Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Ananela Tšebeletso ea hao ea Moea Oohle
    Molula-Qhooa—1997 | October 15
    • 16. (a) Ho tlile joang hore Jesu a hlokomele monehelo oa mohlolohali oa mofutsana? (b) Lichelete tsa tšepe tsa mohlolohali e ne e le bokae?

      16 Matsatsi a seng makae hamorao, ka la 11 Nisane, Jesu o ile a qeta letsatsi le lelelele tempeleng, moo matla a hae a ileng a belaelloa ’me ka ho panya ha leihlo o ile a araba lipotso tse thata tse mabapi le makhetho, tsoho le litaba tse ling. Har’a lintho tseo a neng a nyatsa bangoli le Bafarisi ka tsona e ne e le ‘ho harola matlo a bahlolohali.’ (Mareka 12:40) Eaba Jesu o lula fatše, ka ho hlakileng ka Lekhotleng la Basali, moo, ho ea ka tloaelo ea Sejuda, ho neng ho e-na le matlole a polokelo ea matlotlo a 13. O ile a lula fatše ka nakoana, a shebeletse ka hloko ha batho ba ntse ba akhela menehelo ea bona. Barui ba bangata ba ile ba tla, mohlomong ba bang ba bonahala e le ba iketsang ba lokileng, ba bile ba tla ka boikakaso. (Bapisa le Matheu 6:2.) Jesu o ile a tsepamisa mahlo ho mosali e mong ea itseng. Mahlo a tloaelehileng a ka be a sa ka a hlokomela letho le ikhethang ka eena kapa ka mpho ea hae. Empa Jesu, ea neng a tseba lipelo tsa ba bang, o ne a tseba hore ke ‘mohlolohali oa mofutsana.’ Hape o ne a tseba hantle hore na mpho ea hae ke bokae—“licheletana tsa tšepe tse peli, tse nang le bohlokoa bo bonyenyane haholo.”b—Mareka 12:41, 42.

  • Jehova o Ananela Tšebeletso ea hao ea Moea Oohle
    Molula-Qhooa—1997 | October 15
    • b E ’ngoe le e ’ngoe ea lichelete tsena tsa tšepe e ne e le lepton, chelete ea tšepe ea Sejuda e neng e le nyenyane ka ho fetisisa ka nako eo. Li-lepton tse peli li ne li lekana le karolo e le ’ngoe ho tse 64 tsa moputso oa letsatsi. Ho latela Matheu 10:29, ka cheletana ea tšepe e bitsoang assarion (e lekanang le li-lepton tse robeli), motho o ne a ka reka lirobele tse peli, e leng e ’ngoe ea linonyana tse theko e tlaase ka ho fetisisa tse jeoang ke batho ba futsanehileng. Ka hona mohlolohali enoa ka sebele o ne a futsanehile, hobane o ne a e-na le halofo feela ea chelete e neng e hlokahala bakeng sa ho reka serobele se le seng, seo ho hang se sa lekaneng ho ja hanngoe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela