Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/06 leq. 1
  • ‘Ntatele U sa Khaotse’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ntatele U sa Khaotse’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Itela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho se Hlole re Iphelela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Etsisa Jesu ka Hore U Itelle Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Latela Jesu ka ho Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 5/06 leq. 1

‘Ntatele U sa Khaotse’

1 Batho ba bangata ba phelela ho ikhahlisa, empa hangata ha baa thaba. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a khothalletsa ho fana ka seatla se bulehileng le ho tlisang thabo ea sebele. (Lik. 20:35) O itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me . . . a ntatele a sa khaotse.” (Mar. 8:34) Sena se akarelletsa ho fetang hore nako le nako motho a itime menate e itseng. Se bolela ho phelela ho khahlisa Jehova letsatsi le letsatsi, eseng ho ikhahlisa.—Bar. 14:8; 15:3.

2 Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ka lebaka la “bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu,” Pauluse o ile a tlohela ho lelekisa lintho tseo a neng a li lakatsa ’me a inehela ho ntšetseng pele lintho tse amanang le ’Muso. (Bafil. 3:7, 8) O ile a re: “Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng,” bakeng sa ba bang. (2 Bakor. 12:15) Kaofela ha rōna re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke sebelisa nako ea ka, matla, tsebo le matlotlo joang? Na ke behile mohopolo tabeng ea ho ntšetsa pele lintho tseo ke li thahasellang, kapa na ke batla ho khahlisa Jehova?’

3 Menyetla ea ho Fana: Selemo le selemo batho ba Molimo ba qeta lihora tse fetang limilione tse sekete mosebetsing o pholosang bophelo oa ho bolela ka ’Muso. Ka phuthehong, ba banyenyane le ba baholo ba phetha likabelo tse sa tšoaneng tse ruisang ba bang molemo. Hape ho na le mosebetsi o mongata o etsoang likopanong tse nyenyane le tse khōlō hammoho le kahong le tokisong ea mehaho e sebelisoang bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Nahana le ka thuso e lerato ea barab’abo rōna ba sebeletsang Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele le Lihlopheng Tse Etelang Bakuli. Mosebetsi oo oohle o etsoang ka boitelo ke tlhohonolofatso mokhatlong oa barab’abo rōna ba Bakreste!—Pes. 110:3.

4 Menyetla ea ho ithaopela ho thusa ka litsela tse sa tšoaneng e ka hlaha ha ho e-ba le koluoa kapa boemo ba tšohanyetso. Leha ho le joalo, hangata re ka ’na ra hlokomela feela hore Mokreste-’moho le rōna o hloka thuso kapa khothatso. (Liprov. 17:17) Ha re ikemisetsa ho sebeletsa ba bang ’me re ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso, re latela mohlala oa Jesu. (Bafil. 2:5-8) E se eka re ka loanela ho etsa joalo re sa khaotse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela