Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 6/1 leq. 18
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o isoa ho Kaifase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Isoa ho Anna, ’me Hamorao o Isoa ho Kaiafa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • “O Tšoaneloa ke Lefu”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 6/1 leq. 18

Re U Lome Tsebe?

Na ho na le ntho e itseng eo re ka ithutang eona ka moapostola Petrose tabeng ea hore o ile a ea lula le mosuhi oa matlalo pele a bolelloa hore a ee ho Korneliase?

▪ Tlaleho e ho Liketso e re Petrose o ile a lula “matsatsi a mangata . . . Jopa a e-na le Simone ea itseng, mosuhi oa matlalo,” ea neng a e-na le “ntlo pel’a leoatle.” (Liketso 9:43; 10:6) Bajuda ba ne ba nka mosebetsi oa mosuhi oa matlalo e le o sa hloekang le o eisehang. Talmud e ne e nka mosebetsi oa basuhi ba matlalo o le tlaase le ho feta oa ba bokellang bolokoe. Mosebetsi oa Simone o ne o etsa hore a lule a tšoara litopo tsa liphoofolo, e leng ho bolelang hore boholo ba nako o ne a lula a sa hloeka. (Levitike 5:2; 11:39) Ho latela mehloli e sa tšoaneng e buang ka taba ena, e ka ’na eaba Simone o ne a sebelisa metsi a leoatle ha a sebetsa ebile e ka ’na eaba moo a neng a sebeletsa teng e ne e le ho elella ka thōko ho motse hobane ho suoa matlalo “ho ne ho tsamaisana le letsuka le lebe.”

Ho sa tsotellehe sena, ho hlakile hore Petrose ha aa ka a ba le bothata ba ho lula le Simone. Sena se bontša hore mohlomong, Petrose o ne a ithutile ho se be le leeme le neng le atile ho Bajuda la ho nka batho ba bang ba sa hloeka, feela joalokaha Jesu a ne a ile a hana leeme le joalo.—Matheu 9:11; Luka 7:36-50.

Mantsoe a Jesu a reng “ke uena ea boletseng joalo” a bolela’ng?

▪ Ha Jesu a ne a laeloa ke Kaifase, moprista ea phahameng oa Mojuda, hore a bolele phatlalatsa hore na ke eena Kreste, Mora oa Molimo, Jesu o ile a re: “Ke uena ea boletseng joalo.” (Matheu 26:63, 64) O ne a bolela’ng?

Jesu o ne a sa leke ho qoba potso ea Kaifase. Ho bonahala polelo e reng “ke uena ea boletseng joalo” e ne e le maele a tloaelehileng a Sejuda a bontšang hore seo motho a se buileng ke ’nete. Ka mohlala, Talmud ea Jerusalema, e leng buka ea bolumeli ea Sejuda ea lekholong la bone la lilemo C.E., e bua ka monna e mong oa Mojuda eo ha a botsoa hore na rabi o shoele, a ileng a re: “U boletse joalo.” Polelo eo e ile ea nkoa e le mantsoe a tiisang hore rabi o fela a shoele.

Jesu o ne a tseba hore moprista ea phahameng o na le matla a ho mo hlapantša hore a bue ’nete. Ho feta moo, ho thōla ho ne ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore Jesu o ne a hana hore ke Kreste. Ka hona, ha Jesu a araba a re: “Ke uena ea boletseng joalo,” o ne a fana ka karabo e tiisang hore seo moprista ea phahameng a se buileng ke ’nete. Tlalehong ea Mareka, ha Kaifase a botsa Jesu ka ho toba hore na ke eena Mesia, ka sebete Jesu o ile a re: “Ke ’na.”—Mareka 14:62; bala hape le Matheu 26:25 le Mareka 15:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Fez, Morocco, moo ho suhuoang matlalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela