Na U Ikemiselitse ho Fetola Maoa?
1. Liphetoho tse etsahalang lefatšeng li hloka hore re etse liphetoho life?
1 Ho 1 Bakorinthe 7:31, Bibele e bapisa lefatše le sebaka seo ho bapalloang papali ea kalaneng ho sona. Liphetoho tse etsahalang lefatšeng li hloka hore nako le nako re fetole mekhoa eo re pakang ka eona, kemiso ea rōna le tsela eo re qalang moqoqo ka eona. Na u ikemiselitse ho fetola maoa?
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho fetola maoa e le hore re kheme le mokhatlo?
2 Mekhoa ea Hao ea ho Paka: Ha esale phutheho ea Bokreste e ntse e fetola maoa. Ha Jesu a qala ho roma barutuoa ba hae o ile a re ho bona ba se ke ba nka mokotla oa lijo kapa chelete ka lipacheng tsa bona. (Mat. 10:9, 10) Leha ho le joalo, o ile a fetola litaelo ka lebaka la lehloeo leo barutuoa ba hae ba neng ba tla tobana le lona le ka lebaka la ho namela ha mosebetsi oa boboleli libakeng tse ling. (Luka 22:36) Lilemong tse lekholo tse fetileng mokhatlo oa Jehova o ’nile oa sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho bolela e kang likarete tse ngotsoeng molaetsa oa Bibele, liea-le-moea, likoloi tse nang le libuela hōle, ho ea ka se neng se hlokahala ka nako eo. Kaha kajeno libakeng tse ngata batho ha ba eo malapeng a bona, re khothalletsoa hore re eketse boboleli ba ntlo le ntlo ka ho paka phatlalatsa le ka tsela e sa reroang. Re boetse re khothallelitsoe hore haeba batho ba ile mosebetsing motšehare re etse mosebetsi oa ntlo le ntlo mantsiboea. Ha koloi ea Jehova ea leholimo e fetola maoa na u khema le eona?—Ezek. 1:20, 21.
3. Ho fetola maoa ho ka etsa hore tšebeletso ea rōna e atlehe haholoanyane joang?
3 Seo U ka se Buang: Batho ba sebakeng sa heno ba amehile ka eng hona joale? Ka boemo ba moruo? Malapa? Tlōlo ea molao? Ke habohlokoa ho utloisisa mathata le maemo a atileng tšimong ea rōna e le hore re ka lokisetsa kenyelletso e loketseng. (1 Bakor. 9:20-23) Ha batho bao re buang le bona ba ntša maikutlo, ho e-na le hore re ba arabe ho ea ka seo re neng re se lokiselitse, ho ka ba molemo hore re fetole maoa ’me re buisane le bona ka lintho tseo ba amehileng ka tsona.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho fetola maoa ka potlako?
4 Haufinyane “boemo” ba ho qetela ba lefatše lena bo tla tloha bo fela ’me matšoenyeho a maholo a tla qala. “Nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29) Kaha nako e se e lekane motinyane, ke habohlokoa ho fetola maoa ntle le tšenyo ea nako e le hore re ka etsa ho hongata!