Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/15 maq. 8-9
  • Likhapha Tsa Fetoha Thabo e Khaphatsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhapha Tsa Fetoha Thabo e Khaphatsehang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhapha li Fetoha Thabo e Khaphatsehang
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ngoanana o Phela Hape!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Tsosa Bafu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Re ka Tsoha Bafung!
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/15 maq. 8-9

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Likhapha Tsa Fetoha Thabo e Khaphatsehang

HA JAIRUSE a bona mosali ea nang le phallo ea mali a phekoloa, ha ho pelaelo hore tšepo eo a nang le eona matleng a mohlolo a Jesu e ea eketseha. Pejana letsatsing leo, Jairuse o ne a ile a kōpa Jesu hore a tle a tl’o thusa morali oa hae ea ratoang ea lilemo li 12, ea neng a le makhatheng a lefu. Empa ha ba le tseleng ho ea ha Jairuse, e leng Kapernauma kapa pel’a teng, mosali ea thetsang hanyenyane qola ea kobo ea Jesu oa phekoloa.

Leha ho le joalo, ka eona nako eo seo Jairuse a se tšohileng ka ho fetisisa se ea etsahala. Ha Jesu a ntse a bua le mosali eo, ho fihla banna ba bang ’me ba sa etse lerata ba bolella Jairuse hore: “Morali oa hao o shoele; u sa khathaletsa’ng moruti?”

Ke litaba tse khathatsang matla hakaakang! Ak’u nahane: Monna enoa ea neng a hlomphuoa haholo motseng ona, hona joale o feletsoe ke matla ho hang ha a utloa hore morali oa hae o shoele. Leha ho le joalo, Jesu o utloa puisano eo ba sa tsebe. Kahoo, ha a retelehela ho Jairuse, o mo khothatsa ka hore: “Se tšohe, lumela feela.”

Jesu o felehetsa monna enoa ea masoabing ho khutlela lapeng la hae. Ha ba fihla, ba fumana morusu o moholo oa ho lla le ho bokolla. Batho ba phuthehile ka bongata, ’me ba ithaburanya. Ha Jesu a kena, oa botsa: “Le etsetsa’ng mofere-fere, ’me le llela’ng? Ngoanana ha a shoa, o mpa a robetse.”

Ha ba utloa tsena batho ba qala ho tšeha Jesu ka ho soma hobane baa tseba hore ngoanana eo o hlile o shoele. Leha ho le joalo, Jesu o re o mpa a robetse, e le ho bontša hore, ka matla a hae ao a a neiloeng ke Molimo, batho ba ka khutlisoa lefung habonolo feela joalokaha ba ka tsosoa borokong bo tebileng.

Joale Jesu o ntšetsa bohle ka ntle haese Petrose, Johanne, Jakobo le ntat’a ngoanana ea shoeleng le ’m’ae. Joale o nka bana ba bahlano o ea le bona moo ngoanana a robetseng teng. Jesu o mo tšoara ka letsoho, ’me o re: “Talitha Kumi!” eo ha e fetoleloa e bolelang, “Ngoanana, ke re ho uena: tsoha.” Eaba hang-hang ngoanana oa ema ’me o qala ho tsamaea! Pono eo ea batla e lahlisa batsoali ba hae likelello ka baka la thabo e khaphatsehang.

Hoba a laele hore ngoanana a fuoe seo a ka se jang, Jesu o laela Jairuse le mosali oa hae hore ba se ke ba bolella motho se etsahetseng. Empa ho sa tsotellehe seo Jesu a se buang taba eo ea tuma sebakeng seo sohle. Ena ke tsoho ea bobeli eo Jesu a e etsang. Mattheu 9:18-26; Mareka 5:35-43; Luka 8:41-46.

◆ Jairuse o amohela litaba life, ’me Jesu o mo khothatsa joang?

◆ Boemo ke bofe ha ba fihla lapeng la Jairuse?

◆ Ke hobane’ng ha Jesu a re ngoana ea shoeleng o mpa a robetse?

◆ Ke bo mang ba bahlano ba nang le Jesu bao e leng lipaki tsa tsoho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela