hase lefutso; hase ntho eo u tsoetsoeng le eona. Joale ho tlile joang hore u qetelle u batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe etsoe ka tsela e phethahetseng? Litsebi tse ling li lumela hore ha ngoana a ntse a hōla, o hlaolela boikutlo ba hore ha aa tšoanela ho etsa phoso. Khatello ea lelapa, khatello eo motho a ipakelang eona, khatello ea sechaba, khatello ea mecha ea litaba le ho batla ho tšoana le batho ba itseng ka tsela eo e seng ea sebele, kaofela ha tsona li ka susumelletsa batho ba bang hore ba lule ba ngongorehile, ba ikutloe ba le molato ba bile ba sebetsa ka thata ho tlōla tekano.”
Ho sa tsotellehe hore na ho bakiloe ke eng, ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ho ka u senyetsa bophelo. A re hlahlobisiseng boikutlo bona ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ’me re bone hore na ke hobane’ng ha bo ka u lematsa.
Ho Batla Hore Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Etsoe ka Tsela e Phethahetseng ke Eng?
Ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng hase feela taba ea ho loanela ho etsa ntho hantle kapa ho ba motlotlo ka mosebetsi o entsoeng hantle. Etsoe ho Liproverbia 22:29, Bibele e rorisa motho ea “nang le tsebo mosebetsing oa hae.” Bibele e boetse e bua hantle ka batho ba bangata ba ileng ba e-ba le litsebo tse phahameng tse sa tšoaneng. (1 Samuele 16:18; 1 Marena 7:13, 14) Ka hona, ke ntho e ntle ho loanela ho etsa ntho hantle, ho ipehela lipakane tse phahameng empa e le tse ka finyelloang. Ka tsela eo, motho a ka “etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”—Moeklesia 2:24.
Leha ho le joalo, motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ha a fumane khotsofalo e joalo. O na le pono e sa nepahalang ka ho feletseng ka katleho. Ho latela litsebi tse ling, ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ho akarelletsa “ho ba le lipakane tse sa finyelleheng (tse kang ho ba ea phethahetseng), ho se khotsofale kamehla ho sa tsotellehe hore na motho o sebelitse hantle hakae.” Ka lebaka leo, boikutlo ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ke “sesosa se sa feleng sa khatello ea maikutlo, ’me hangata bo etsa hore mong’a bona a ikutloe a hlōleha bophelong.” Ke kahoo sengoliloeng se seng se hlalosang boikutlo ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng e le “tumelo e sa utloahaleng ea hore uena le/kapa sebaka seo u leng ho sona u tlameha ho ba ea phethahetseng.” Ke “boikutlo bo atileng ba hore ntho leha e le efe eo u lekang ho e etsa bophelong e lokela ho ba e phethahetseng, e se ke ea fapoha, ea ba le liphoso kapa ea ikhanyetsa.”
Empa na Jesu ha aa ka a re: “Tumellanong le hoo, le phethahale, joalokaha Ntat’a lōna oa leholimo a phethahetse”? (Matheu 5:48) Ke ’nete hore Jesu o boletse joalo, empa o ne a sa re motho e ka ba ea phethahetseng ka ho feletseng. Etsoe Bibele e ruta hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Joale Jesu o ne a bolela’ng? Ka Bibeleng, lentsoe “ho phethahala” le na le moelelo oa ho etsa ntho ka ho feletseng. (Matheu 19:21) Ha Jesu a ne a re re lokela ho ba ba phethahetseng, o ne a bua ka lerato ’me a khothalletsa balateli ba hae hore lerato la bona e be le feletseng. Joang? Ka hore lerato la bona le fetele le lireng tsa bona. Luka, mongoli oa Bibele, o tlaleha mantsoe a Jesu ha a re: “Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.”—Luka 6:36.
Leha ho le joalo, ba batlang hore ntho e ’ngoe le ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ba na le boikutlo bo fosahetseng ba hore ho ka khoneha hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e be e phethahetseng ka ho feletseng. Ke kahoo ba ka qetellang ba lebeletse ho ka nģ’ane ho matla a batho ba bang. Ho latela buka e bitsoang Never Good Enough—Freeing Yourself From the Chains of Perfectionism, batho ba batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ke “batho ba nyahamisoang ke tsela eo ho bonahalang batho ba bang ba sebetsa ka eona . . . Ho ea ka bona, batho ba ba potolohileng ha ba tsotelle ho etsa mosebetsi ka tsela e tsoileng matsoho ebile ha ba motlotlo ka seo ba se entseng.”
Ka mohlala, Carly o sebetsa hantle haholo sekolong, o bile o ingolisitse lenaneong la barutoana ba nang le lineo. Leha ho le joalo, likamano tsa hae le ba bang ha li atlehe. Kaha o batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng, o lahlehetsoe ke metsoalle ea hae e mengata. Oa hlalosa: “Ke nahana hore ba ne ba le hōle haholo le phetheho.”
Ba bang ba ka ’na ba batla hore bona ka bobona ba etse lintho ka tsela e phethahetseng, eseng ho lebella hore ba bang ba be joalo. Buka e bitsoang Never Good Enough e hlalosa hore ba joalo ba nahana hore “bona kapa liketso tsa bona ha li finyelle se hlokahalang . . . , ’me [ba] amehile haholo ka taba ea hore na ba bang ba ba talima joang.”
Bothata ba ho Leka ho ba ea Phethahetseng
Ho e-na le hore ho batla ho ba ea phethahetseng ho be le bohlokoa le ho ba molemo, hangata ho ipaka ho se bohlokoa ho bile ho le kotsi. Hape, ho e-na le hore boikutlo bo joalo bo etse hore motho a ipabole, hangata bo etsa hore motho a hlōlehe. Monna e mong oa Mokreste ea bitsoang Daniel, o hopola lihora tse ngata tseo a neng a li qete a lokisetsa ka thata puo eo a neng a lokela ho fana ka eona sekolong, Holong ea habo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Bamameli ba bangata ba ile ba mo babatsa hore o fane ka puo ea hae hantle. Joale, ka mokhoa o motle mokoetlisi o ile a fa Daniel likeletso tse ’maloa tse tla mo thusa. Bibele e re khothalletsa hore re ‘mamele keletso ’me re amohele taeo.’ (Liproverbia 19:20) Empa ho e-na le hore Daniel a amohele lintlha tseo a neng a tšoauoa ho tsona hore a ntlafatse, o ile a ikutloa a hlōlehile. Oa hopola: “E ne eka lefatše le ka ngamoha ka kena.” O ile a sitoa ho robala hantle libekeng tse latelang.
Ka hona, ho batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ho ka sitisa mehato ea ho ithuta. Sehloohong se seng se hlahang Mocheng o mong oa Internet o ratoang ke bacha, ngoananyana e mong ea bitsoang Rachel oa ngola: “Ha ke ne ke qala ho kena sekolong se phahameng, ke ne ke ikemiselitse ho sebetsa hantle. Kamehla limaraka tsa ka e ne e e-ba A ’me ke ne ke sa bone lebaka la hore seo se fetohe.” Empa ka potlako Rachel o ile a fumana hore o thatafalloa ke lipalo tsa algebra ’me o ne a fumana B+ “feela.” Rachel oa hopola: “Motho e mong le e mong o ne a nka ke pasa hantle, empa ’na . . . ke ne ke soabisoa ke hoo. Ke ile ka qala ho tšoha le ho ngongoreha . . . Ke ne ke tšaba ho kōpa tichere ea ka hore e nthuse hobane ke ne ke nahana hore ha nka ka lumela hore ke hloka thuso mosebetsing oa sekolo o etsetsoang hae, seo e ne e tla ba ho lumela hore ha kea utloisisa thuto eo. . . . Ka linako tse ling ho ne ho sala hanyenyane ke ikholisa hore ho shoa ho ne ho tla ba molemo ho feta ho hlōleha.”
Bacha ba bang ba bile ba nahana ho ipolaea ka lebaka la ho tšaba ho hlōleha. Ka lehlohonolo, bacha ba bangata ha ba nahane ho nka mohato o feteletseng joalo. Empa, joalokaha ngaka ea mafu a kelello, Sylvia Rimm, e bontša, ba ka ’na ba leka ho qoba ho hlōleha ka hore ho hang ba se ke ba iteka. Ho ea ka Rimm, ba bang ba batlang ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng “ha ba fe matichere mosebetsi oa bona, ha ba motlotlo ka mosebetsi oa bona, ba lebala mosebetsi oa bona oo ba o entseng hae, ba ikemela ka mabaka a sa utloahaleng.”
Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba ka ba ba feteletsa litaba ho etsa bonnete ba hore baa atleha. Daniel oa lumela: “Ke ne ke etsa mosebetsi oa sekolo ho fihlela e e-ba bosiu haholo, e le hore ke o etse hantle.” Bothata ke hore ho feteletsa litaba ho joalo hangata ha ho hlahise litholoana tse ntle. Seithuti se lulang se tšoeroe ke boroko ha se na monyetla o moholo oa ho sebetsa hantle.
Ka hona ha ho makatse hore ebe batho ba batlang ho etsa ntho e ’ngoe e le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ba amahanngoa le ba lulang ba le bohale, ba ikhalalang, ba ikutloang ba le molato, ba se nang tšepo ea ho atleha, ba sa jeng ka tsela e nepahetseng le ba tepellang maikutlong. Leha ho le joalo, ho kotsi le ho feta ke ’nete ea hore ho batla ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng, ho ka lematsa bomoea ba motho. Ka mohlala, Bibele e laela Bakreste hore ba bue ka tumelo ea bona ho ba bang. (Baroma 10:10; Baheberu 10:24, 25) Ka lehlakoreng le leng, mocha e mong ea bitsoang Vivian o ne a le leqe ho arabela libokeng tsa Bokreste hobane a tšaba hore a ka ’na a se behe lintlha hantle. Mosali e mong e monyenyane ea bitsoang Leah o ile a bolela hore o na le bothata bo tšoanang. O re: “Haeba ke fosa, ba bang ba tla etsa liqeto tse fosahetseng ka ’na. Ka hona, ke khetha ho ithōlela.”
Ho hlakile ke hona, hore ho batla ho ba ea phethahetseng ho kotsi ebile ha ho molemo. ’Me haeba u na le le leng la matšoao a hlalositsoeng sehloohong sena, u ka ’na ua bona ho hlokahala hore u fetole tsela eo u nahanang ka eona. Sehlooho se tlang se tla tšohla seo u ka se etsang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Ho latela phuputso e ’ngoe, karolo ea 87,5 lekholong ea barutoana ba sekolong se seng ba nang le lineo tse itseng, ba fumanoe ba e-na le bothata ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Bacha ba bang ba sitoa ho qeta mosebetsi oa bona hobane ba tšaba ho hlōleha
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ho ka etsa hore motho a tepelle maikutlong le hore a ikhalale