Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 1/15 maq. 26-29
  • Leseli le Felisa Nako ea Lefifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leseli le Felisa Nako ea Lefifi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Sejode Nakong ea Persia
  • Nakong ea Greece
  • Liphetoho Bolumeling
  • Bolumeli ba Sejode bo ne bo Akarelletsa Lihlopha Tse sa Tšoaneng ka Khopolo
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia
    Tsoha!—1989
  • Bakreste ba Pele Har’a Batho ba Buang Segerike
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Phetolelo ea Bibele e Fetotseng Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 1/15 maq. 26-29

Leseli le Felisa Nako ea Lefifi

LEFATŠE la nakong ea Jesu Kreste le baapostola ba hae le ne le fapane haholo le la nakong ea Mangolo a Seheberu. Mohlomong ka ho se hlokomele sena babali ba Bibele ba ka ’na ba nahana hore mokhoa oa bophelo le oa bolumeli ho tloha ho moprofeta Malakia ho isa ho mongoli oa Kosepele Mattheu, o bile le phapang e fokolang feela ea tse etsahetseng lilemong tse 400 tse lipakeng tsa bona.

Buka ea ho qetela ea Mangolo a Seheberu Libibeleng tse ngata kajeno, Malakia, e qetella nakong eo masala a Iseraele a neng a aha hape naheng ea habo ’ona ka mor’a ho lokolloa botlamuoeng Babylona. (Jeremia 23:3) Bajode ba inehetseng ba ile ba khothaletsoa ho emela letsatsi la kahlolo la Molimo la ho felisa bokhopo lefatšeng le ho tlisa Puso ea Bomessia. (Malakia 4:1, 2) Nakong eo, ho ne ho busa Persia. Mabotho a hlometseng a Persia a ne a hlomile litente Juda ho boloka khotso le ho tšehetsa melao ea borena ka likhoka.—Bapisa le Esdrase 4:23.

Leha ho le joalo, lilemong tse latelang tse makholo a mane, libaka tsa Bibele li ile tsa feto-fetoha. Lefifi la moea le pherekano li ile tsa qala ho kenella. Bochabela bo Haufi bo ile ba tsukutloa ke pefo, bokhukhuni, bohatelli, liphetoho menahanong ea bolumeli, lifilosofi tse belaetsang le pherekano ea meetlo.

Buka ea pele ea Mangolo a Segerike a Bakreste, Mattheu, e ile ea ngoloa ka nako e fapaneng. Makhotla a Roma a ne a matlafatsa Pax Romana, kapa Khotso ea Roma. Batho ba hlomphehang ba ne ba emetse ka thabo ho tla ha Messia ho tla felisa tšotleho, puso e thata le bofutsana le ho khantša leseli bakeng sa bophelo, boiketlo le khutso. (Bapisa le Luka 1:67-79; 24:21; 2 Timothea 1:10.) A re ke re shebisiseng liketsahalo tse ka sehloohong tse ileng tsa etsahala makholo a lilemo pele ho tsoalo ea Jesu Kreste tse ileng tsa fetola mokhatlo oa Sejode.

Bophelo ba Sejode Nakong ea Persia

Ka mor’a phatlalatso ea Cyruse ea hore Bajode ba lokolloe botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. sehlopha sa Bajode le metsoalle eo e seng Bajode se ile sa tloha Babylona. Masala ana a ileng a arabela ka tsela ea moea a ile a khutlela metseng ea lithako le naheng e se nang baahi. Meloko ea Maedomo, Maphoenecia, Masamaria, Maarabe le e meng e ne e jele sebaka se seholo seo e neng e kile ea e-ba sa Iseraele. Ho neng ho setse bakeng sa Juda le Benjamine e ile ea e-ba profinse ea Juda sebakeng se tlas’a puso ea Persia se bitsoang Abar Nahara (Ka ’Nģane ho Nōka).—Esdrase 1:1-4; 2:64, 65.

The Cambridge History of Judaism e re tlas’a puso ea Persia, Juda e ile ea qala ho latsoa “nako ea keketseho le khōlo ea sechaba.” E tsoela pele ka ho re mabapi le Jerusalema: “Balemi le bajaki ba ne ba tlisa limpho, Tempele le motse o moholo ea e-ba tse ruileng, ’me moruo oa tsona oa hohela barekisi ba linaha tse ling le batho ba nang le litsebo tse ikhethang.” Le hoja Persia e ne e mameletse puso ea sebaka le bolumeli, lekhetho le ne le le boima ’me le ne le lefuoa feela ka litšepe tsa bohlokoa.—Bapisa le Nehemia 5:1-5, 15; 9:36, 37; 13:15, 16, 20.

Lilemo tse qetellang tsa ’Muso oa Persia e bile tsa mahlomola, tse ileng tsa tšoauoa ka liphetohelo tsa babusi ba libaka ba ’muso oa Persia. Bajode ba bangata ba ile ba kenella phetohelong ea ’muso haufi le Lebōpo la Mediterranean ’me ba ile ba lelekeloa hole ho ea lelera hare ho leboea, Hyrcania, Leoatleng la Caspian. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka boholo ba Juda bo ile ba angoa ke likotlo tsa Persia.

Nakong ea Greece

Alexandere e Moholo o ile a pharumela Bochabela bo Hare joaloka lengau ka 332 B.C.E., empa lerato la batho ka bomong bakeng sa thepa ea Magerike le ne le se le mo eteletse pele. (Daniele 7:6) Ha a hlokomela hore moetlo oa Magerike o na le matla a maholo lipolotiking, o ile a ikemisetsa ho kenyeletsa Bogerike pusong ea hae e hōlang. Segerike se ile sa fetoha puo ea machaba. Puso e khutšoanyane ea Alexandere e ile ea phahamisa lerato bakeng sa likhang tsa bolotsana, cheseho bakeng sa lipapali le thahasello e feteletseng bakeng sa botle. Hanyane ka hanyane, esita le meetlo ea Sejode e ile ea tsoakana le Bogerike.

Ka mor’a lefu la Alexandere ka 323 B.C.E., bahlahlami ba hae Syria le Egepeta e bile bona ba pele ho phetha karolo ea boprofeta ba Daniele ba “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” (Daniele 11:1-19) Nakong ea puso ea morena oa Egepeta, Ptolemy II Philadelphus “morena oa boroa” (285-246 B.C.E.), Mangolo a Seheberu a ile a qala ho fetoleloa ka Sekoine, Segerike se tloaelehileng. Phetolelo ena e ile ea bitsoa Septuagint. Litemana tse ngata tsa eona li ile tsa qotsoa ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Puo ea Segerike e ile ea ipaka ho ba molemohali bakeng sa ho fetisa meelelo ea mantsoe a khantšang leseli la moea, lefatšeng le ferekaneng le le lefifing.

Ka mor’a hore Antiochus IV Epiphanes e be morena oa Syria le ’musi oa Palestina (175-164 B.C.E.), Bojode bo ne bo batla bo felisitsoe ka ho feletseng ke mahloriso a neng a tšehelitsoe ke ’muso oa bohatelli. Tlas’a tšoso ea lefu, Bajode ba ile ba qobelloa ho lahla Jehova Molimo le ho etsa mahlabelo feela ho melimo ea Magerike. Aletare ea bohetene e ile ea ahuoa ka December 168 B.C.E., holim’a aletare e khōlō ea Jehova tempeleng e Jerusalema, ’me mahlabelo a ile a nyeheloa ho eona bakeng sa Zeus oa Olympus. Banna ba halefisitsoeng empa ba le sebete ba metse e ka thōko ba ile ba ikopanya hammoho tlas’a boeta-pele ba Judas Maccabaeus ’me ba loana ka thata ho fihlela ba hapa Jerusalema. Tempele e ile ea boela ea neheloa ho Molimo, ’me lilemo tse tharo hantle ka mor’a ho senngoa ha eona, mahlabelo a letsatsi le letsatsi a ile a tsosolosoa.

Nakong e setseng ea puso ea Magerike, sechaba sa Bajode se ile sa sebelisa likhoka ho atolosetsa sebaka sa bona meeling ea sona ea pele. Ba ile ba sebelisa bonatla ba bona ba sesole se secha ka tsela eo e seng ea bomolimo ho qobella baahisane le bona ho sokoloha ka tšoso ea lerumo. Ho ntse ho le joalo, likhopolo tsa Magerike tsa lipolotiki li ile tsa tsoela pele ho busa metseng e meholo le ea litoropo.

Nakong ena, ba loanelang boprista bo boholo hangata ba ne ba bolile. Merero ea bolotsana, lipolao le bolotsana ba lipolotiki, li ne li silafatsa tšebeletso ea bona. Ha moea oo e seng oa bomolimo o ntse o eketseha har’a Bajode, lipapali tsa Magerike li ile tsa amoheleha haholoanyane. E ne e le ho makatsang hakaakang ho bona baprista ba bacha ba hlokomoloha likabelo tsa bona ho ea kopanela lipapaling! Esita le libapali tsa Bajode li ile tsa mamella ho buuoa ho bohloko e le hore ba fetohe ‘ba sa bollang,’ ho qoba ho hlajoa ke lihlong ha ba hlōlisana ba hlobotse le Balichaba.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:18.

Liphetoho Bolumeling

Lilemong tse qalang tsa ho lokolloa botlamuoeng, Bajode ba tšepahalang ba ile ba hana ho kopanya likhopolo le lifilosofi tsa bohetene le bolumeli ba ’nete bo senotsoeng ka Mangolong a Seheberu. Buka ea Esthere, e ileng ea ngoloa lilemo tse ka holimo ho 60 ka mor’a tšebelisano e haufi-ufi le Persia, ha e bontše letho la moneketsela oa bolumeli ba Zoroaster. Ho feta moo, ha ho tšusumetso ea bolumeli ba Persia e fumanehang libukeng tsa Bibele tsa Esdrase, Nehemia, kapa Malakia, tse ileng tsa ngoloa kaofela qalong ea puso ea Persia (537-443 B.C.E.).

Leha ho le joalo, liithuti li lumela hore ho ea qetellong ea puso ea Persia, Bajode ba bangata ba ile ba qala ho amohela lipono tsa barapeli ba Ahura Mazda, molimo o ka sehloohong oa Persia. Sena se bonahala litumela-khoeleng tse tloaelehileng le litumelong tsa bolumeli ba Baessene. Likelellong tsa Bajode, mantsoe a tloaelehileng a Seheberu a kang a liphokojoe, libōpuoa tse ling tse nyatsehang le linonyana tsa bosiu a ile a amahanngoa le meea e khopo le lithotsela tsa bosiu tsa litšōmong tsa Babylona le Persia.

Bajode ba ile ba qala ho talima likhopolo tsa bohetene ka pono e fapaneng. Likhopolo ka leholimo, lihele, soule, Lentsoe (Logos) le bohlale li ile tsa nka meelelo e mecha. ’Me joalokaha ho ne ho se ho rutoa, Molimo o ne a se a le hole hoo a neng a se a sa buisane le batho, o ne a se a hloka bakena-lipakeng. Magerike a ne a bitsa meea ena e kenang lipakeng le e lebelang daimones. Hoba ba amohele khopolo ea hore daimones (bademona) e ka ba molemo kapa ea ba khopo, Bajode ba ile ba kena habobebe tlas’a taolo ea bademona.

Phetoho e khōlō e bile e amanang le borapeli ba libaka ka bomong. Lisynagoge li ile tsa ata ka potlako ho ba libaka tseo ho tsona liphutheho tsa Bajode tse ahelaneng li neng li kopana teng bakeng sa thuto le litšebeletso tsa bolumeli. Hore na ha e le hantle ke neng, hokae le hona e le joang lisynagoge tsa Sejode li ileng tsa qala ha ho tsejoe hantle. Ka kakaretso ho lumeloa hore lisynagoge li bile teng nakong ea ho lokolloa ha Bajode botlamuoeng kapa ka mor’a teng, kaha li ile tsa koala sekheo sa litlhoko tsa borapeli tsa Bajode ba neng ba le hōle ’me ba sitoa ho ea tempeleng. Taba ea bohlokoa ke hore, li ile tsa fetoha liholo tsa sechaba tse bulehileng moo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ‘ba bolela lithoko tsa ea ba bitsitseng lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’—1 Petrose 2:9.

Bolumeli ba Sejode bo ne bo Akarelletsa Lihlopha Tse sa Tšoaneng ka Khopolo

Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ho ile ha qala ho hlahella lihlopha tse sa tšoaneng ka likhopolo. E ne e se mekhatlo e arohaneng ea bolumeli. Ho e-na le hoo, e ne e le lihlotšoana tse nyenyane tsa baruti, bo-rafilosofi le bo-ralipolotiki ba Bajode, ba neng ba leka ho susumetsa batho le ho laola sechaba, tsohle ba li etsa tlas’a setširelo sa tsamaiso ea bolumeli ba Sejode.

Bo-ralipolotiki ba Basadduse boholo e ne e le barui ba ka sehloohong ba sehlopha se phahameng, ba tsejoa ka masene a bona litabeng tsa tsamaiso ho tloha ha Mahasmone a tsohela ’muso matla bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Boholo ba bona e ne e le baprista, le hoja ba bang e ne e le bo-rakhoebo le bo-rapolasi. Nakong ea tsoalo ea Jesu, boholo ba Basadduse bo ne bo tšehetsa puso ea Roma e Palestina hobane ba ne ba nahana hore e tsitsitse ’me e tla lula hona boemong boo ba ho tsitsa. (Bapisa le Johanne 11:47, 48.) Sehlotšoana se senyenyane (sa Baheroda) se ne se lumela hore ho busoa ke lelapa la Heroda ho ne ho tla ba molemong oa sechaba lintlheng tse itseng. Leha ho le joalo, Basadduse ba ne ba sa batle ha puso e le matsohong a bo-ramenyetla ba Bajode kapa leha e le bafe ba bang ntle ho baprista ba laolang tempeleng. Litumelo tsa Basadduse li ne li itšetlehile lineanong, boholo ba tsona li theiloe litlhalosong tsa mangolo a Moshe, ’me li bontša ho ba ha bona khahlanong le sehlotšoana se matlahali sa Bafarisi. (Liketso 23:6-8) Basadduse ba ile ba lahla boprofeta ba Mangolo a Seheberu ka hore boa belaetsa. Ba ile ba ruta hore libuka tsa Bibele tsa histori, lithoko le maele ha lia bululeloa ’me ha li hlokahale.

Bafarisi ba qalile nakong ea puso ea Greece ka bohato bo matla khahlanong le borapeli ba Bogerike bo neng bo loantšana le bolumeli ba Sejode. Leha ho le joalo, mehleng ea Jesu, e ne e le batho ba sa feto-fetoheng, ba itlammeng ka meetlo, ba itšoareletseng ka thata melaong, ba ikhohomosang, baithati ba ratang ho hapa batho ’me e le baruti ba lekang ho laola sechaba ka litaelo tsa bona lisynagogeng. Boholo ba bona ba ne ba e-tsoa sehlopheng sa batho ba phahameng bophelong ’me ba nyelisa batho ba tloaelehileng. Jesu o ne a talima Bafarisi ba bangata e le baipatli, barati ba chelete ba hlokang mohau ba tletseng boikaketsi. (Mattheu, khaolo ea 23) Ba ne ba amohela Mangolo ’ohle a Seheberu ho latela litlhaloso tsa bona empa ba beha lineano tsa bona boemong bo lekanang kapa bo ka holimo ho ’ona. Ba ne ba bolela hore meetlo ea bona e ne e le “lerako le sirelelitseng Molao.” Leha ho le joalo, ho e-na le ho ba lerako, lineano tsa bona li ne li etsa Lentsoe la Molimo lefeela ’me li tsietsa batho.—Mattheu 23:2-4; Mareka 7:1, 9-13.

Baessene e ne e le bo-ramehlolo bao ka ho hlakileng ba neng ba phela metseng e seng mekae e thōkoana. Ba ne ba italima e le masala a ’nete a Iseraele, a emeng a hloekile ho amohela Messia ea tšepisitsoeng. Baessene ba ne ba phela bophelo bo thata ba boitlatlapo, ’me boholo ba litumelo tsa bona bo ne bo e-na le likhopolo tsa Mapersia le Magerike.

Lihlotšoana tse ngata tsa Mazelote tse susumelitsoeng ke bolumeli, li ne li bontša cheseho e khōlō ea lerato la naha ’me ba talima motho e mong le e mong ea sitisanang le boipuso ba Bajode e le sera. Ba ’nile ba tšoantšoa le Mahasmone, ’me ba ipiletsa ho bahlankana ba bacha ba nang le likhopolo tse phahameng, le bao e leng malala-a-laotsoe. Kaha ba ne ba nkoa e le likoeta kapa mahana-puso, ba ne ba sebelisa mekhoa ea bokhukhuni e ileng ea etsa hore litsela tse ka thōko le mapatlelo a sechaba li be kotsi ’me ba phaella bothateng ba nakong eo.

Egepeta, filosofi ea Magerike e ile ea atleha har’a Bajode ba Alexandere. Ho tloha moo e ile ea namela Palestina ’me ea ea le ho Bajode ba Diaspora. Bo-ralikhopolo ba Bajode ba ileng ba ngola Apocrypha le Pseudepigrapha ba ile ba hlalosa hore mangolo a Moshe ha a utloahale, a lipapiso li thotofetseng.

Nakong eo puso ea Roma e qalileng ka eona, Bogerike bo ne bo fetotse boemo ba Palestina mekhoeng ea bophelo, ea lipolotiki le lifilosofing. Bolumeli ba Bibele ba Bajode bo ne bo nketsoe sebaka ke bolumeli ba Bojode, bo neng bo kopantse likhopolo tsa Bababylona, Mapersia le Magerike ’me bo tsoakile le ’nete e itseng ea Mangolo. Leha ho le joalo Basadduse, Bafarisi le Baessene ba ne ba etsa karolo e ka tlaase ho 7 lekholong ea sechaba. Har’a likhohlano tsena tse matla ho ne ho tšoasehile matšoele-tšoele a Bajode ‘ba neng ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.’—Mattheu 9:36.

Lefatšeng leo le lefifi ho ile ha hlaha Jesu Kreste. Ho tšelisang e bile memo ea hae e khothatsang: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla!” (Mattheu 11:28) Ke ho thabisang hakaakang ho utloa a re: “Ke ’na leseli la lefatše”! (Johanne 8:12) ’Me ho nyakallisang ka sebele ke tšepiso ea hae e thobang pelo: “Ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”—Johanne 8:12.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Jesu o ile a bontša hore baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ne ba le lefifing la moea

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Chelete e bontšang setšoantšo sa Antiochus IV (Epiphanes)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela