Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1993 | August 1
    • Hlokomela hore Mattheu o khetholla Johanne e le “Mokolobetsi.” Mattheu eo ka ho totobetseng a neng a entse hore tlaleho ea hae e lokele Bajode, o tlameha a ne a ikutloa hore Bajode ba ne ba tla tseba hore na “Mokolobetsi” e ne e le mang. O sebelisitse “Mokolobetsi” joaloka fane. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba sebelisa lentsoe “Johanne Mokolobetsi,” joalokaha ho entse bahlanka ba Heroda.a—Mattheu 11:11, 12; 14:2; 16:14.

      Morutuoa Mareka o tlaleha tšebeliso e tšoanang ea “Mokolobetsi.” (Mareka 6:25; 8:28) Empa ha a tsebisa ba bang Johanne, Mareka o ile a ’mitsa “Johanne ea kolobetsang [baptizer].” (Mareka 1:4, NW) Segerike se sebelisitsoeng ho Mareka 1:4 se fapana hanyenyane ho se litemaneng tse ling. Hape Mareka 1:4 (NW) e ka boetse ea fetoleloa e le “ea kolobetsang [the baptizing one].” Mareka o ne a totobatsa seo Johanne a neng a se etsa; ke eena ea neng a kolobetsa, ke eena ea kolobetsang.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1993 | August 1
    • a Rahistori oa Mojode Flavius Josephus o ile a ngola ka “Johanne, ea filoeng fane ea Mokolobetsi.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela