-
Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?Tsoha!—2003 | September 8
-
-
Kamoo Jehova a re Hlohonolofatsang Kateng
Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba be le boikutlo bo nepahetseng ka chelete ha a ba bolella hore ‘ba khaotse ho tšoenyeha’ ka matlotlo. O ile a ba behela lebaka la hore esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka likhahla tsa naha. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, . . . na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?” Jesu o ile a tiisetsa Bakreste hore haeba balateli ba hae ba ka batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo, joale ba ne ba tla ekeletsoa ka lijo, liaparo le bolulo. (Matheu 6:25, 28-33) Tšepiso eo e phethahatsoa joang?
Ha keletso ea Bibele e lateloa, ka ho khetheha liphello e ba litlhohonolofatso tsa moea. (Liproverbia 10:22) Leha ho le joalo, ho ntse ho e-ba le melemo e meng. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le laela Bakreste: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata.” (Baefese 4:28) Le boetse le re “ea sebetsang ka letsoho le monyebe o tla ba le ho honyenyane, empa letsoho la ea khothetseng ke lona le tla ruisa motho.” (Liproverbia 10:4) Hangata Bakreste ba latelang keletso ena, ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata, ke bona bao bahiri ba ratang ho ba hira. Sena e ka ba tlhohonolofatso.
Bibele e boetse e ruta Bakreste hore ba qobe tloaelo ea ho itlosa bolutu ka ho becha, mokhoa o silafatsang oa ho tsuba, le mokhoa o fokolisang oa botahoa. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 2 Bakorinthe 7:1; Baefese 5:5) Ba latelang keletso ena ba iphokoletsa litšenyehelo ’me bophelo ba bona boa ntlafala.
-
-
Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?Tsoha!—2003 | September 8
-
-
Jehova Molimo o hlohonolofatsa boiteko ba batho ba lekang ho etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 1:2, 3) O ba fa matla le matlotlo a hore ba sebetsane ka katleho le liteko, ba hlokomele malapa a bona le ho batla ’Muso oa hae pele. (Pesaleme ea 37:25; Matheu 6:31-33; Bafilipi 4:12, 13) Ka hona, ho e-na le hore Bakreste ba ’nete ba nke lintho tse bonahalang e le tlhohonolofatso e ka sehloohong ea Molimo, ba loanela hore “ba rue mesebetsing e metle.” Ka ho hlaolela kamano e haufi le ’Mōpi, Bakreste ba ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso.’—1 Timothea 6:17-19; Mareka 12:42-44.
-