Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Tla Tsamaea le Molimo?
    Molula-Qhooa—2005 | November 1
    • 5. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua ka ho eketsa setsoe nakong ea bophelo ba motho?

      5 Hangata Bibele e tšoantša bophelo le leeto kapa ho tsamaea. Maemong a mang, papiso eo e totobetse, empa maemong a mang e boleloa ka tsela e sa tobang. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” (Matheu 6:27) U ka ’na ua makatsoa ke mantsoe a mang a sebelisitsoeng moo. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua ka ho eketsa “setsoe se le seng,” e leng tekanyo ea bolelele ba sebaka, empa a ne a bua ka “bophelo” ba motho, bo lekanngoang ka nako?a Ho totobetse hore Jesu o ne a tšoantša bophelo le leeto. Ha e le hantle, o ne a ruta hore ho tšoenyeha ho ke ke ha u thusa ho eketsa esita le mohato o monyenyane feela leetong la hao la bophelo. Leha ho le joalo, na re lokela ho etsa qeto ea hore ha ho letho leo re ka le etsang mabapi le hore na re tsamaea le Molimo halelele hakae? Le hanyenyane! Sena se re tlisa potsong ea rōna ea bobeli, Ke hobane’ng ha re lokela ho tsamaea le Molimo?

  • Na U Tla Tsamaea le Molimo?
    Molula-Qhooa—2005 | November 1
    • a Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetola “setsoe” temaneng ena li re ke tekanyo ea nako, joaloka “motsotsoana o le mong” (The Emphatic Diaglott) kapa “motsotso o le mong” (A Translation in the Language of the People, ea Charles B. Williams). Leha ho le joalo, lentsoe le sebelisitsoeng tabeng e ngotsoeng qalong le bolela setsoe, se neng se le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 45.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela