Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Jesu o etsa papiso e ’ngoe ka mor’a eo. Lekhetlong lena, Jesu o bontša hore ho se natse ho sebeletsa Molimo ha baeta-pele ba bolumeli ho tebile ho feta kamoo ho bonahalang kateng. Ha e le hantle ba khopo. Jesu o re: “Motho e mong o ile a lema serapa sa morara, ’me a etsa motero ho se potoloha, eaba o cheka sekhakeletsi sa sehatelo sa veine ’me o emisa tora, eaba o se hirisetsa balemi, ’me o etela hole. Joale ka nako e loketseng a romela lekhoba ho balemi, e le hore a ka fumana tse ling tsa litholoana tsa serapa sa morara ho balemi. Empa ba le nka, ba le khakhatha ’me ba le khutlisa le se na letho. Eaba o boetse o roma lekhoba le leng ho bona, ’me lona ba le otla hloohong ’me ba le hlompholla. Eaba o roma le leng, ’me lona ba le bolaea, le a mang a mangata, ao a mang a ’ona ba ileng ba a khakhatha ’me a mang a ’ona ba a bolaea.”​—Mareka 12:​1-5.

      Na batho ba mametseng papiso ea Jesu ba tla e utloisisa? Ba ka ’na ba hopola mantsoe a Esaia ha a ne a nyatsa a re: “Serapa sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata. O ile a ’na a lebella kahlolo, empa, bonang! tlolo ea molao.” (Esaia 5:7) Papiso ea Jesu e tšoana le ena. Mong’a tšimo ke Jehova, ’me serapa sa morara ke sechaba sa Iseraele se kampetsoeng le ho sireletsoa ka Molao oa Molimo. Jehova o romme baprofeta hore ba rute batho ba hae le ho ba thusa ho hlahisa litholoana tse ntle.

  • Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Kahoo, baeta-pele bao ba bolumeli ba ikahlola ba sa hlokomele, kaha ke karolo ea sechaba sa Iseraele e leng “balemi” ba “tšimo ea morara” ea Jehova. Litholoana tseo ka tšoanelo Jehova a li lebeletseng ho balemi bao, li akarelletsa hore ba lumele ho Mora oa hae, Mesia. Jesu o sheba baeta-pele ba bolumeli, ’me o re: “Na ha le e-s’o ka le bala lengolo lee, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla, le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho. Le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong a rona’?” (Mareka 12:​10, 11) Joale, Jesu o hlalosa ntlha ea hae o re: “Ke ka lebaka lena ke reng ho lona, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lona ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.”​—Matheu 21:43.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela