Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 38 leq. 96-leq. 97 ser. 7
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 38 leq. 96-leq. 97 ser. 7
Johanne Mokolobetsi o lutse a le mong ka teronkong

KHAOLO EA 38

Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu

MATHEU 11:​2-15 LUKA 7:​18-30

  • JOHANNE MOKOLOBETSI O BOTSA KA MOSEBETSI OA JESU

  • JESU O RORISA JOHANNE

Johanne Mokolobetsi o se a qetile nako e ka etsang selemo a le teronkong. O utloela ka mesebetsi ea Jesu e hlollang. Ak’u nahane feela hore na Johanne o ikutloa joang ha barutuoa ba hae ba mo bolella hore Jesu o tsositse mora oa mohlolohali oa Naine. Leha ho le joalo, o batla ho ikutloela ho tsoa ho Jesu hore na lintho tsena kaofela li bolela’ng. Kahoo, o roma barutuoa ba hae ba babeli hore ba re ho Jesu: “Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?”​—Luka 7:19.

Na potso ee ha e makatse? Johanne ke monna ea nang le tumelo, ’me ha a ne a kolobetsa Jesu lilemong tse ka bang peli tse fetileng, o ile a bona ha moea o halalelang o lula holim’a Jesu, a boela a utloa le lentsoe la Molimo ha Molimo a re o amohela Jesu. Ha re na lebaka la ho nahana hore tumelo ea Johanne e se e fokola. Haeba ho joalo, Jesu a ka be a sa bue hantle hakana ka eena lekhetlong lena. Haeba Johanne ha a na lipelaelo, ke hobane’ng ha a botsa Jesu potso ee?

E ka ’na eaba Johanne o batla feela hore Jesu a mo tiisetse hore ke eena Mesia. Taba ena e ne e tla matlafatsa tumelo ea hae ha a ntse a hoehla teronkong. Kamoo ho bonahalang kateng, ho na le ntho e ’ngoe hape eo Johanne a batlang hore e mo hlakele. O tseba boprofeta bo reng Motlotsuoa oa Molimo e tla ba morena le molopolli. Leha ho le joalo e se e le likhoeli tse ngata Jesu a kolobelitsoe empa Johanne o ntse a le teronkong. Kahoo Johanne oa ipotsa hore na ho na le ea tlang ea hlahlamang Jesu ea tla phethahatsa boprofeta bohle bo buoang ka Mesia.

Monna ea neng holofetseng le mosali ea neng a sa bone ba thabile ka mor’a hore ba phekoloe ke Jesu

Ho e-na le hore Jesu a bolelle barutuoa ba Johanne feela hore ke “Ea Tlang,” o ba fa bopaki bo bontšang hore o tšehetsoa ke Molimo kaha o folisa batho ba bangata ba tšoeroeng ke mafu a fapaneng. O re ho barutuoa ba Johanne: “Tsamaeang ’me le tlalehele Johanne seo le se utloang le seo le se bonang: Ba foufetseng ba boetse baa bona, le ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, le bafu ba ntse ba tsosoa, ’me mafutsana a bolelloa litaba tse molemo.”​—Matheu 11:​4, 5.

Potso ea Johanne e ka ’na ea fana ka maikutlo a hore o batla hore Jesu a etse lintho tse fetang tseo a seng a ntse a li etsa, mohlomong a mo lokolle teronkong. Ho fapana le hoo, Jesu o bolella Johanne hore a se ke a lebella hore a etse mehlolo e fetang eo a seng a ntse a e etsa.

Ha barutuoa ba Johanne ba tsamaea, Jesu o tiisetsa letšoele hore Johanne ha se moprofeta feela. Ke “lenģosa” la Jehova leo ho buuoeng ka lona ho Malakia 3:1. Hape ke moprofeta Elia joalokaha ho profetiloe ho Malakia 4:​5, 6. Jesu oa hlalosa o re: “Kannete ke re ho lona, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi, empa motho e monyenyane ’Musong oa maholimo o moholo ho eena.”​—Matheu 11:11.

Ha Jesu a re motho e monyenyane ’Musong oa maholimo o moholo ho Johanne o bolela hore Johanne ha a tl’o phela leholimong. O lokisitse tsela bakeng sa Jesu empa o hlokahala pele Kreste a bulela batho monyetla oa ho phela leholimong. (Baheberu 10:​19, 20) Johanne ke moprofeta oa Molimo ea tšepahalang ’me e tla ba mofo ’Musong oa Molimo.

  • Ke hobane’ng ha Johanne a botsa Jesu hore na ke eena Ea Tlang kapa a lebelle e mong?

  • Jesu o re Johanne Mokolobetsi o phethahalitse boprofeta bofe?

  • Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a sa tl’o phela leholimong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela