-
“U be Molateli oa ka”—Jesu o ne a Bolela’ng?‘Tloo U be Molateli oa Ka’
-
-
Khaolo ea 1
“U be Molateli oa ka”—Jesu o ne a Bolela’ng?
1, 2. Ke memo efe e ikhethang ka ho fetisisa eo motho a ka e fuoang, hona re ka ’na ra ipotsa potso efe?
KE MEMO efe e ikhethang ka ho fetisisa eo u kileng ua e fumana? U ka ’na ua nahana ka nako eo u neng u memeloa ketsahalong e itseng e khethehileng, mohlomong lechatong la batho bao u ba ratang haholo. Kapa u ka ’na ua hopola mohla u neng u memeloa ho etsa mosebetsi o itseng oa bohlokoa. Haeba u kile ua fuoa memo e joalo, ha ho pelaelo hore u ile ua thaba, ua ba ua ikutloa u le motlotlo. Empa ’nete ke hore u fuoe memo e ’ngoe ea bohlokoa ho feta eo hōle. E mong le e mong oa rōna o fuoe memo eo. Tsela eo re khethang ho arabela memo eo ka eona e re ama ka ho teba. Ke khetho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re tlang ho e etsa bophelong.
2 Ke memo ea eng? Ke memo e tsoang ho Jesu Kreste, e leng Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, ’me e tlalehiloe ka Bibeleng. Ho Mareka 10:21, re bala mantsoe a Jesu a reng: ‘Tloo u be molateli oa ka.’ Ha e le hantle, eo ke memo eo Jesu a memang e mong le e mong oa rōna ka eona. Re lokela ho ipotsa, ‘Ke tla arabela memong ee joang?’ Ho ka ’na ha bonahala eka ho bonolo ho araba potso eo. Ke mang ea ka hanang ho amohela memo e thabisang joalo? Ho makatsang ke hore batho ba bangata ha ba e amohele. Hobane’ng?
3, 4. (a) Ke’ng eo batho ba ka ’nang ba e nka e lakatseha ka monna ea ileng a ea ho Jesu ho mo botsa ka taba ea bophelo bo sa feleng? (b) E ka ’na eaba Jesu o ile a bona litšobotsi life tse ntle ho ’musi eo e mocha ea ruileng?
3 Ka mohlala, nahana ka monna e mong ea ileng a fuoa memo eo ka ho toba lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. E ne e le motho ea hlomphehang haholo. Bonyane o ne a e-na le lintho tse tharo tseo batho ba atisang ho li nka li rateha, li bile li lakatseha—o ne a le mocha, a ruile a bile a e-na le matla a bolaoli. Tlaleho ea Bibele e re e ne e le “mohlankana,” “a ruile haholo,” ebile e le “’musi.” (Matheu 19:20; Luka 18:18, 23) Empa mohlankana enoa o ne a boetse a e-na le tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa. O ne a utloetse ka Mosuoe e Moholo, Jesu, ’me a ratile seo a se utloileng.
4 Babusi ba bangata ba mehleng eo ba ne ba sa fe Jesu tlhompho e mo tšoanetseng. (Johanne 7:48; 12:42) Empa ’musi enoa eena o ile a etsa se fapaneng. Bibele e re: “Eare ha [Jesu] a tsamaea, monna ea itseng a matha ’me a oa ka mangole ka pel’a hae a mo botsa potso ena: ‘Mosuoe ea Molemo, ke etse’ng hore ke rue bophelo bo sa feleng?’” (Mareka 10:17) Hlokomela kamoo monna enoa a neng a chesehela ho bua le Jesu kateng, o mo mathela pooaneng, ka tsela eo e ka ’nang eaba mafutsana le batho ba bang ba maemo a tlaase le bona ba ne ba mo mathela ka eona. Ho feta moo, o khumama ka tlhompho ka pel’a Kreste. Kahoo, o ne a ikokobelitse ka tsela e itseng a bile a ela hloko hore ho na le seo a se hlokang moeeng. Jesu o ile a ananela litšobotsi tseo tse ntle. (Matheu 5:3; 18:4) Ha ho makatse hore ebe ‘Jesu o ile a mo sheba ’me a ikutloa a mo rata.’ (Mareka 10:21) Jesu o ile a re’ng ha a araba potso ea mohlankana eo?
Memo e Ikhethang
5. Jesu o ile a re’ng ha a arabela mohlankana ea ruileng, hona re tseba joang hore “ntho e le ’ngoe” e haellang e ne e se hore e be mofutsana? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
5 Jesu o ile a bontša hore Ntate oa hae o ne a se a ntse a fane ka boitsebiso tabeng ea bohlokoa e mabapi le ho fumana bophelo bo sa feleng. O ile a qotsa Mangolo, ’me mohlankana eo a tiisa hore o latela Molao oa Moshe ka botšepehi. Empa kaha Jesu o na le temohisiso e ikhethang, o ile a hlokomela ntlha e ’ngoe e tebileng. (Johanne 2:25) O ile a hlokomela hore ’musi enoa o na le bothata bo itseng bo tebileng moeeng. Kahoo, Jesu o ile a re: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena.” Ke efe “ntho e le ’ngoe” e neng e haella? Jesu o ile a re: “E-ea, u rekise lintho tseo u nang le tsona ’me u fe mafutsana.” (Mareka 10:21) Na Jesu o ne a bolela hore motho e lokela ho ba mofutsana e le hore a sebeletse Molimo? Che.a Kreste o ne a senola ntlha e ’ngoe ea bohlokoa haholo.
6. Jesu o ile a fana ka memo efe, hona tsela eo ’musi e mocha ea ruileng a ileng a arabela ka eona e senola eng ka se neng se le pelong ea hae?
6 Ho senola se neng se haella, Jesu o ile a fa monna eo monyetla o babatsehang, a re: ‘Tloo u be molateli oa ka.’ Ak’u nahane feela—Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o mema monna eo ba shebane mahlong, hore a mo latele! Jesu o ile a boela a mo tšepisa moputso o ke keng oa lekanngoa. O ile a re: “U tla ba le letlotlo leholimong.” Na ’musi e mocha ea ruileng o ile a amohela memo eo e babatsehang hona hoo? Tlaleho e re: “A nyahamisoa ke polelo eo ’me a tloha a saretsoe, kaha o ne a e-na le matlotlo a mangata.” (Mareka 10:21, 22) Kahoo mantsoe ao a Jesu ao mohlankana enoa a neng a sa a lebella a ile a senola bothata bo neng bo le teng pelong ea hae. O ne a rata matlotlo a hae haholo, ’me ha ho potang hore o ne a bile a rata matla le botumo boo a mo tlisetsang bona. Ka masoabi, lerato leo a neng a rata lintho tseo ka lona le ne le le matla ho feta leo a neng a rata Kreste ka lona. Kahoo “ntho e le ’ngoe” e neng e haella e ne e le ho rata Jesu le Jehova ka pelo eohle le ka boitelo. Kaha mohlankana eo o ne a se na lerato leo, ha aa ka a amohela memo eo e ikhethang! Joale uena u ameha joang?
7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore memo ea Jesu ea re akarelletsa le rōna kajeno?
7 Memo ea Jesu e ne e sa lebisoa ho mohlankana eo feela, ebile e ne e sa lebisoa ho batho ba itseng feela ba seng bakae. Jesu o ile a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a . . . ntatele a sa khaotse.” (Luka 9:23) Hlokomela hore “mang kapa mang” e ka ba molateli oa Kreste hafeela “a batla.” Molimo o hulela ba tšepahalang ho Mora oa hae. (Johanne 6:44) Monyetla ona oa ho amohela memo ea Jesu ha o fuoe barui kapa mafutsana feela, batho ba morabe o itseng kapa ba sechaba se itseng feela, kapa ba neng ba phela mehleng eo, empa o fuoa bohle. Kahoo mantsoe a Jesu a reng ‘Tloo u be molateli oa ka’ ha e le hantle a lebisitsoe ho uena. Ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho ba molateli oa Kreste? Hona ho mo latela ho akarelletsa eng?
-
-
“U be Molateli oa ka”—Jesu o ne a Bolela’ng?‘Tloo U be Molateli oa Ka’
-
-
a Jesu ha aa ka a re motho e mong le e mong ea mo latelang a tele lintho tsohle tseo a nang le tsona. Le hoja a ile a bolela kamoo ho leng thata kateng hore morui a kene ’Musong oa Molimo, o ile a phaella ka ho re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mareka 10:23, 27) Ha e le hantle, barui ba ’maloa e ile ea e-ba balateli ba Kreste. Ba ile ba fuoa keletso e tobileng ka phuthehong ea Bokreste, empa ha baa ka ba kōpuoa hore ba fe mafutsana maruo ’ohle a bona.—1 Timothea 6:17.
-