-
Fumana Katleho ea Sebele BophelongMolula-Qhooa—2012 | December 15
-
-
13. Jesu o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho bokella matlotlo?
13 Jesu o ile a bua sena ka matlotlo: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.”—Mat. 6:19-21.
-
-
Fumana Katleho ea Sebele BophelongMolula-Qhooa—2012 | December 15
-
-
15. Re lokela ho ikitlaelletsa ho hahamalla katleho ea mofuta ofe?
15 Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ’nile ba ruta hore ho hahamalla katleho ho fosahetse le hore batho ha baa lokela ho etsa boiteko leha e le bofe ba ho atleha. Leha ho le joalo, hlokomela hore Jesu o ne a sa nyatse boiteko bohle ba ho atleha. Ho e-na le hoo, o ne a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba tsepamise maikutlo a bona tabeng e ’ngoe, a ba eletsa hore ba bokelle ‘matlotlo a sa feleng leholimong.’ Sepheo sa rōna se ka sehloohong e lokela ho ba ho ikitlaelletsa ho atleha ka tsela eo Jehova a talimang katleho ka eona. Ha e le hantle, mantsoe a Jesu a re hopotsa hore re na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na re hahamalla eng. ’Nete ke hore re tla hahamalla se ka lipelong tsa rōna, seo re nkang hore ke sa bohlokoa.
16. Re ka ba le kholiseho e feletseng ho eng?
16 Haeba re batla ho khahlisa Jehova, re ka kholiseha hore o tla re fa lintho tseo re li hlokang. A ka ’na a re lumella hore ka nakoana re lape kapa re nyoroe, joaloka moapostola Pauluse. (1 Bakor. 4:11) Leha ho le joalo, re ka ba le kholiseho e feletseng keletsong e bohlale ea Jesu: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mat. 6:31-33.
-