Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/1 maq. 10-15
  • Jesu Kreste—Mora oa Molimo ea Ratoang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste—Mora oa Molimo ea Ratoang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase ‘Molimo Mora’ empa “Mora oa Molimo”
  • Ntate o Kaholimo ho Mora
  • Moea o Halalelang—Motho kapa Matla a Sebetsang?
  • Na ka Mehla Molimo o Phahametse Jesu?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” ke Mang?
    Tsoha!—2005
  • “Boraro-bo-bong Bo Halalelang”—Na Bo Teng Ka Bibeleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/1 maq. 10-15

Jesu Kreste—Mora oa Molimo ea Ratoang

“’Me ha utloahala lentsoe le tsoang maholimong, le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.”—MATTHEU 3:17.

1, 2. (a) Ke ’nete efe e bonolo eo Bibele e e rutang mabapi le Molimo o matla ’ohle le Jesu Kreste? (b) Malumeli a Bokreste-’mōtoana a ruta eng?

JESU KRESTE o ile a kolobetsoa ka ho qoelisoa metsing ha a le lilemo li 30. Ha a tsoa ka metsing, lentsoe le tsoang leholimong la re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:17) Lentsoe leo e ne e le lentsoe la Molimo. Ka lekhetlo le leng, ha a rapela Molimo, Jesu a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Eare ha Jesu a qeta ho bolela hoo, ‘lentsoe la Molimo la hlaha leholimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, ’me ke tla ’ne ke le tlotlise!’—Johanne 12:28.

2 Ka litlaleho tsena, le ngoana a ka utloisisa hore kamano e pakeng tsa Molimo o matla ’ohle le Jesu Kreste e ne e le ea ntate le mora oa hae ea ratoang, batho ba babeli ba fapaneng. Empa, malumeli a Bokreste-’mōtoana a latola ’nete ena e bonolo ea Bibele. A phehella hore Jesu Kreste ke Molimo o Matla ’Ohle ka booona, motho oa bobeli oa Boraro-bo-bong, motho oa boraro e le moea o halalelang.

3. Pherekano e teng ka thuto ea Boraro-bo-bong e bontšoa joang?

3 Thuto eo e bakile pherekano e khōlō kahar’a batho ba malumeli a Bokreste-’mōtoana, e leng lebaka le leng leo ka lona New Catholic Encyclopedia e bitsang Boraro-bo-bong sephiri. Ka sebele, e baka pherekano esita le har’a baruti, hobane encyclopedia eo e boetse e re: “Ho na le matichere a seng makae a thuto ea bolumeli ea Boraro-bo-bong liseminaring tsa Roma e K’hatholike ao ho seng nako e ’ngoe eo ka eona a kileng a emisoa lihlooho ke potso, ‘Empa motho a ka ruta Boraro-bo-bong joang?’ ’Me haeba potso eo e le letšoao la pherekano ka lehlakoreng la liithuti, mohlomong ke letšoao la pherekano e tšoanang ka lehlakoreng la liprofesa tsa eona.”

4. Thuto ea molao ea likereke mabapi le Boraro-bo-bong ke efe?

4 Thuto eo e ferekanyang ke thuto ea sehlooho ea malumeli a K’hatholike le a Boprostanta. The Catholic Encyclopedia e bolela hore: “Boraro-bo-bong ke lentsoe le sebelisoang ho bontša thuto ea sehlooho ea bolumeli ba Bokreste . . . Kahona, mantsoeng a Lethathamo la Lithuto tsa Athanasius: ‘Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, ’me Moea o Halalelang ke Molimo, empa ha ho na Melimo e meraro empa ke Molimo o le mong.’” Ka ho tšoanang, nyeoeng ea lekhotla e neng e ama Lipaki tsa Jehova Greece, Kereke ea Greek Orthodox e ile ea re: “Thuto ea mantlha ea Bokreste, eo Bakreste bohle ba bolelang hore baa e lumela . . . ho sa tsotellehe hore na ke ba sehlotšoana sefe sa bolumeli kapa thuto efe, ke . . . Boraro-bo-bong, hore Molimo o Mong ho batho ba bararo.” Kereke ea Greek Orthodox ea boela ea bolela hore: “Bakreste ke ba amohelang Kreste e le Molimo.” Ea bolela hore ba sa amoheleng Boraro-bo-bong hase Bakreste empa bakhelohi.

5, 6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba ’nete ka taba ee?

5 Leha ho le joalo, haeba thuto ena ea “mantlha” ea Boraro-bo-bong ea Bokreste-’mōtoana hase ’nete, haeba ke leshano, joale lintho li ne li tla ba ka tsela e fapaneng. Bakreste ba ’nete ba ne ba tla e hana. Ba koenehileng Bokresteng ba ne ba tla e khomarela. E le ka liphello life ho sehlopha seo sa bobeli? Bukeng ea ho qetela ea Bibele, “tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo,” re bala ka ba sa tšoaneloeng ke bophelo bo sa feleng ’Musong oa Molimo: “Kantle ho tla sala lintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang melimo ea bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.”—Tšenolo 1:1; 22:15.

6 Ka baka la bohlokoa ba eona, re lokela ho tseba moo khopolo ena ea Boraro-bo-bong e simolohileng teng le hore na e simolohile hobane’ng. Ke mang ea hlileng a e hlohlelletsang? Boithuto ba kajeno ba Bibele bo re’ng ka eona? Empa pele re buisana ka litaba tsena, a re ke re hlahlobeng ka ho eketsehileng seo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ka bolona le se buang.—2 Timothea 3:16, 17.

Hase ‘Molimo Mora’ empa “Mora oa Molimo”

7. Ho ithuta Bibele ka mokhoa o hlokang leeme ho senola eng ka Jesu?

7 Ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela hore ke Molimo o matla ’ohle ka booona. Ho baloa hofe kapa hofe ha Bibele ka mokhoa o hlokang leeme le o se nang likhopolo tseo motho a seng a ntse a entse liqeto ka tsona mabapi le Boraro-bo-bong ho tla netefatsa hoo. Ka mohlala, ho Johanne 3:16, Jesu o itse: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.” Litemana tse peli feela hamorao, Jesu a boela a re e ne e le “Mor’a Molimo ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:18) Ha Bajode ba qosa Jesu ka hore oa nyefola, a arabela: “Ha e le ’na ea halalelitsoeng, ea romiloeng lefatšeng ke Ntate, le ka bolela joang, la re, kea nyefola, ha ke itse, ke Mora oa Molimo?” (Johanne 10:36) Jesu ha aa ka a re e ne e le ‘Molimo Mora’ empa a re e ne e le “Mora oa Molimo.”

8. Molaoli oa lekholo le ba neng ba e-na le eena ba fane ka bopaki bofe?

8 Ha Jesu a e-shoa, esita le masole a Baroma a neng a eme pel’a hae a ile a tseba hore Jesu e ne e se Molimo: “Molaoli oa lekholo, le ba nang le eena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tšisinyeho ea lefatše le tse hlahileng, ba tšoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora oa Molimo ruri.” (Mattheu 27:54) Ha baa ka ba re, ‘enoa e ne e le Molimo’ kapa ‘enoa e ne e le Molimo Mora,’ hobane Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba rutile hore Jesu e ne e le Mora oa Molimo, e seng Molimo o Matla ’Ohle o le sebopehong sa botho.

9, 10. Ke bopaki bofe bo matla bo fanoeng Litlalehong tsa Melaetsa ka kamano e teng pakeng tsa Molimo le Jesu?

9 Molimo ka booona o ile oa paka hore Jesu e ne e le Mora oa oona ea ratoang, joalokaha mongoli oa Bibele Mattheu a boletse ha Jesu a kolobetsoa. (Mattheu 3:17) Bangoli ba bang ba Bibele ba boletse ho tšoanang. Mareka o ngotse: “’Me lentsoe le tsoang maholimong la utloahala, la re: Ke uena Mora oa ka, ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mareka 1:11) Luka o itse: “’Me lentsoe le tsoang leholimong, la re: U Mor’a ka ea ratoang; ke khahlisoa ke uena.” (Luka 3:22) ’Me Johanne Mokolobetsi, ea kolobelitseng Jesu, o ile a paka: “Ke pakile hore enoa [Jesu] ke Mor’a Molimo.” (Johanne 1:34) Kahoo Molimo ka booona, bangoli bohle ba bane ba Litlaleho tsa Melaetsa, le Johanne Mokolobetsi ba bolela ka ho hlaka hore Jesu e ne e le Mora oa Molimo. Hape nakoana hamorao, ponahalong ea Jesu e khanyang, ha etsahala ntho e tšoanang: “Lentsoe [la Molimo] la tsoa lerung, la re: ‘Enoa ke Mora oa ka eo ke mo khethileng; mo mameleng!’”—Luka 9:35, TLP.

10 Litlalehong tsena, na Molimo o ne o re oona e ne e le mora oa oona, hore o ne o ithōmile, le hore o ne o ikhahlisitse? Che, Molimo Ntate, ’Mōpi, o ne o bolela hore o ne o rōmile Mora oa oona Jesu, motho ea fapaneng, ho etsa mosebetsi oa Molimo. Kahoo, hohle Mangolong a Segerike polelo “Mora oa Molimo” e sebelisoa ho supa Jesu. Empa ha ho lekhetlo le le leng leo ka lona re bonang polelo ‘Molimo Mora,’ hobane Jesu e ne e se Molimo o matla ’ohle. E ne e le Mora oa Molimo. Ke batho ba babeli ba fapaneng, ’me ha ho “sephiri” sa thuto ea bolumeli se ka fetolang ’nete eo.

Ntate o Kaholimo ho Mora

11. Jesu o ile a bontša joang hore Molimo o ne o le kaholimo ho eena?

11 Jesu o ne a tseba hore o ne a sa lekane le Ntate oa hae empa hore o ne a le boemong bo katlaase ka litsela tsohle. O ne a tseba hore e ne e le Mora ea ratoang ea neng a e-na le lerato le tebileng bakeng sa Ntate oa hae. Ke ka lona lebaka leo, nako le nako, Jesu a buang lipolelo tse kang e latelang: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae.” (Johanne 5:19) “Hobane ke theohile leholimong, e seng ho etsa ho ratoang ke ’na, empa e le ho etsa ho ratoang ke ea nthomileng.” (Johanne 6:38) “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng.” (Johanne 7:16) “Empa ’na kea [Molimo] mo tseba, kahobane ke tsoa ho eena, ’me ke romiloe ke eena.” (Johanne 7:29) Ea rōmang ke eena ea kaholimo. Ea rongoang ke ea tlaasana, mohlanka. Molimo ke oona o rōmang. Jesu ke eena ea rongoang. Hase ntho e le ’ngoe. Joalokaha Jesu a ho bontšitse: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae, le lenģosa ha le leholo ho ea le romileng.”—Johanne 13:16.

12. Ke setšoantšo sefe se bontšang boemo ba Jesu bo tlaasana ho ba Ntat’ae?

12 Sena se boetse se hlakisoa setšoantšong seo Jesu a faneng ka sona. O tšoantšitse Ntate oa hae, Jehova Molimo, le mong’a tšimo ea merara ea ileng a etela hōle ’me a siea tšimo e le matsohong a balemi—bao ka ho hlakileng ba tšoantšetsang baruti ba Bajode. Kamor’a nako, mong’a tšimo a rōmela mohlanka ho ea lata tse ling tsa litholoana tsa tšimo ea merara, empa balemi ba otla mohlanka eo ’me ba mo khutlisa a se na letho. Eaba mong’a tšimo o rōmela mohlanka oa bobeli, ’me ha etsahala ntho e tšoanang. A rōmela mohlanka oa boraro, ea ileng a tšoaroa ka mokhoa o tšoanang. Joale mong’a tšimo (Molimo) a re: “Ke tla roma mora oa ka [Jesu], eo ke mo ratang; ha ba ’mona, ekaba ba tla mo hlonepha.” Empa balemi ba silafetseng ba re: “Enoa ke mojalefa; tlong, re ’molaeeng, lefa e tle e be la rōna. Eitse hobane ba mo lahlele ka ntle ho tšimo ea merara, ba ’molaea.” (Luka 20:9-16) Hape, sena se hlakisa hore Jesu o katlaase ho Ntate, o rometsoe ke Ntate ho etsa thato ea Ntate.

13. Ke lipolelo life tsa Bibele tse hlakileng tse bontšang hore Molimo o ne o le kaholimo ho Jesu?

13 Jesu ka boeena o itse: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Re lokela ho kholoa Jesu, hobane ka sebele o ne a tseba ’nete ka kamano ea hae le Ntate oa hae. Moapostola Pauluse le eena o ne a tseba hore Molimo o ne o le kaholimo ho Jesu, ’me o itse: “Mora [Jesu] ka boeena le eena o tla ipea katlaase ho . . . Molimo.” (1 Ba-Korinthe 15:28, NW) Hona ho bonoa hape polelong ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 11:3: “Hloho ea Kreste ke Molimo.” Jesu o ile a lumela hore o ne a e-na le Molimo o neng o le kaholimo ho eena ha a re ho barutuoa ba hae: “Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.”—Johanne 20:17.

14. Mangolo a mang a bontšang hore Jesu e ne e se Molimo o matla ’ohle ke afe?

14 Jesu o boletse kamoo Molimo o neng o le kaholimo ho eena kateng ha ’mè oa barutuoa ba babeli a kōpa hore bara ba hae ba lule e mong ka letsohong le letona ha e mong a le ka ho le letšehali ha a fihla ’musong oa hae. O ile a arabela: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona.” (Mattheu 20:23, TLP) Haeba Jesu e ne e le Molimo o matla ’ohle, e ka be e bile eena ea fanang ka hona. Empa e ne e se eena. E ne e le Ntat’ae ea ka fanang ka hona. Ka ho tšoanang, ha a tlaleha boprofeta ba hae ka qetello ea tsamaiso ena ea lintho, Jesu a bolela hore: “Ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela.” (Mareka 13:32) Haeba Jesu e ne e le Molimo o Matla ’Ohle, a ka be a tsebile letsatsi leo le hora eo. Empa o ne a sa li tsebe hobane e ne e se Molimo o Tsebang Tsohle. E ne e le Mora oa Molimo ’me o ne a sa tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntate oa hae a e tsebang.

15. Ha Jesu a le makhatheng a lefu, o ile a bontša ho ipea katlaase ho Molimo joang?

15 Ha Jesu a le makhatheng a lefu, o ile a bontša ho ba katlaase ho Ntate oa hae ha a rapela: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka! empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.” (Luka 22:42) Jesu o ne a rapela mang? Na o ne a ithapela? Che, o ne a rapela Ntate oa hae ea leholimong. Sena se bontšoa ka ho hlaka ke ha a re: “Ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.” ’Me hape, lefung la hae, Jesu a bokolla: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng na?” (Mareka 15:34) Jesu o ne a bokollela mang? Na o ne a ipokollela? Che, o ne a bokollela Ntate oa hae ea neng a le leholimong.

16. Lefu la Jesu le tsoho ea hae li bontša joang hore e ne e ke ke ea e-ba Molimo o matla ’ohle ka booona?

16 Kamor’a hore Jesu a shoe, o bile lebitleng ka matsatsi a ka bang mararo. Ke mang ea ileng a mo tsosa? Kaha o ne a shoele, o ne a ke ke a itsosa. ’Me haeba a ne a hlile a sa shoa, joale a ka be a sa lefa topollo bakeng sa sebe sa Adama. Empa o ile a shoa, ’me o ne a le sieo ka matsatsi a ka bang mararo. Moapostola Petrose o re bolella hore na ke mang ea ileng a tsosa Jesu: “Molimo o mo tsositse, oa mo lokolla litlamong tsa lefu.” (Liketso 2:24) Ea kaholimo, Molimo o Matla ’Ohle, o ile a tsosa ea tlaasana, Mora oa hae ea ratoang, Jesu, bafung. Ho etsa setšoantšo: Ha Jesu a tsosa Lazaro bafung, ke mang ea neng a phahametse e mong? Jesu o ne a le kaholimo, kaha o ne a ka khutlisa Lazaro bafung. (Johanne 11:41-44) E ne e le ntho e tšoanang le ha Molimo o tsosa Jesu. Molimo o ne o le kaholimo, kaha o ne o ka khutlisa Jesu bafung.

17. Ho na le bopaki bofe bo bong bo bontšang hore Jesu e ne e se Molimo?

17 Jesu e ne e ke ke ea e-ba Molimo ka booona, hobane Jesu o bōpiloe ke Molimo. Hlokomela kamoo Emphatic Diaglott ea Benjamin Wilson e fetolelang Apocalypse (Tšenolo khaolo ea 3, temana ea 14: “Lintho tsena ho rialo Amen, ea tšepahalang le paki ea ’nete [Jesu], qalo ea pōpo ea Molimo.” Ka ho tšoanang, Ba-Kolosse 1:15, 16 e re ka Jesu: “Ke eena e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng. Hobane ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng . . . Tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena.” Kahoo leholimong Molimo o matla ’ohle o bōpile Mora oa oona ka ho toba eaba joale ‘ho sebelisoa eena,’ kapa “ka eena,” oa bōpa lintho tse ling, feela joalokaha ramosebetsi ea hloahloa a ka ’na a etsa hore mohiruoa ea koetlisitsoeng a mo etsetse mosebetsi. Lintho tse bōpiloeng ‘ho sebelisoa eena’ li ne li sa akarelletse Jesu ka eena, hobane Molimo o ne o se o ntse o ’mōpile. Ke ka hona a bitsoang “letsibolo,” “ea tsoetsoeng a ’notši.” Ha ngoana e le letsibolo, ea tsoetsoeng a ’notši, ha ho mohla hoo ho bolelang hore ngoana eo ke ntho e le ’ngoe le ntat’ae. Kamehla hoo ho bolela hore ho ameha batho ba babeli ba fapaneng, ntate le ngoana.

Moea o Halalelang—Motho kapa Matla a Sebetsang?

18. Bibele e ruta eng mabapi le moea o halalelang?

18 Ho thoe’ng ka ho nkoang e le motho oa Boraro oa boraro-bo-bong, moea o halalelang, o boleloang o lekana le Ntate le Mora ka matla, kaheho, le bosafeleng? Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo moea o halalelang o boleloang o lekana le Molimo le Kreste. Ka mohlala, ketsahalong ea kolobetso ea Kreste, Mareka 1:10 e bontša hore moea o halalelang o ile oa theohela ho Jesu “o ka leeba,” e seng ka sebopeho sa botho. Moea o halalelang e ne e se motho e mong ea theohelang holim’a Jesu empa e ne e le matla a Molimo a sebetsang. Matla ao a tsoang ho Molimo a ile a etsa hore Jesu a khone ho folisa ba kulang le ho tsosa bafu. Joalokaha Luka 5:17 e bolela ho Diaglott: “Matla a Maholo a Morena [Molimo] a ne a le holim’a hae [Jesu] hore a phekole.” Hamorao, ka Pentekonta, baapostola ba ile ba neoa matla a tsoang ho Molimo hore ba folise ba kulang le ho tsosa bafu. Na seo se ile sa ba etsa karolo ea ‘molimo o mong’? Che, ba ne ba mpa ba neiloe matla a tsoang ho Molimo, ka Kreste, ho etsa seo ka tloaelo batho ba neng ba ke ke ba se etsa.

19. Ke hobane’ng ha moea o halalelang e ke ke ea e-ba motho oa Boraro oa boraro-bo-bong?

19 Matla ’ona ao a sebetsang a boletsoe ho Ba-Efese 5:18, moo Pauluse a lemosang: “Le mpe le tlale Moea.” Ka ho tšoanang, Liketso 7:55 e bolela hore Setefane “a tlala Moea o Halalelang.” Hape ka Pentekonta, balateli ba Jesu “kaofela ba tlala moea o halalelang.” (Liketso 2:4, NW) Na motho a ka tlala motho e mong? Che, empa a ka tlatsoa matla a tsoang ho Molimo. Moea oo o halalelang ke ’ona matla ao Molimo o ileng oa a sebelisa ho bōpa bokahohle. Ho joalokaha Genese 1:2 (NW) e re: “Matla a Molimo a sebetsang a ne a ea pele le morao holim’a metsi.”

20. Setefane o bone pono efe e pakang ka ho eketsehileng hore boraro-bo-bong hase ’nete?

20 Kamor’a hore Jesu a tsosoe, Setefane o ile a ba le pono ka leholimo ’me “a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:55) Kahona, batho ba babeli ba arohaneng ba ne ba bonoa ka ho hlaka leholimong: (1) Molimo le (2) Jesu Kreste ea tsositsoeng. Ha ho moea o halalelang o boleloang ponong ena hobane e ne e se motho leha e le ofe oa boraro ho Boraro-bo-bong. Moea o halalelang, e leng matla a Molimo a sebetsang, o ne o tla hlaha ho Molimo empa e se boleng bo kathōko. Ke ka hona Setefane a boneng batho ba babeli feela, e seng ba bararo.

21, 22. (a) Encyclopedia e ’ngoe ea bolumeli e lumela eng ka moea o halalelang? (b) Sehlooho sa rōna se latelang se tla akarelletsa lintlha life?

21 Mabapi le moea o halalelang, New Catholic Encyclopedia e lumela hore: “Ka ho hlakileng Testamente ea Khale ha e talime moea oa Molimo e le motho, kapa ka kutloisiso eo e hlileng e leng ea bofilosofi, kapa ka kutloisiso ea Sejode. Moea oa Molimo e mpa e le matla a Molimo. Haeba ka linako tse ling o hlalosoa e le o arohaneng le Molimo, ke kahobane phefumoloho ea Yahweh e sebetsa e le kantle ho eena.” Hape e bolela hore: “Boholo ba litemana tsa Testamente e Ncha li senola moea oa Molimo e le ntho e ’ngoe, e seng motho e mong; hona ho bonoa haholo-holo papisong ea moea le matla a Molimo.”

22 Ha re talima linnete tsena kaofela, thuto ena ea “mantlha” ea Boraro-bo-bong ea Bokreste-’mōtoana e ke ke ea e-ba ’nete. Lentsoe la Molimo ka bolona le hanyetsa polelo e joalo. Le bontša ka ho hlaka hore Jehova Molimo ke Ntate ea lerato le hore Jesu Kreste ke Mora oa hae ea ratoang, Mora ea neng a rata Ntate oa hae hoo a neng a utloisisa ho bontša kutlo ho isa lefung. Leha ho le joalo, ba bang ba phea khang ea hore ho na le mangolo a mang a bonahalang a tšehetsa Boraro-bo-bong, kahoo sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba a mang a ’ona. Hape, re tla buisana ka hore na ke hobane’ng ha thuto ena e fetohile karolo ea bohlokoa hakana ea Bokreste-’mōtoana le hore na e simolohile hokae.

U Ne U Tla Arabela Joang?

◻ Bibele e ruta eng ka Molimo le ka Jesu?

◻ Mangolo a bontša kamano ea Ntate le Mora joang?

◻ Ke Mangolo afe a bontšang hore Molimo o kaholimo ho Jesu?

◻ Ke hobane’ng ha moea o halalelang e se karolo ea Boraro-bo-bong?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Jesu o ile a phatlalatsa: “Ntate o moholo ho ’na”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela