Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 45 leq. 114-leq. 115 ser. 2
  • O Matla ho Feta Bademona ba Bangata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Matla ho Feta Bademona ba Bangata
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • O Nka Matla a ho Etsa Mehlolo Kae?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 45 leq. 114-leq. 115 ser. 2
Monna ea kenoeng ke bademona o tla ho Jesu

KHAOLO EA 45

Jesu o Matla ho Feta Bademona ba Bangata

MATHEU 8:​28-34 MAREKA 5:​1-20 LUKA 8:​26-39

  • JESU O LELEKELLA BADEMONA LIKOLOBENG

Ka mor’a hore barutuoa ba pholohe ha ba ne ba le matjaleng leoatleng, ba fihla lebopong ’me moo ba bona ntho e sisimosang. Banna ba babeli ba tšabehang, bao ka bobeli ba kenoeng ke bademona, ba hlaha mabitleng ’me ba mathela ho Jesu. Leha ho le joalo, ke monna a le mong feela eo ho buuoang ka eena haholo, mohlomong hobane a le mabifi ho feta e mong, hape a bile taolong ea bademona ka nako e teletsana.

E se e le nako monna enoa ea otlang pelo a lelera a se na le khoele thekeng. Bosiu le motšehare o lula a “hoeletsa a sa khaotse mabitleng le lithabeng ’me a itšeha ka majoe.” (Mareka 5:5) O mabifi hoo batho ba tšabang ho tsamaella pel’a hae. Ba bang ba lekile ho mo fasa, empa liketane tseo ba mo tlamang ka tsona o li khaola likoto. Ha ho na motho ea nang le matla a ho mo laola.

Ha monna enoa a fihla ho Jesu ’me a itihela maotong a hae, bademona ba keneng ho eena ba etsa hore a hoelehetse a re: “Taba ea ka le uena ke efe, Jesu, Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa? Ke u hlapantša ka Molimo hore u se ke oa ntlhokofatsa.” Joale Jesu oa bontša hore o na le matla a ho laela bademona ha a re: “Tsoa ho monna eo, uena moea o sa hloekang.”​—Mareka 5:​7, 8.

Jesu o re ho modemona enoa: “Lebitso la hao u mang?” Modemona enoa o araba ka ho re: “Lebitso la ka ke Legione, hobane re bangata.” Hantle-ntle monna enoa ha aa kenoa ke modemona a le mong empa o kenoe ke ba bangata. (Mareka 5:9) Masole a baloang ka likete a Roma a bitsoa legione, kahoo bademona ba bangata ba ikentse khokanyan’a phiri hore ba inyakalatse ka ho bakela monna enoa mahlomola. Ba kopa Jesu hore “a se ke a ba laela hore ba tlohe ba ee ka mohohlong.” Baa tseba hore na ho tl’o etsahala’ng ka bona le moeta-pele oa bona Satane.​—Luka 8:31.

Mohlape oa likolobe o mathela selomong ’me o oela ka leoatleng

Ho na le likolobe tse ka bang 2 000 tse ntseng li fula haufi le moo. Ho latela molao oa Moshe, liphoofolo tsena ha lia hloeka ebile Bajuda ha baa lokela ho li rua. Bademona ba re ho Jesu: “Re romele likolobeng, e le hore re ka kena ho tsona.” (Mareka 5:​12) Jesu o re ba tsoe ’me ba kene likolobeng tseo. Kahoo likolobe tsena tse 2 000 li mathela selomong li hatana holimo ’me li oela ka leoatleng.

Ha balisana ba likolobe tsena ba bona se etsahetseng, ba mathela motseng le libakeng tse haufi e le hore ba ka phetela batho seo ba se boneng. Ntho ena e etsahetseng ke sebonoang se bonoa ke bohle. Ha batho ba fihla, baa elelloa hore monna ea neng a e-na le bademona o se a phetse hantle ’me ha a sa itšoara joaloka motho ea lahlehetsoeng ke kelello. Ba makatsoa ke ho bona monna enoa a se a apere ’me a lutse maotong a Jesu.

Jesu o bolella monna ea neng a e-⁠na le bademona hore a il’o phetela baahisane le beng ka eena ka kamoo Jesu a mo phekotseng

Batho ba utloelang ka sena le ba bonang monna enoa ba otloa ke letsoalo, ba tšoha hore Jesu o tla tloha a etsa ntho e se kaa ka letho. Kahoo ba leleka Jesu sebakeng sena. Ha Jesu a kena sekepeng a tsamaea, monna ea neng a e-na le bademona o kopa ho tsamaea le eena. Leha ho le joalo, Jesu o re ho eena: “E-ea lapeng ho beng ka uena, ’me u ba tlalehele lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona le mohau oo a o bontšitseng oona.”​—Mareka 5:19.

Jesu o lula a re batho bao a ba phekotseng ba se ke ba bolella ba bang hobane a sa batle hore ba ee le khongoana holimo ka lebaka la lipale tseo ba li phetetsoeng ka eena tse hapang maikutlo. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, monna enoa ea neng a e-na le bademona a ka fana ka bopaki bo hlakileng ho bontša hore Jesu o na le matla. A ka phetela batho bao Jesu a sa khoneng ho fihla ho bona se etsahetseng. Mohlomong bopaki boo a ka fanang ka bona bo ka etsa hore batho ba hlakeloe hore na hantle-ntle ho etsahetse’ng ha likolobe tsane tse likete li tla qoela leoatleng. Kahoo monna enoa oa tsamaea ’me o phatlalatsa seo Jesu a mo etselitseng sona ho batho ba Dekapolise.

  • Ke hobane’ng ha ho buuoa haholo ka monna a le mong ea neng a e-na le bademona le hoja ba ne ba le babeli?

  • Ke’ng seo bademona ba se tsebang ka bokamoso ba bona?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a re monna ea neng a e-na le bademona a bolelle ba bang se etsahetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela